Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ya Diproverbia

Dikgaolo

Lethathamo la Tse ka Hare

  • 1

    • Morero wa maele (1-7)

    • Kotsi ya ho tlwaelana le batho ba sa lokang (8-19)

    • Bohlale ba nnete bo hweletsa phatlalatsa (20-33)

  • 2

    • Melemo ya ho ba bohlale (1-22)

      • Batla bohlale jwalo ka matlotlo a patilweng (4)

      • Bokgoni ba ho nahana bo tla o sireletsa (11)

      • Boitshwaro bo bobe bo baka mathata (16-19)

  • 3

    • Eba bohlale mme o tshepe Jehova (1-12)

      • lompha Jehova ka ho mo fa dintho tsa bohlokwa (9)

    • Bohlale bo etsa hore motho a thabe (13-18)

    • Bohlale bo a sireletsa (19-26)

    • Tshwara batho ba bang hantle (27-35)

      • Etsetsa ba bang se molemo ha ho kgoneha (27)

  • 4

    • Tayo ya ntate e molemo (1-27)

      • Ka hodima dintho tsohle, fumana bohlale (7)

      • Qoba tsela ya batho ba kgopo (14, 15)

      • Tsela ya ba lokileng e dula e ntse e kganya (18)

      • “O sireletse pelo ya hao” (23)

  • 5

    • Itebele ho mosadi ya boitshwaro bo bobe (1-14)

    • O thabe le mosadi wa hao (15-23)

  • 6

    • Eba hlokolosi ka ho itlamela ho patalla moahisani sekoloto (1-5)

    • “Wena ya botswa, e ya ho bohlwa” (6-11)

    • Motho ya se nang thuso le ya kgopo (12-15)

    • Dintho tse supileng tseo Jehova a di hloileng (16-19)

    • Itebele ho mosadi wa letekatse (20-35)

  • 7

    • Mamela ditaelo tsa Modimo mme o phele (1-5)

    • Mohlankana ya se nang tsebo o hohelwa ke mosadi (6-27)

      • “Jwalo ka poho e tlo hlajwa” (22)

  • 8

    • Bohlale bo a bua (1-36)

      • ‘Jehova o ile a mpopa ke le wa pele’ (22)

      • ‘Ke ne ke ena le Modimo ke le mosebetsi ya hlwahlwa’ (30)

      • “Ke ne ke rata batho” (31)

  • 9

    • Bohlale ba nnete bo mema batho (1-12)

      • “Ka lebaka la bohlale matsatsi a hao a tla ba mangata” (11)

    • Mosadi ya se nang kelello o mema batho (13-18)

      • “Metsi a utswitsweng a monate” (17)

  • MAELE A SOLOMONE (10:1–24:34)

    • 10

      • Mora ya bohlale o thabisa ntate wa hae (1)

      • Ya kgothetseng o tla rua (4)

      • Ho bua haholo ho baka diphoso (19)

      • Tlhohonolofatso ya Jehova e a ruisa (22)

      • Ho hlompha Jehova ho lelefatsa bophelo (27)

    • 11

      • Bohlale bo ho ba inyenyefatsang (2)

      • Mokwenehi o fedisa batho ba bang (9)

      • “Ha baeletsi ba le bangata batho ba a atleha” (14)

      • Motho ya fanang o tla atleha (25)

      • Ya tshepang maruo a hae o tla wa (28)

    • 12

      • Ya hloileng ho kgalemelwa ha a na kelello (1)

      • “Dipuo tse sa nahanwang di hlaba jwalo ka sabole” (18)

      • Ho bopa kgotso ho etsa hore motho a thabe (20)

      • Jehova o nyonya batho ba leshano (22)

      • Matshwenyeho a tetebetsa pelo (25)

    • 13

      • Ba batlang keletso ba bohlale (10)

      • Ha ntho eo motho a e lebeletseng e dieha ho phethahala, e kudisa pelo (12)

      • Moromuwa ya tshepahalang o tlisa pheko (17)

      • Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa (20)

      • Ho kgalemela ke tsela ya ho bontsha lerato (24)

    • 14

      • Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae (10)

      • Tsela e bonahalang eka e lokile e ka lebisa lefung (12)

      • Ya se nang tsebo o dumela lentswe le leng le le leng (15)

      • Metswalle ya morui e mengata (20)

      • Pelo e nang le kgotso e phedisa mmele wa motho (30)

    • 15

      • Karabo e bonolo e leleka kgalefo (1)

      • Mahlo a Jehova a bona hohle (3)

      • Thapelo ya ba lokileng e kgahlisa Modimo (8)

      • Merero e a senyeha moo ho sa buisanweng (22)

      • Nahana pele o bua (28)

    • 16

      • Jehova o hlahloba sepheo (2)

      • Siya dintho tsohle tseo o di etsang matsohong a Jehova (3)

      • Dikala tse bekgang tse tshepahalang ke tsa Jehova (11)

      • Boikakaso bo lebisa timetsong (18)

      • Moriri o moputswa ke korone ya botle (31)

    • 17

      • O se ke wa buseletsa botle ka bobe (13)

      • Pele kgang e qhoma, o itsamaele (14)

      • Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle (17)

      • “Pelo e thabileng ke moriana” (22)

      • Motho ya nang le tsebo o a ithiba (27)

    • 18

      • Ya ikarolang ho ba bang o itjheba boyena ebile ha a bohlale (1)

      • Lebitso la Jehova ke tora e matla (10)

      • Maruo a a sireletsa ho ya ka monahano wa motho (11)

      • Ke bohlale ho mamela mahlakore ohle a taba (17)

      • Motswalle o tshepahala haholo ho feta ngwanabo motho (24)

    • 19

      • Motho ya nang le temoho o dieha ho halefa (11)

      • Mosadi ya dikgang o jwalo ka marulelo a nelang (13)

      • Mosadi ya bohlale ke mpho e tswang ho Jehova (14)

      • Kgalemela ngwana ha monyetla o sa le teng (18)

      • Ho mamela keletso ho a hlalefisa (20)

    • 20

      • Veine e tla o tshehisa ka batho (1)

      • Ya botswa ha a leme mariha (4)

      • Menahano ya motho e jwalo ka metsi a tebileng (5)

      • Ke bowatla ho etsa boitlamo ka lepotlapotla (25)

      • Botle ba bahlankana ke matla a bona (29)

    • 21

      • Jehova o tataisa pelo ya morena (1)

      • Toka e molemo ho feta sehlabelo (3)

      • Motho ya kgothetseng o tla atleha (5)

      • Ya sa mameleng sello sa mofutsana a ke ke a mamelwa (13)

      • Ho hanyetsa Jehova ha se bohlale (30)

    • 22

      • Botumo bo botle bo molemo ho feta maruo a mangata (1)

      • Ho ruta ngwana a sa le monyenyane ho tla mo tswela molemo bophelo bohle (6)

      • Ya botswa o tshaba tau e ka ntle (13)

      • Kgalemelo e fedisa bowatla (15)

      • Motho ya tsebang mosebetsi wa hae o sebeletsa marena (29)

    • 23

      • Eba hlokolosi ha o menngwe (2)

      • O se ke wa lelekisa maruo (4)

      • Maruo a ka fela (5)

      • O se ke wa ba hara ba nwang veine haholo (20)

      • Jwala bo loma jwalo ka noha 32)

    • 24

      • O se ke wa kgalla batho ba kgopo (1)

      • Ntlo e hahwa ka bohlale (3)

      • Ya lokileng a ka wa empa o tla ema (16)

      • O se ke wa iphetetsa (29)

      • Ho rata boroko ho tla etsa hore o futsanehe (33, 34)

  • MAELE A SOLOMONE A ILENG A KOPITSWA KE BAHLANKA BA MORENA EZEKIASE (25:1–29:27)

    • 25

      • Boloka makunutu (9)

      • Ho kgetha mantswe hantle (11)

      • O se ke wa tjhakela moahisani wa hao hangata (17)

      • Ho bokella mashala hloohong ya sera (21, 22)

      • Tlaleho e monate e tshwana le metsi a phodileng (25)

    • 26

      • Ho hlaloswa motho ya botswa (13-16)

      • O se ke wa kenakenana le diqabang tsa batho (17)

      • Qoba meswaso e ka utlwisang ba bang bohloko (18, 19)

      • Ha patsi e le siyo mollo o a tima (20, 21)

      • Mantswe a moetselletsi a tshwana le dijo tse monate (22)

    • 27

      • Ho kgalemelwa ke motswalle ho molemo (5, 6)

      • Mora wa ka, thabisa pelo ya ka (11)

      • Tshepe e leotswa ka tshepe (17)

      • Tseba mohlape wa hao (23)

      • Maruo a ke ke a dula a le teng (24)

    • 28

      • Thapelo ya motho ya sa mameleng e a nyonyeha (9)

      • Ya bolelang diphoso tsa hae o tla hauhelwa (13)

      • Ya potlakelang ho rua o tla dula a le molato (20)

      • Kgalemelo e molemo ho feta thoriso ya boikaketsi (23)

      • Ya fanang a ke ke a hloka (27)

    • 29

      • Ngwana ya sa kgalemelweng o hlabisa dihlong (15)

      • Moo ho se nang pono batho ha ba laolehe (18)

      • Motho ya bohale o baka diqabang (22)

      • Motho ya ikokobeditseng o tla roriswa (23)

      • Ho tshaba batho ke leraba (25)

  • 30

    • MANTSWE A AGURE (1-33)

      • O se ke wa etsa hore ke futsanehe kapa ke rue (8)

      • Dintho tse sa kgotsofaleng (15, 16)

      • Dintho tse sa siyeng mohlala moo di fetileng (18, 19)

      • Mosadi ya febang (20)

      • Diphoofolo tse bohlale ka tlhaho (24)

  • 31

    • MANTSWE A MORENA LEMUELE (1-31)

      • Ke mang ya ka fumanang mosadi wa sebele? (10)

      • O sebetsa ka thata (17)

      • Mosa o laola leleme la hae (26)

      • O roriswa ke bana le monna wa hae (28)

      • Botle bo a fela (30)