Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

Letšolo la ho Aba Memo ea Kopano

Letšolo la ho Aba Memo ea Kopano

Selemo le selemo, batho ba lebella ka thabo nako ea ho matlafatsoa tumelong likopanong tsa setereke. E le hore batho ba bang le bona ba latsoe hore Jehova o molemo, re tla ba mema ka bongata hore ba tl’o ba le rōna. (Pes 34:8) Baholo ba liphutheho ba tla etsa qeto ea hore na limemo li tla tsamaisoa joang e le hore li abeloe batho ba li thabelang.

LINTLHA TSE LOKELANG HO HOPOLOA

  • Kopano e tšoaroa neng?

  • Phutheho ea heso e tla qala ho aba limemo neng?

  • Phutheho ea heso e tla tšoara liboka tsa tšebeletso ea tšimo neng?

  • Ke ikemiselitse ho etsa’ng phutuhong ee?

  • Ke rerile ho mema bo-mang?

U TLA RE’NG?

Ha u qeta ho lumelisa, u ka ’na ua re:

“Re letšolong la lefatše lohle la ho memela batho ketsahalong ea bohlokoahali. Letsatsi, nako le aterese li hlaha memong ena eo ke u tliselitseng eona. Re tla thabela ho u bona.”

U KA ETSA’NG HORE MOTHO A RATE HO ITHUTA?

Le hoja re rata ho mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kopanong, re lokela ho falimehela ho thusa ba thabelang hore ba ithute le rōna.

Mafelong a beke, u ka tsamaisa makasine hammoho le memo.