Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sireletsa Kelello ea Hao

Sireletsa Kelello ea Hao

Daonlouda:

  1. 1.Ke lula ke tšoenyehile,

    Ekare ha ke na thuso.

    Kea ipotsa hore na

    Ke bohlokoa ho uena.

    Jehova kea u rapela.

    Ke batla ho etsa thato ea hao.

    Ke utloa ho le thata,

    Empa Jehova oa nthusa

    (K’HORASE)

    Hore kamehla ke khotsofale,

    U re ho ’na ke nahane

    Ka ntho tse ntle. Ke tla ba matla,

    Ke sireletse kelello ea ka.

  2. 2.Nako tse ling ke nahana

    Ha ho mohla ke tla khona

    Hobane ke imetsoe,

    Ke lula ke nyahame.

    Empa Ntate kea phahama,

    Ke ruta batho tšepiso tsa hao,

    Hoba ke hana ka ’na.

    Kea tseba u tla ntšehetsa,

    (K’HORASE)

    Hore kamehla ke khotsofale,

    U re ho ’na ke nahane

    Ka ntho tse ntle. Ke tla ba matla,

    Ke sireletse kelello ea ka.

    Ke tla thaba.

    (BOROKHO)

    Menahano ena ea ka,

    Kamehla ke tla e hlola.

    Nke ke ka ba ka belaela.

    Jehova o teng, ke eena ea nthusang.

    Ke eena ea nthusang.

    (K’HORASE)

    Hore kamehla ke khotsofale,

    U re ho ’na ke nahane

    Ka ntho tse ntle. Ke tla ba matla,

    Ke sireletse kelello ea ka.