Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ya Jobo

Dikgaolo

Lethathamo la Tse ka Hare

  • 1

    • Botshepehi ba Jobo le maruo a hae (1-5)

    • Satane o belaella botshepehi ba Jobo (6-12)

    • Jobo o lahlehelwa ke maruo le bana ba hae (13-19)

    • Jobo ha a behe Modimo molato (20-22)

  • 2

    • Satane o belaella botshepehi ba Jobo hape (1-5)

    • Satane o dumellwa hore a otle Jobo ka mathopa a bohloko (6-8)

    • Mosadi wa Jobo o re: “Rohaka Modimo mme o shwe!” (9, 10)

    • Metswalle ya Jobo e meraro e tla ho yena (11-13)

  • 3

    • Jobo o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomadimabe (1-26)

      • O a botsa hore na ke hobaneng ha a utlwa bohloko (20, 21)

  • 4

    • Elifaze o qala ho bua (1-21)

      • O belaela hore Jobo ha a tshepahale (7, 8)

      • O bua ka molaetsa oo a o utlwileng (12-17)

      • ‘Modimo ha a tshepe bahlanka ba hae’ (18)

  • 5

    • Elifaze o tswela pele ho bua (1-27)

      • ‘Modimo o tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe’ (13)

      • ‘Jobo a se ke a hana kgalemelo ya Modimo’ (17)

  • 6

    • Jobo o a araba (1-30)

      • O re o na le tokelo ya ho lla (2-6)

      • O tshediswa ke batho ba bolotsana (15-18)

      • “Nnete ha e utlwise bohloko” (25)

  • 7

    • Jobo o tswela pele ho bua (1-21)

      • Bophelo bo tshwana le mosebetsi o thata (1, 2)

      • “Ke hobaneng ha o shebane le nna?” (20)

  • 8

    • Bildade o qala ho bua (1-22)

      • O re bana ba Jobo ba entse sebe (4)

      • ‘Haeba o ne o hlwekile, Modimo o ne a tla o sireletsa’ (6)

      • O re Jobo ha a dumele ho Modimo (13)

  • 9

    • Jobo o a araba (1-35)

      • Motho a ke ke a lwantsha Modimo (2-4)

      • ‘Modimo o etsa dintho tse kgolo le tse ke keng tsa batlisiswa’ (10)

      • Motho a ke ke a kgona ho phehisana le Modimo (32)

  • 10

    • Jobo o tswela pele ho araba (1-22)

      • ‘Ke hobaneng ha Modimo a ntwantsha?’ (2)

      • Modimo o bapiswa le Jobo (4-12)

      • ‘E se eka nka fumana phomolo’ (20)

  • 11

    • Tsofare o qala ho bua (1-20)

      • O qosa Jobo ka hore o bua mantswe a se nang thuso (2, 3)

      • O bolella Jobo hore a tlohele ho bua dintho tse sa lokang (14)

  • 12

    • Jobo o a araba (1-25)

      • “Ha le mphete ka letho” (3)

      • “Ke fetohile ditsheho” (4)

      • “Modimo o bohlale” (13)

      • Modimo o phahametse baahlodi le marena (17, 18)

  • 13

    • Jobo o tswela pele ho araba (1-28)

      • ‘Nka mpa ka bua le Modimo’ (3)

      • “Le dingaka tse se nang thuso” (4)

      • “Ke a tseba hore ha ke na molato” (18)

      • O a botsa hore na ke hobaneng ha Modimo a mo nka e le sera sa hae (24)

  • 14

    • Jobo o tswela pele ho araba (1-22)

      • Motho o phela nako e kgutshwanyane le e tletseng mathata (1)

      • “Le sefate se na le tshepo” (7)

      • “Ekare o ka mpata Lebitleng” (13)

      • “Ha motho a shwa, na a ka phela hape?” (14)

      • Modimo o tla hopola mosebetsi wa matsoho a hae (15)

  • 15

    • Elifaze o bua ka lekgetlo la bobedi (1-35)

      • O re Jobo ha a tshabe Modimo (4)

      • O re Jobo o a ikgohomosa (7-9)

      • “Modimo ha a tshepe mangeloi a hae” (15)

      • “Motho ya kgopo o dula a ena le mathata” (20-24)

  • 16

    • Jobo o a araba (1-22)

      • “Le batshedisi ba dikgathatso!” (2)

      • O re Modimo o ikemiseditse ho mo hlasela (12)

  • 17

    • Jobo o tswela pele ho araba (1-16)

      • “Ke potapotilwe ke basomi” (2)

      • “O entse hore batho ba ntshome” (6)

      • “Lebitla e tla ba lehae la ka” (13)

  • 18

    • Bildade o bua ka lekgetlo la bobedi (1-21)

      • O bua ka dintho tse tla etsahalla batho ba kgopo (5-20)

      • O re Jobo ha a tsebe Modimo (21)

  • 19

    • Jobo o a araba (1-29)

      • Ha a dumellane le dintho tseo batho ba iketsang metswalle ya hae ba di buang (1-6)

      • O re o lahlilwe (13-19)

      • “Molopolli wa ka o a phela” (25)

  • 20

    • Tsofare o bua ka lekgetlo la bobedi (1-29)

      • O re Jobo o a mo rohaka (2, 3)

      • O re Jobo o kgopo (5)

      • O re Jobo o thabela ho etsa sebe (12, 13)

  • 21

    • Jobo o a araba (1-34)

      • ‘Ke hobaneng ha batho ba kgopo ba atleha?’ (7-13)

      • O bolella batho ba etsang eka ba tlo mo tshedisa nnete (27-34)

  • 22

    • Elifaze o bua ka lekgetlo la boraro (1-30)

      • “Na motho o na le molemo ho Modimo?” (2, 3)

      • O qosa Jobo ka hore o meharo ebile ha a na toka (6-9)

      • ‘Kgutlela ho Modimo mme o atlehe’ (23)

  • 23

    • Jobo o a araba (1-17)

      • O batla ho isa nyewe ya hae ho Modimo (1-7)

      • O re ha a fumane Modimo (8, 9)

      • “Ke mo latetse mme ha ke a kgeloha” (11)

  • 24

    • Jobo o tswela pele ho araba (1-25)

      • ‘Ke hobaneng ha Modimo a sa beha nako?’ (1)

      • O re Modimo o dumella bokgopo (12)

      • Baetsadibe ba rata lefifi (13-17)

  • 25

    • Bildade o bua ka lekgetlo la boraro (1-6)

      • ‘Na motho e ka ba ya lokileng ho Modimo?’ (4)

      • O re botshepehi ba motho ha bo na thuso (5, 6)

  • 26

    • Jobo o a araba (1-14)

      • ‘O thusitse batho ba se nang matla’ (1-4)

      • ‘Modimo o etsa hore lefatshe le leketle moyeng’ (7)

      • ‘Dinyane feela tsa ditsela tsa Modimo’ (14)

  • 27

    • Jobo o ikemiseditse ho dula a tshepahala (1-23)

      • “Ke tla dula ke tshepahala” (5)

      • Motho ya lahlileng Modimo ha a na tshepo (8)

      • “Ke hobaneng ha le bua dintho tse se nang thuso?” (12)

      • Batho ba kgopo ba qetella ba se na letho (13-23)

  • 28

    • Jobo o bapisa matlotlo a lefatsheng le bohlale (1-28)

      • Boiteko ba motho ba ho fumana matlotlo a tswang mobung (1-11)

      • Bohlale bo bohlokwa ho feta diperela (18)

      • Ho tshaba Jehova ke ho ba bohlale e le ka nnete (28)

  • 29

    • Jobo o hopola nakong eo a neng a se na mathata a bile a thabile (1-25)

      • A hlomphuwa keiting ya motse (7-10)

      • Dintho tse ntle tseo a neng a di etsetsa batho (11-17)

      • Batho bohle ba ne ba mamela dikeletso tsa hae (21-23)

  • 30

    • Jobo o hlalosa ka moo maemo a hae a fetohileng ka teng (1-31)

      • O songwa ke batho ba se nang thuso (1-15)

      • O bona eka Modimo ha a mo thuse (20, 21)

      • “Letlalo la ka le letsho” (30)

  • 31

    • Jobo o re o a tshepahala (1-40)

      • “Selekane le mahlo a ka” (1)

      • O kopa Modimo hore a mo kale (6)

      • O tshepahalla mosadi wa hae (9-12)

      • Ha a rate tjhelete (24, 25)

      • O rapela Modimo feela (26-28)

  • 32

    • Elihu e motjha le yena o a bua (1-22)

      • O halefetse Jobo le metswalle ya hae (2, 3)

      • Ka tlhompho o ile a emela ho bua (6, 7)

      • Ha se dilemo tse ngata feela tse etsang hore motho a be bohlale (9)

      • Elihu o tatetse ho bua (18-20)

  • 33

    • Elihu o kgalemella Jobo ho iketsa motho ya lokileng (1-33)

      • Ho fumanwa mopholosi (24)

      • A be matla jwalo ka botjheng ba hae (25)

  • 34

    • Elihu o bua ka toka ya Modimo le ditsela tsa hae (1-37)

      • Jobo o re Modimo ha a mo ahlola ka toka (5)

      • Modimo wa nnete ha a etse bokgopo (10)

      • Jobo ha a na tsebo (35)

  • 35

    • Elihu o bontsha Jobo hore o beha mabaka hampe (1-16)

      • Jobo o itse o lokile ho feta Modimo (2)

      • Modimo o phahame haholo, ha a angwe ke sebe (5, 6)

      • Jobo o lokela ho emela Modimo (14)

  • 36

    • Elihu o hlalosa ka moo Modimo a leng matla ka teng (1-33)

      • Ba mamelang ba a atleha, ba lahlileng Modimo ha ba atlehe (11-13)

      • ‘Ha ho na morupedi ya tshwanang le Modimo’ (22)

      • Jobo o lokela ho rorisa Modimo (24)

      • “Modimo o moholo ho feta ka moo re nahanang ka teng” (26)

      • Modimo o laola pula le lehadima (27-33)

  • 37

    • Dintho tsa tlhaho di bontsha matla a maholo a Modimo (1-24)

      • Modimo a ka emisa dintho tseo batho ba di etsang (7)

      • ‘Nahanisisa ka mesebetsi e hlollang ya Modimo’ (14)

      • Ha ho na motho ya ka utlwisisang Modimo (23)

      • Ha ho na motho ya lokelang ho nahana hore o bohlale (24)

  • 38

    • Jehova o ruta hore batho ha ba lekane le yena (1-41)

      • “O ne o le hokae ha ke etsa lefatshe?” (4-6)

      • Bara ba Modimo ba ile ba mo rorisa (7)

      • Dipotso ka dintho tse bopilweng (8-32)

      • “Melao e laolang dintho tse mahodimong” (33)

  • 39

    • Diphoofolo di bontsha hore motho ha a na tsebo (1-30)

  • 40

    • Dipotso tse ding tse botswang ke Jehova (1-24)

      • Jobo o a dumela hore o feletswe ke mantswe (3-5)

      • “Na o tla re ha ke na toka?” (8)

      • Modimo o hlalosa matla a Behemothe (15-24)

  • 41

    • Modimo o hlalosa matla a Leviathane (1-34)

  • 42

    • Jobo o araba Jehova (1-6)

    • Metswalle e meraro e a kgalemelwa (7-9)

    • Jehova o hlohonolofatsa Jobo hape (10-17)

      • Bara le baradi ba Jobo (13-15)