Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabo e sa Feleng

Thabo e sa Feleng

(Pesaleme ea 16:11)

Daonlouda:

  1. 1. Ha ke phahamisa mahlo

    Ke bona botle

    Ba ntho tsohle tse bopiloeng

    Ke tsoho la hao.

    U bopile lintho tsohle

    ’Me qetellong tsa thabisa

    Pelo ea hao, Jah.

    (K’HORASE)

    Ha re nahana ka popo

    Le ka lefatše le lecha,

    ’Mopi re tlala thabo.

    Lerato le tsoang ho uena

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ke uena ea tla tlisa

    Thabo e sa feleng.

  2. 2. Jehova u re entse

    Ka tsela e hlollang.

    U re file lintho tsohle

    Tse re thabisang.

    Esale u batla re thabe

    ’Me re phele ka ho sa

    Feleng lefatšeng.

    (KHORASE)

    Ha re nahana ka popo

    Le ka lefatše le lecha,

    ’Mopi re tlala thabo.

    Lerato le tsoang ho uena

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ke uena ea tla tlisa

    Thabo e sa feleng.

    (BOROKHO)

    Ka baka la Mora oa hao

    Re na le tšepo.

    O re shoetse e le hore

    Re thabe ka ho sa feleng.

    (K’HORASE)

    Ha re nahana ka popo

    Le ka lefatše le lecha,

    ’Mopi re tlala thabo.

    Lerato le tsoang ho uena

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ke uena ea tla tlisa

    Thabo e sa feleng.

    (K’HORASE)

    Ha re nahana ka popo

    Le ka lefatše le lecha,

    ’Mopi re tlala thabo.

    Lerato le tsoang ho uena

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ke uena ea tla tlisa

    Thabo e sa feleng.