Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 15

Keng e ka Etsang Hore o Thabe?

“Ho molemo ho ja meroho moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e nonneng moo ho nang le lehloyo.”

Diproverbia 15:17

“Nna Jehova ke Modimo wa hao ya o rutang dintho tse tswelang wena molemo, ya o tataisetsang tseleng eo o lokelang ho tsamaya ho yona.”

Esaia 48:17

“Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Modimo ka ha Mmuso wa mahodimo ke wa bona.”

Matheu 5:3

“O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.”

Matheu 22:39

“Le etse batho dintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.”

Luka 6:31

“Ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.”

Luka 11:28

“Le haeba motho a ena le dintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.”

Luka 12:15

“Ka hoo, ha re ena le dijo le diaparo re tla kgotsofala.”

1 Timothea 6:8

“Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.”

Diketso 20:35