Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Tumelo

Ka Tumelo

(Pesaleme ya 27:⁠13)

Daonlouda:

  1. 1. Nka se tshohe le tau.

    Nka se tshohe le dira.

    Ha Jehova a le teng,

    Ke tla ba sebete.

    Ke’a tseba hore o’a nthusa.

    (KHORASE)

    Ka tumelo, ke kgona ho mamella.

    Ka tumelo, nka se tshabe letho.

    Ke tla tiya ka mehla,

    Ke tla tshepahala

    Hobane Jehova o’a nthusa.

    Ka tumelo.

  2. 2. Bahlanka ba Jehova

    Ba ile ba mamella.

    Tumelo ya bona

    E ba file matla

    Mme re tla ba bona hape.

    (KHORASE)

    Ka tumelo, ke kgona ho mamella.

    Ka tumelo, nka se tshabe letho.

    Ke tla tiya ka mehla,

    Ke tla tshepahala

    Hobane Jehova o’a nthusa.

    Ka tumelo.

    (BOROKGO)

    Ka tumelo nka sisinya thaba.

    Le tshepo ya ka e matla.

    Ha Jehova

    A le pela ka ka mehla,

    Nke ke ka hlolwa ke letho.

  3. 3. Ke dula ke nahana

    Ka fatshe le letjha.

    Ke tla ba matla

    Hobane ke’a tseba

    Hore Jah o se a tla hlola.

    (KHORASE)

    Ka tumelo, ke kgona ho mamella.

    Ka tumelo, nka se tshabe letho.

    Ke tla tiya ka mehla,

    Ke tla tshepahala

    Hobane Jehova o’a nthusa.

    Ka tumelo,

    Ka tumelo.

(Sheba le Baheb. 11:​1-40.)