Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sireletsa Kelello ya Hao

Sireletsa Kelello ya Hao

Downloada:

  1. 1. Ke dula ke tshwenyehile,

    Ekare ha ke na thuso.

    Ke’a ipotsa hore na,

    Ke bohlokwa ho wena.

    Jehova ke’a o rapela.

    Ke batla ho etsa thato ya hao.

    Ke utlwa ho le thata,

    Empa Jehova o’a nthusa.

    (KHORASE)

    Hore ka mehla ke kgotsofale

    O re ho nna ke nahane

    Ka ntho tse ntle, ke tla ba matla.

    Ke sireletse kelello ya ka.

  2. 2. Nako tse ding ke nahana,

    Ha ho mohla ke tla kgona,

    Hobane ke imetswe,

    Ke dula ke nyahame.

    Empa Ntate ke ya phahama

    Ke ruta batho tshepiso tsa hao.

    Hoba ke hana ka nna.

    Ke’a tseba o tla ntshehetsa.

    (KHORASE)

    Hore ka mehla ke kgotsofale,

    O re ho nna ke nahane

    Ka ntho tse ntle, ke tla ba matla

    Ke sireletse kelello ya ka.

    Ke tla thaba.

    (BOROKGO)

    Menahano ena ya ka

    Ka mehla ke tla e hlola.

    Nke ke ka ba ka belaela.

    Jehova o teng, ke yena ya nthusang.

    Ke yena ya nthusang.

    (KHORASE)

    Hore ka mehla ke kgotsofale,

    O re ho nna ke nahane

    Ka ntho tse ntle, ke tla ba matla,

    Ke sireletse kelello ya ka.