Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

 A2

Dintho Tseo o Tla di Fumana Bibeleng Ena

Ka 1950, ho ile ha lokollwa Phetolelo ya Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane. Ka 1961 teng ho ile ha hatiswa Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya Senyesemane e feletseng. Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba fumane melemo ya ho bala Bibele ena e utlwahalang e fetoletsweng ka dipuo tse fetang 210 ho tswa mangolong a boholoholo.

Le ha ho le jwalo, ho se ho fetile dilemo tse fetang 50 jwale Bibele ena e le teng mme dipuo di fetohile. Komiti ya Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha ya hona jwale e ile ya bona ho hlokeha hore Bibele e ntlafatswe e le hore e ame maikutlo a batho ba e balang mehleng ena. Ka lebaka leo, ho fetotswe mantswe a mmalwa le tsela eo a behwang ka yona ho ya ka dintlha tse latelang:

  • Ho sebedisitswe puo e utlwahalang e buuwang mehleng ena. Ka mohlala, lentswe “bohlola” le fetoletswe e le “boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,” “boitshwaro bo hlephileng” e le “boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe” mme “mekete e lerata” e le “diphathi tse sa laoleheng.” (Bagalata 5:19-21) Polelwana “monna wa semumu” e se e fetoletswe e le “monna ya sa kgoneng ho bua.” (Matheu 9:32, 33) Lentswe “seotswa” le se le fetoletswe e le “letekatse.” (Genese 38:15) Polelwana e reng “nakong e sa lekanyetswang” e se e fetoletswe ka dipolelwana tse kang “ka ho sa feleng,” “ho ya ho ile” kapa “mehleng ya boholoholo” ho latela hore na ho buuwa ka eng.—Genese 3:22; Moeklesia 1:4; Mikea 5:2.

    Bibele ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e hatisitsweng pele ho ena, e na le mantswe a mang a Seheberu a fetoletsweng lentswe ka lentswe. Ka lebaka leo, ho ne ho eba thata hore mmadi a utlwisise hore na ho buuwa ka eng. Phetolelong ena e ntlafaditsweng, mantswe ao a fetoletswe ka tsela e fetisang moelelo hantle. Ka mohlala, ho 1 Samuele 25:22 ho ne ho sebedisitswe mantswe a Seheberu a nyatsang banna a reng “ya ntshetsang metsi lerakong” empa hona jwale ho se ho sebedisitswe lentswe “banna” ho hlakisa hore na ho buuwang ka eng.

  • Mantswe a Bibele a hlakisitswe. Mantswe a mang a sebedisitsweng Bibeleng ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e hatisitsweng pele ho ena, a ne a hloka ho hlaloswa hore a utlwisiswe hantle. Ka mohlala, Bibele e sebedisa lentswe la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” ha e bua ka lebitla. Batho ba bangata ha ba tsebe mantswe ao ebile lentswe “Hadese” le sebediswa ditshomong tsa Segerike hape le ka utlwisiswa ka ditsela tse ngata. Ka lebaka leo, mantswe ao a mabedi a nketswe sebaka ke lentswe “Lebitla,” e leng seo bangodi ba Bibele ba neng ba hlile ba bua ka sona. Hona jwale mantswe “Sheole” le “Hadese” a se a hlaha naletsaneng.—Pesaleme ya 16:10; Diketso 2:27.

    Lentswe la Seheberu e leng neʹphesh le la Segerike e leng psy·kheʹ le fetoletswe e le “moya” Dibeleleng tse ding tsa Sesotho. Le ha ho le jwalo, eo ha se yona tsela e nepahetseng ya ho fetolela mantswe ao hobane lentswe moya le buella thuto ya leshano ya hore moya ha o shwe. Ha e le hantle, mantswe ao a bolela (1) batho, (2) diphoofolo kapa (3) bophelo ba batho kapa ba diphoofolo. (Genese 1:20; 2:7; Numere 31:28; 1 Petrose 3:20) Ka hoo, Bibeleng ena mantswe ana a pelepele hangata a fetoletswe ho ya ka hore na ho buuwa ka eng temaneng e nngwe le e nngwe. Ho sebedisitswe mantswe a kang “bophelo,” “sebopuwa” kapa “motho.” Mantswe ao a boetse a bolela motho ya shweleng kapa setopo. (Numere 6:6; Hagai 2:13) Ha ho buuwa ka ho etsa ntho ka moya wohle ho bolela ho e etsa ka pelo ya hao yohle kapa ka sohle seo o nang le sona.—Deuteronoma 6:5; Matheu 22:37.

    Lentswe le leng le tlohetsweng le le jwalo ka Bibeleng ke “diphio” haeba ho buuwa ka setho sa mmele wa motho. Le ha ho le jwalo, ho Pesaleme ya 7:9, 26:2 le ho Tshenolo 2:23, le sebedisitswe ho tshwantshetsa ho hong. Ditemaneng tseo le fetoletswe e le “maikutlo a ka harehare” kapa “menahano e tebileng” ho hlalosa seo ho buuwang ka sona ebe ho kenngwa naletsana ho bontsha hore dipuong tsa kgale ho ne ho sebedisitswe lentswe diphio.

    Mantswe a mang a fetoletsweng ho ya ka hore na ho ne ho buuwa ka eng ke “nonneng,” “nama” le “lenaka.” (Genese 45:18; Moeklesia 5:6; Jobo 16:15) A mang a mantswe ana a hlaloswa ho “Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele.

    Bibeleng ena ha ho sebediswe mantswe “sefapano” kapa “ho thakgisa” jwalo ka ha Dibibele tse ding tsa Sesotho tse fetoletseng Mangolo a Bakreste a Segerike di entse. Ho ena le hoo, ho sebediswa mantswe a kang ‘palo’ le ‘ho kgokgothela palong’ ho hlalosa seo lentswe la Segerike e leng stau·rosʹ, le se bolelang.—Matheu 10:38; Luka 24:20.

  • Ho sebedisitswe mantswe a thusang babadi ho utlwisisa hore na ho buuwa ka bomang. Ka Seheberu le ka Segerike ho na le mantswe a mang a bontshang hore ho buuwa ka monna kapa ka mosadi mme ka dinako tse ding Segerike ha se hlalose. Haeba mantswe ao a Seheberu le a Segerike a ka fetolelwa a le jwalo, ka dinako tse ding ho ka nna ha se ke ha hlaka hore na ho buuwa ka bomang. Hangata ka Seheberu le ka Segerike ha ho buuwa ka batho ba bangata ho sebediswa mantswe a hlalosang batho ba batona, le hoja ho ntse ho buuwa ka banna le basadi. Ka mohlala, mantswe a reng “bara ba Iseraele” a ka nna a sebediswa ha ho buuwa ka bara ba 12 ba Jakobo empa hangata a bua ka setjhaba sohle sa Iseraele, se akareletsang banna le basadi. (Genese 46:5; Exoda 35:29) Hona jwale, ha ho buuwa ka setjhaba sohle ho sebedisitswe “Baiseraele.” Hape mantswe a kang “moshanyana ya se nang ntate” a ile a fetolwa hore e be “ngwana ya se nang ntate” kapa “kgutsana” ho bontsha hore ho buuwa ka moshanyana kapa ngwanana.

    Pele ho etswa diphetoho Bibeleng ena ho ile ha rapelwa mme diphetoho di ile tsa etswa ka hloko ho nahannwe ka mosebetsi o tswileng matsoho o entsweng ke Komiti ya Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha.

Dikarolo tse ding tse thusang tse Bibeleng ena:

Bibele ena e na le dinaletsana. Di arotswe ka tsela ena:

  • “Kapa” E bontsha ditsela tse ding tseo mantswe a Seheberu, Searame kapa Segerike a ka fetolelwang ka tsona empa a ntse a bolela ntho e tshwanang.—Genese 1:2, naletsana ho “moya o halalelang wa Modimo”; Joshua 1:8, “lentswe le tlase.”

  • “Kapa mohlomong” E bontsha ditsela tse ding tseo mantswe a ka fetolelwang ka tsona empa a fetisa moelelo o fapaneng.—Genese 25:18, “haufi le bana babo kaofela”; Zakaria 14:21, “Mokanana.”

  • “Ka Seheberu; Ka Searame; Ka Segerike” Di bontsha ditsela tse ding tseo mantswe a Seheberu, Searame kapa Segerike a fetoletsweng ka tsona lentswe ka lentswe kapa moelelo wa mantswe a mang ka dipuo tseo.—Genese 30:22, “ime”; Exoda 32:9, “manganga.”

  • Ditlhaloso tsa seo ho buuwang ka sona Ditlhaloso tsa mabitso (Genese 3:17, “Adama”; Exoda 15:23, “Mara”); dintlha tse hlalosang boima le bolelele ba dintho (Genese 6:15, “dimithara tse ka bang”); ha ho sebedisitswe maemedi ho hlalosa hore na ho buuwa ka mang (Jeremia 6:27, “o”); dintho tse ka thusang mmadi tse hlahang karolong ya Dintlha le Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele.—Genese 37:35, “Lebitleng”; Matheu 5:22, “Gehena.”

Karolo e qalang ya Bibele ena e bitswang “Selelekela sa Lentswe la Modimo,” e na le dithuto tsa bohlokwa tse fumanwang ka Bibeleng. Ka mora buka ya Tshenolo ho na le karolo ya “Lethathamo la Dibuka Tsa Bibele,” “Tatellano ya Mantswe a Bibele” le “Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele.” Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele di thusa mmadi hore a utlwisise mantswe a mang a sebedisitsweng ka Bibeleng. Karolo ya Dintlha Tsa A e na le: “Dintlha Tse Latetsweng ha ho Fetolelwa Bibele,” “ Dintho Tseo o Tla di Fumana Bibeleng Ena,” “Bibele e Fihlile Jwang ho Rona?” “Lebitso la Modimo Mangolong a Seheberu,” “Lebitso la Modimo Mangolong a Segerike a Bakreste,” “Tjhate: Baprofeta le Marena a Juda le a Iseraele” le “Dintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatsheng.” Karolo ya Dintlha Tsa B e na le dimmapa, ditjhate le dintlha tse ding tse ka thusang batho ba ithutang Bibele ka botebo.

Bibeleng ena, buka e nngwe le e nngwe e qala ka karolo e akaretsang dintlha tsa kgaolo e nngwe le e nngwe ha mmoho le ditemana tse tsamaisanang le kgaolo eo, ho thusa mmadi ho utlwisisa hore na buka eo kaofela e bua ka eng. Lethathamo le bohareng ba leqephe le leng le le leng le na le ditemana tse ding tse neng di le teng Bibeleng e hatisitsweng pele ho ena, tse bontshang hore temana eo e tsamaisana le ditemana dife tse ding tsa Bibele.