Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebaka Sena se Tla u Rorisa

Sebaka Sena se Tla u Rorisa

Daonlouda:

  1. 1. Jehova Molimo oa rona,

    Re u leboha haholo.

    U re file sebaka sena,

    Oa re fa le moea oa hao.

    Mona re bona batho ba hao,

    Ba bokane ’moho Ntate.

    Ba rorisa lebitso la hao

    Ka dipelo tse thabileng.

    (BOROKHO)

    U re file tlotla

    Ea ho haha ntlo ena.

    Seo re fanang ka sona

    Se tsoa tsohong la hao.

    (K’HORASE)

    Re thabetse sebaka sena.

    Re tla bina re thabile.

    Re u leboha ho tsoa pelong.

    U re hlo’nolofalitse.

  2. 2. Sohle seo re neng re se hloka,

    U re file sona Ntate.

    U re file sebaka sena,

    Moo re tla u sebeletsa.

    Re kopa hore u re thuse

    Ha re ntse re thusa ba bang.

    Re filoe mosebetsi ona

    Ke Jesu Moren’a rona.

    (BOROKHO)

    Re u sebeletsa

    Ka ntho tsohle tsa rona.

    U tšoaneloa ke matla,

    Tlhompho le thoriso.

    (K’HORASE)

    Re thabetse sebaka sena.

    Re tla bina re thabile.

    Re u leboha ho tsoa pelong.

    U re hlo’nolofalitse.