Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?

Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?

Khaolong ea 16

Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?

□ Ho noa joala

□ Ho tloaelana le batho bao batsoali ba hao ba reng ke metsoalle e mebe

□ Ho mamela ’mino o kotsi

□ Ho ea liphathing tse se nang taolo

□ Ho intša ka sekhukhu

□ Ho sheba lifilimi tse nang le pefo kapa tsa boitšoaro bo bobe kapa ho bapala lipapali tsa video tse nang le pefo

□ Ho bua puo e litšila

SHEBA lethathamo le leqepheng le fetileng. Na u etsa e ’ngoe ea lintho tsee batsoali ba hao ba sa tsebe? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ua tseba hore seo u se etsang se fosahetse. Mohlomong u bile u tšetšethoa ke letsoalo. (Baroma 2:15) Leha ho le joalo, taba ea ho bolella batsoali ba hao ka lintho tsena tse mpe tseo u li etsang ha e u jese litheohelang. Hape ha u nahana ka tsela eo batsoali ba hao ba ka ’nang ba ikutloa ka eona, u ka ’na ua ipehela lebaka la hore “Batsoali ba ka ba ke ke ba utloisoa bohloko ke ntho eo ba sa e tsebeng.” Empa na ua lemoha hore ho phela ka tsela eo ho tšoana le ho phela bophelo bo habeli? E ka ’na eaba ke’ng e entseng hore u phele ka tsela ee?

Ho Khahloa ke Boitaolo

Bibele e re qetellong ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Ho joalo le ka mosali. Ke boikutlo ba tlhaho hore u batle ho hōla, ho inahanela le ho iketsetsa liqeto. Empa ha batsoali ba hanela bana ho etsa lintho tseo ba nahanang hore li booatla—kapa li fosahetse—bacha ba bang e ba marabele.

Ke ’nete hore batsoali ba bang ba ka ’na ba tiisa letsoho ka tsela e sa tloaelehang. Ngoanana e mong ea bitsoang Kim oa tletleba: “Ha re lumelloe ho ea shebella filimi leha e le efe.” O phaella ka ho re, “Ntate ha a batle ha re mamela ’mino ha e se o itseng feela!” Ha bacha ba bang ba talimane le lithibelo tseo ba nkang hore ha li utloahale, ba qala ho tsoela lithaka tsa bona pelo, tse bonahalang eka li na le bolokolohi bo bongata.

Moroetsana ea bitsoang Tammy o bolela lebaka le leng le ka ’nang la etsa hore ba bang ba phele bophelo bo habeli—ba batla ho amoheloa ke bana bao ba kenang sekolo le bona. Oa hopola: “Ke ile ka qala ho bua puo e litšila ha ke le sekolong. Sena se ile sa etsa hore ke ikutloe ke tšoana le bana ba bang. Hamorao ke ile ka leka ho tsuba. Ke ne ke boetse ke noa joala hoo ke neng ke tahoa. Eaba ke qala ho ba le bahlankana ka sekhukhu kaha batsoali ba ka ba ne ba tiisitse letsoho haholo ’me ba sa ntumelle hore ke ratane.”

Moshanyana ea bitsoang Pete o bile boemong bo tšoanang, o re: “Ke hōliselitsoe lelapeng la Lipaki Tsa Jehova. Empa ke ne ke tšaba ho tšehoa.” Pete o ile a sebetsana joang le tšabo eo? O re: “Ke ile ka leka ho iketsa ea tsebahalang. Ke ne ke bua leshano le ho beha mabaka a bohata a hore na ke hobane’ng ha ke sa fumana mpho leha e le efe nakong ea matsatsi a phomolo a bolumeli.” Ka mor’a hore Pete a qale ho etsa liphoso tse nyenyane, ka potlako o ile a etsa lintho tse fosahetseng tse tebileng.

Ha ho Letho le Patehileng

Ho phela bophelo bo habeli hase ntho e fihlang. Baiseraele ba bang ba boholo-holo le bona ba ile ba phela joalo ba nahana hore ba ke ke ba bonoa. Leha ho le joalo, moprofeta Esaia o ile a ba lemosa: “Ho malimabe ba tebelang tlaase bakeng sa ho patela Jehova morero, le bao liketso tsa bona li etsahetseng sebakeng se lefifi, ha ba ntse ba re: ‘Ke mang ea re bonang, ’me ke mang ea tsebang ka rōna?’” (Esaia 29:15) Baiseraele ba ne ba lebetse hore Molimo o bona seo ba se etsang. Ka nako e loketseng, Molimo o ile a ba otlela liphoso tsa bona.

Hoa tšoana le kajeno. Esita le haeba u ka patela batsoali ba hao tsela e mpe eo u itšoereng ka eona, u ke ke ua patela Jehova Molimo liketso tsa hao. Baheberu 4:13 e re: “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae, empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” Joale molemo oa ho ipata ke ofe? Hopola hore u ke ke ua khahlisa Molimo ka ho iketsa eka ua mo rapela ha u le libokeng tsa bolumeli. Jehova oa tseba ha batho ba ‘mo hlompha ka melomo, empa lipelo tsa bona li suthetse hōle le eena.’—Mareka 7:6.

Na u ne u tseba hore ba phelang bophelo bo habeli ba utloisa Jehova bohloko? Na ka sebele eo ke ntho e ka etsahalang? E ka etsahala! Ha batho ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba lahla Molao oa Molimo, ba ile “ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pesaleme ea 78:41) E tlameha ebe o utloa bohloko hakaakang kajeno ha bacha ba koetlisitsoeng “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova” ba etsa lintho tse mpe sephiring!—Baefese 6:4.

Lokisa Litaba

Ka sebele, ho molemong oa hao hore u bolelle Molimo le batsoali ba hao lintho tseo u ’nileng ua li etsa sephiring. Ke ’nete hore sena se ka ’na sa u soabisa, mohlomong sa u tlisetsa liphello tse bohloko. (Baheberu 12:11) Ka mohlala, haeba u ne u se u tloaetse ho bua leshano le ho etsa lintho ka bolotsana, u entse hore batsoali ba hao ba se ke ba hlola ba u tšepa. Ka hona, u se ke ua makala haeba ka nakoana ba u hanela ho etsa lintho tse itseng tseo pele ba neng ba sa u hanele tsona. Leha ho le joalo, ho bolela liphoso tsa hao ho molemo haholo. Hobane’ng?

Nahana ka mohlala ona: Ak’u nke hore uena le lelapa leno le intšitse ho ea hahloa ke moea thabeng. Ha batsoali ba hao ba shebile koana, u tlōla taelo eo ba u fileng eona ea hore u lule u le haufi le bona, ’me u inkela tsela ea hao ebe ua lahlela. Joale ebe ka tšohanyetso u iphumana u tetebela tebetebeng. Na u tla hlajoa ke lihlong hore u kōpe thuso? Na u tla tšoenyeha ka hore batsoali ba hao ba ka ’na ba tla u khalemella hore ebe u hlokomolohile litemoso tsa bona? Che! U ne u tla hoeletsa ka lentsoe la hao kaofela.

Ka ho tšoanang, haeba u phela bophelo bo habeli, u hloka thuso ka potlako. Hopola hore u ke ke ua khutlela morao ’me ua fetola lintho tseo u li entseng. Empa ka moso u ka etsa lintho ka tsela e fapaneng. Le hoja ho tla ba bohloko ’me ho be thata, ke ntho e bohlale hore u kōpe thuso pele u etsa lintho tse ling tse ka u lematsang kapa tsa lematsa lelapa leno. Haeba u ikoahlaea ka pelo eohle, Jehova o tla u bontša mohau.—Esaia 1:18; Luka 6:36.

Ka hona, bolella batsoali ba hao ’nete. Ela hloko hore u ba utloisitse bohloko. Amohela taeo ea bona. Haeba u etsa joalo, u tla thabisa batsoali ba hao le Jehova Molimo. Hape u tla ikutloa u imolohile ka lebaka la ho ba le letsoalo le hloekileng.—Liproverbia 27:11; 2 Bakorinthe 4:2.

KHAOLONG E LATELANG

Ho na le lintho tse ngata tseo uena le bana bao u leng tlelaseng le bona le tšoanang ka tsona. Empa u lokela ho tseba eng ka ho tloaelana le bana bao u kenang sekolo le bona?

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.Liproverbia 28:13.

KELETSO

U se ke ua bebofatsa liphoso tsa hao, empa le teng u qobe ho ikahlola haboima. Hopola hore Jehova o itokiselitse ho tšoarela.—Pesaleme ea 86:5.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ho jeoa ke letsoalo e ka ba ntho e molemo; ho ka susumelletsa motho hore a lokise litsela tsa hae tse mpe. Empa motho ea phehellang ho etsa sebe o chesa letsoalo la hae. Lea thatafala, le ba joaloka khoo e bakiloeng ke ho cha.—1 Timothea 4:2.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke phela bophelo bo habeli, ke tla bua le ․․․․․

Ha ke fuoa taeo leha e le efe, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Bacha ba bang ba susumetsoa ke eng hore ba phele bophelo bo habeli?

● Liphello tse ling tsa ho phela bophelo bo habeli ke life?

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u itokolle mokhoeng o joalo?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 140]

“Ke nahana hore bacha ba lokela ho itsebahatsa hore ke Bakreste ba nang le melao e metle ea boitšoaro. Ba lokela ho etsa sena kapele kamoo ba ka khonang. Haeba ba lieha ho itsebahatsa, ba tla thatafalloa.’’—Linda

[Setšoantšo se leqepheng la 141]

Haeba u tebetebeng ea ho phela bophelo bo habeli, u lokela ho kōpa thuso