Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A re Tiyeng

A re Tiyeng

Downloada:

  1. 1. Ke thabile ha ke nahana

    Mohlang ke ne ke utlwa ka Jehova.

    Le kajeno thabo eo e’a tuka.

    Empa lefatshe lena le boima.

    (PELE HO KHORASE)

    Ke tla tshepeha.

    Ke tla ema ke tiile.

    (KHORASE)

    Ke tla dula nneteng ke matlafale.

    Ha ke batle ho kgwehlisa.

    Ka mehla ke tla bala Bibele.

    Ke tla dula ke rapela.

    Ke tla dula nneteng; ke tla tiya.

  2. 2. Re hahe hodima lefika.

    Re se ka haha moo ho sa tsitsang.

    Lefatshe lena le tswile taolong.

    Batho ba re: “Phela ka moo o ratang.”

    (PELE HO KHORASE)

    Re tseba nnete.

    Re tseba Mmuso.

    (KHORASE)

    Re tla dula nneteng re matlafale.

    Ha re batle ho kgwehlisa.

    Ka mehla re tla bala Bibele.

    Re tla dula re rapela.

    Re tla dula nneteng; a re tiyeng.

    (KHORASE)

    Re tla dula nneteng re matlafale.

    Ha re batle ho kgwehlisa.

    Ka mehla re tla bala Bibele.

    Re tla dula re rapela.

    Re tla dula nneteng; a re tiyeng.

    A re tiyeng.

    A re tiyeng.