Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?

Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?

Khaolong ea 15

Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?

“Sekolong u kopana le liteko tse ngata—tse akarelletsang ho tsuba, lithethefatsi le boitšoaro ba ho kopanela liphate. Ua tseba hore seo bana ba bang ba batlang hore u se etse ke booatla. Empa ho fihla moo u utloang hore u khathetse ke ho ba lekoala.”—Eve.

KE TLHAHO ho batla ho amoheloa ke ba bang. Ke ka lebaka leo khatello ea lithaka e atlehang hakana. Ka mohlala, haeba u hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, ua tseba hore lintho tse kang ho kopanela liphate pele u kena lenyalong le ho noa haholo li fosahetse. (Bagalata 5:19-21) Empa ba bangata ho lithaka tsa hao, ba u khothalletsa hore u etse lintho tsena le bona. Na ba nahanne ka taba ee le ho iketsetsa qeto ea hore na ba batla ho etsa lintho tsee kapa che? Mohlomong ha baa etsa seo. Hangata ba latetse feela tšusumetso ea ba bang. Ba batla ho amoheloa, kahoo ba lumella ba bang hore ba ba khethele seo ba se lumelang. Na u tšoana le bona? Kapa u iteta sefuba ho emela seo u se lumelang?

Moholoane oa Moshe, e leng Arone, o ile a inehela ha a hatelloa ke ba bang—bonyane ketsahalong e le ’ngoe. Ha Baiseraele ba mo bokanela ’me ba mo phehella hore a ba etsetse molimo, o ile a ba etsetsa oona! (Exoda 32:1-4) Ak’u nahane feela—motho enoa o ne a ile a tobana le Faro, a mo bolella ka sebete molaetsa oa Molimo. (Exoda 7:1, 2, 16) Empa ha Baiseraele ba habo ba mo hatella ka matla, Arone o ile a inehela. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a nolofalloa ho hanyetsa morena oa Egepeta ho fapana le batho ba habo!

Ho thoe’ng ka uena? Na u thatafalloa ho emela seo u tsebang hore se nepahetse? Na u ka rata ho loantša khatello ea lithaka empa u sa bonahale u tsitsipane u bile u tšohile? U ka khona! Habohlokoa ke hore u bone boemo esale pele u be u etse qeto ea seo u tlang ho se etsa. Mehato e mene e thathamisitsoeng ka tlaase mona e tla u thusa ho etsa sena.

1. Nahana esale pele. (Liproverbia 22:3) Hangata u ka bona esale pele ha khathatso e tla ba teng. Ka mohlala, ha u tla le mane u bona bana ba bang ba sekolo ba entse seqhoqho ba bile ba ntse ba tsuba. Na ba ka ’na ba re le uena u tsube? Ha u nahanne ka bothata esale pele, u tla itokisetsa ho bo qoba kapa ho sebetsana le bona.

2. Nahana. (Baheberu 5:14) U ka ’na ua ipotsa, ‘Qetellong ke tla ikutloa joang haeba ke latela bongata?’ Ke ’nete hore lithaka tsa hao li ka ’na tsa u amohela ka nakoana. Empa u tla ikutloa joang hamorao, ha u e-na le batsoali ba hao kapa Bakreste-’moho le uena? Na u ikemiselitse ho tela kamano e ntle le Molimo molemong feela oa ho khahlisa bana bao u kenang sekolo le bona?

3. Etsa qeto. (Deuteronoma 30:19) Ha nako e ntse e ea, bahlanka bohle ba Molimo ba tlameha ho khetha hore na ba tla tšepahala ’me ba hlohonolofale kapa ha ba na ho tšepahala ’me ba kotule litholoana tse babang. Batho ba kang Josefa, Jobo le Jesu ba ile ba khetha ho etsa se nepahetseng, ha Kaine, Esau le Judase bona ba ile ba khetha ho etsa se fosahetseng. Joale le uena u lokela ho khetha. U tla etsa’ng?

4. Nka khato. U ka ’na ua nahana hore ena ke ntho e thata ka ho fetisisa. Empa ha e thata! Haeba u se u nahanne ka liphello tse ka ’nang tsa latela ebile u entse qeto, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo ho ka ’nang ha e-ba bonolo kateng ho hlalosa boemo ba hao—’me ha hlahisa liphello tse molemo. (Liproverbia 15:23) U se ke ua tšoenyeha—ha ho hlokahale hore u hlalosetse lithaka tsa hao Bibele eohle. Sohle seo u ka ’nang ua lokela ho se etsa feela ke ho hana ka tieo. Kapa haeba u batla ho hlakisa hore ha u cheche tabeng eo, u ka ’na ua re:

“Le se ke la mpalella!”

“Ha ke etse lintho tseo!”

“Helang, le tseba hantle hore ha ke li kene tseo!”

Habohlokoa ke hore u arabe ka potlako le ka tsela e bontšang kholiseho. Ha u etsa joalo, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo lithaka tsa hao li ka khaotsang ka potlako ho u tšoenya! Empa u ka etsa’ng haeba li u soma? U ka re’ng haeba li re “Ho etsahala’ng ka uena—kapa u lekoala?” Hlokomela hore morero oa seo ba se etsang empa e le ho u hatella feela. U ka re’ng? Ho na le lintho tse tharo tseo bonyane u ka li etsang.

U ka lumellana le seo ba u somang ka sona. (“Ehlile le bua ’nete, kea tšaba!” Ebe u hlalosa lebaka ka bokhutšoanyane.)

U ka faposa taba ka ho hlakisa boemo ba hao, empa le teng u sa ba phehise khang.

U ka ba beha tlas’a khatello le uena. Ba bolelle hore na ke hobane’ng ha u hana ’me u ba thuse ho nahana. (“Na le tiile lea tsuba? Ke ne ke nahana hore le bohlale!”)

Haeba lithaka tsa hao li tsoela pele ho u soma, tloha moo! Ha u hanella moo, li tla u hatella le ho feta. Esita le haeba u tloha sebakeng seo, hopola hore: Ke uena ea iketselitseng qeto eo. Ha ua lumella lithaka tsa hao ho u etsa hore u tšoane le tsona!

Lithaka tsa hao tse ling li ka ’na tsa u soma tsa re ha u tsebe ho inahanela. Empa ua tseba! Ha e le hantle, Jehova o batla hore u ipakele hore ho etsa thato ea hae ke tsela e molemo ka ho fetisisa. (Baroma 12:2) Joale ke hobane’ng ha u lumella lithaka tsa hao hore li u etse popoiki? (Baroma 6:16) Emela seo u tsebang hore se nepahetse!

Ke ’nete hore u ke ke ua qoba khatello ea lithaka. Empa u ka tseba seo u batlang ho se etsa, ua hlalosa boemo ba hao le ho laola lintho. Qetellong, ke uena ea ikhethelang!—Joshua 24:15.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 9

KHAOLONG E LATELANG

Na u phela bophelo bo habeli? Ke melemo efe e ka ’nang ea e-ba teng haeba batsoali ba hao ba tseba ka taba ee?

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.Liproverbia 13:20.

KELETSO

E le ho etsa hore u be sebete haholoanyane, bala liphihlelo tsa bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ileng ba atleha ho emela se nepahetseng.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ka mor’a selemo u qetile sekolong, u tla kopana le bana ba ’maloa feela bao u kenang sekolo le bona. Ba bangata ba ka ’na ba se ke ba hopola esita le lebitso la hao feela. Empa ba lelapa leno—’me ka holimo ho tsohle, Jehova Molimo—ba tla lula ba u thahasella.—Pesaleme ea 37:23-25.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Nka itokisetsa ho loantša khatello ea lithaka ka ho ․․․․․

Haeba lithaka tsa ka li leka ho nkhatella hore ke etse ntho e fosahetseng, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Mehato e mene e boletsoeng khaolong ena e ka u thusa maemong afe?

● Ho ka etsahala’ng haeba u inehela khatellong ea lithaka?

● Har’a tse ling u ka etsa’ng ho hanela khatello ea lithaka?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 131]

“Bashanyana ba bangata baa tseba hore ke Paki, ’me baa ntlhompha. Ha ba tl’o bua ntho e tsoileng tseleng, u tla utloa ba re, ‘Mike, re batla ho bua, kahoo haeba u batla ho tsamaea, u ka ikela.’’’—Mike

[Chate leqepheng la 132, 133]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Seo u ka se Etsang ha u Hatelloa ke Lithaka Mohlala

1. Nahana esale pele

Teko ke efe? Li batla hore ke tsube.

Nka ’na ka tobana le teko ee ha ke le hokae? Sebakeng sa lilok’hara.

↓ ↓

Ho tla etsahala’ng haeba 2. Nahana Ho tla etsahala’ng haeba

ke inehela? ke hana?

Ke tla khopisa Jehova le batsoali Lithaka tsa ka li ka ’na tsa ntšoma

ba ka. Ke tla ba le letsoalo le kapa tsa ntheha mabitso.

molato. Ke tla thatafalloa ho hana Bana ba bang bao ke kenang sekolo

nakong e tlang. le bona ba ka ’na ba nkoekoetla.

Empa ke tla thabisa Jehova,

’me ke tla khona ho ikemela

haholoanyane.

↓ ↓

Haeba ke inehela, e tla be 3. Etsa qeto Ke tla hana ho tsuba hobane

e le hobane

ke sa itokisetsa hantle hore ke kea tseba hore ho khopisa

tobane le khatello ea lithaka. Jehova le hore ho ka nkulisa.

Ke nka ho amoheloa ke lithaka

e le habohlokoa ho feta ho

amoheloa ke Jehova.

↓ ↓

4. Nka khato

Ke tla

hana ke ntan’o itsamaela.

Ha Lithaka li Ntšoma

Haeba lithaka tsa ka li re: “Nka sakerete ke ena u tsube. Kapa ua tšaba?”

Nka li araba ka . . . 

Ho lumellana le tsona Ho faposa taba Ho li beha tlas’a khatello

“Ehlile le bua ’nete. Ke “Le se ke la itšenyetsa “Kea leboha. Na le tiile

tšaba ho tsuba. Ha ke sakerete ea lōna.” lea tsuba? Ke ne ke nahana

batle ho tšoaroa ke hore le bohlale!”

kankere ea matšoafo.”

TLHOKOMELISO: Tloha moo hang-hang haeba lithaka tsa hao li ntse li tsoela pele ho u hatella. Ha u hanella moo, u etsa hore ho be bonolo hore li u etse popoiki ea tsona. Joale itlatsetse leqephe le latelang.

Seo u ka se Etsang ha u Hatelloa ke Lithaka Kopitsa leqephe lena!

1. Nahana esale pele

Teko ke efe? ․․․․․

Nka ’na ka tobana le teko ee ha ke le hokae? ․․․․․

↓ ↓

Ho tla etsahala’ng haeba 2. Nahana Ho tla etsahala’ng haeba

ke inehela? ke hana?

․․․․․ ․․․․․

↓ ↓

Haeba ke inehela, e tla be 3. Etsa qeto Ke tla hana ho tsuba hobane . . .

e le hobane . . .

․․․․․ ․․․․․

↓ ↓

4. Nka khato

Ke tla . . .

․․․․․ ․․․․․

Ha Lithaka li Ntšoma

Haeba lithaka tsa ka li re: ․․․․․

Nka li araba ka . . . 

Ho lumellana le tsona Ho faposa taba Ho li beha tlas’a khatello

․․․․․ ․․․․․ ․․․․․

Kōpa motsoali kapa motsoalle ea hōlileng tsebong hore a u thuse ho itlhakisa ka seo u tla se bua ha u araba lithaka tsa hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

Haeba u lumela ho etsa seo lithaka tsa hao li u hatellang hore u se etse, u iketsa popoiki ea tsona