Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Letsatsi la Kahlolo ke Eng?

Letsatsi la Kahlolo ke Eng?

U NAHANA hore Letsatsi la Kahlolo le tla ba joang? Batho ba bangata ba nahana hore batho ba libilione ba tla tlisoa ka pel’a terone ea Molimo ka bomong. Moo ba tla ahloloa ka bomong. Ba bang ba tla putsoa ka hore ba e’o phela ka thabo leholimong, ha ba bang bona ba tla ahloleloa ho hlokofatsoa ka ho sa feleng. Empa Bibele e hlalosa boemo bo fapaneng ka nako eo. Lentsoe la Molimo ha le hlalose nako eo e le e tšosang, empa le e hlalosa e le nako ea tšepo le tsosoloso.

Ho Tšenolo 20:11, 12, re bala kamoo moapostola Johanne a ileng a hlalosa Letsatsi la Kahlolo kateng: “Ka bona terone e khōlō e tšoeu le ea neng a lutse ho eona. Lefatše le leholimo tsa baleha ka pel’a hae, ’me ha lia ka tsa fumaneloa sebaka. Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Moahloli ea hlalosoang moo ke mang?

Jehova Molimo ke eena Moahloli oa ho qetela oa moloko oa batho. Leha ho le joalo, ho na le motho eo a mo abetseng mosebetsi oa ho ahlola ka ho toba. Ho ea ka Liketso 17:31, moapostola Pauluse o ile a re Molimo “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng.” Moahloli enoa ea behiloeng ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. (Johanne 5:22) Empa Letsatsi la Kahlolo le qala neng? Le lelelele hakae?

Buka ea Tšenolo e bontša hore Letsatsi la Kahlolo le qala ka mor’a ntoa ea Armagedone, ha tsamaiso ea Satane e tla be e felisitsoe lefatšeng. * (Tšenolo 16:14, 16; 19:19–20:3) Ka mor’a Armagedone, Satane le bademona ba hae ba tla koalloa sekoting ka lilemo tse sekete. Ka nako eo, majalefa a 144 000 a leholimo e tla ba baahloli ’me a tla “busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete.” (Tšenolo 14:1-3; 20:1-4; Baroma 8:17) Letsatsi la Kahlolo hase ketsahalo e potlakileng e nkang lihora tse 24 feela. Le tla nka lilemo tse sekete.

Nakong ea lilemo tse sekete, Jesu Kreste o tla “ahlola ba phelang le bafu.” (2 Timothea 4:1) “Ba phelang” e tla ba “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. (Tšenolo 7:9-17) Moapostola Johanne o ile a boela a bona “bafu . . . ba eme ka pel’a terone” ea kahlolo. Joalokaha Jesu a tšepisitse, “ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Kreste] ’me ba tsoe” ho ’ona ka tsoho ea bafu. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Empa batho baa bohle ba tla ahloloa ho itšetlehiloe ka eng?

Ho ea ka pono eo moapostola Johanne a bileng le eona, “meqolo [e ile] ea buloa,” ’me “bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Na meqolo ee ke tlaleho ea lintho tseo batho ba li entseng nakong e fetileng? Che, kahlolo ha e na ho itšetleha ka lintho tseo batho ba li entseng pele ba e-shoa. Re tseba seo joang? Bibele e re: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7) Ka mantsoe a mang, ba tsositsoeng bafung ba qala khaolo e ncha. Ka hona e tlameha ebe meqolo eo e emela lintho tse ling tseo Molimo a batlang hore ba li etse. E le hore baphonyohi ba Armagedone le ba tsositsoeng bafung ba phele ka ho sa feleng, ba tla lokela ho mamela litaelo tsa Molimo, ho akarelletsa le lintho leha e le life tse ncha tseo Jehova a batlang hore ba li etse tseo a ka ’nang a li senola nakong ea lilemo tse sekete. Kahoo, batho ka bomong ba tla ahloloa ho latela seo ba se etsang nakong ea Letsatsi la Kahlolo.

Letsatsi la Kahlolo le tla fa batho ba libilione monyetla oo ba e-s’o ka ba e-ba le oona oa hore ba ithute thato ea Molimo ’me ba e etse. Sena se bolela hore ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa ho ruta. Ha e le hantle, “ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Empa hase bohle ba tla ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Esaia 26:10 e re: “Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka. O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.” Batho bana ba khopo ba tla timetsoa ka ho feletseng nakong ea Letsatsi la Kahlolo.—Esaia 65:20.

Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, baphonyohi ba tla “phela” ka ho feletseng e le batho ba phethahetseng. (Tšenolo 20:5) Kahoo Letsatsing la Kahlolo moloko oa batho o tla khutlisetsoa boemong bo phethahetseng ba qalong. (1 Bakorinthe 15:24-28) Ka mor’a moo ho tla ba le teko ea ho qetela. Satane o tla lokolloa teronkong ea hae ’me o tla lumelloa hore a leke ho khelosa moloko oa batho ka lekhetlo la ho qetela. (Tšenolo 20:3, 7-10) Ba tla mo hanyetsa ba tla thabela ho phethahala ho feletseng ha tšepiso ea Bibele e reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) E, Letsatsi la Kahlolo e tla ba tlhohonolofatso ho batho bohle ba tšepahalang!

^ ser. 1 Mabapi le Armagedone, ka kōpo bona Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 594-5, 1037-8, le khaolo ea 20 bukeng ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.