Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebaka Sena se Tla o Rorisa

Sebaka Sena se Tla o Rorisa

Daonlouda:

  1. 1. Jehova Modimo wa rona,

    Re o leboha haholo.

    O re file sebaka sena,

    Wa re fa le moya wa hao.

    Mona re bona batho ba hao,

    Ba bokane mmoho Ntate.

    Ba rorisa lebitso la hao

    Ka lipelo tse thabileng.

    (BOROKGO)

    O re file tlotla

    Ya ho haha ntlo ena.

    Seo re fanang ka sona

    Se tswa tsohong la hao.

    (KHORASE)

    Re thabetse sebaka sena.

    Re tla bina re thabile.

    Re o leboha ho tswa pelong.

    O re hlo’nolofaditse.

  2. 2. Sohle seo re neng re se hloka,

    O re file sona Ntate.

    O re file sebaka sena,

    Moo re tla o sebeletsa.

    Re kopa hore o re thuse

    Ha re ntse re thusa ba bang.

    Re filwe mosebetsi ona

    Ke Jesu Moren’a rona.

    (BOROKGO)

    Re o sebeletsa

    Ka ntho tsohle tsa rona.

    O tshwanelwa ke matla,

    Tlhompho le thoriso.

    (KHORASE)

    Re thabetse sebaka sena.

    Re tla bina re thabile.

    Re o leboha ho tswa pelong.

    O re hlo’nolofaditse.