Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 2

O ka Ithuta ka Modimo Jwang?

“Buka ena ya Molao e se ke ya tloha molomong wa hao. O e bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare e le hore o ka etsa dintho tsohle tse ngotsweng ho yona. Ha o etsa jwalo, seo o se etsang se tla atleha mme o tla etsa dintho ka bohlale.”

Joshua 1:8

“Ba tswela pele ho bala Molao wa Modimo wa nnete o bukeng ka lentswe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolelang. Ka hoo, ba thusa batho hore ba utlwisise se neng se balwa.”

Nehemia 8:8

“Ho thaba motho ya sa lateleng keletso ya ba kgopo, . . . empa o thabela molao wa Jehova, o bala molao wa Hae le ho nahanisisa ka wona bosiu le motshehare. . . . O tla atleha dinthong tsohle tseo a di etsang.”

Pesaleme ya 1:1-3

“Filipi a mathela kariking mme a utlwa letona le ntse le bala buka ya moprofeta Esaia ka lentswe le phahameng yaba o re: ‘Na o utlwisisa ntho eo o e balang?’ A re: ‘Nka utlwisisa jwang ho se na motho ya ntlhalosetsang?’”

Diketso 8:30, 31

“Le hoja Modimo a ke ke a bonwa, makgabane a hae a bonwa ka ho hlaka dinthong tseo a di bopileng lefatsheng hobane batho ba ka a bona ha ba di sheba. Dintho tseo a di bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng le hore ke Modimo. Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela.”

Baroma 1:20

“Nahanisisa ka dintho tsena, o di etse ka mafolofolo ohle e le hore batho bohle ba bone hore o a hola.”

1 Timothea 4:15

“A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa dintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana mmoho.”

Baheberu 10:24, 25

“Haeba mang kapa mang ho lona a haellwa ke bohlale, a nne a bo kope ho Modimo mme o tla bo fuwa hobane Modimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.”

Jakobo 1:5