Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khutlela Phuthehong

Khutlela Phuthehong
  1. 1. Ke joaloka nku

    E seng e lahlehile.

    Ke ile ka tloha

    Ka har’a lesaka la Jehova.

    Joale kea bona hore

    Molisa oa ka o nts’a mpatla.

    (K’HORASE)

    O nthotse ke lutse ke le mong.

    A nthusa hore ke phahame,

    Ke khutlele lesakeng, har’a batho ba hae

    ’Me ke lule ke le phuthehong.

  2. 2. Ha ke le phuthehong,

    Ke lebala mathata.

    Ke na le metsoalle.

    Ke lelapa la batho ba Jehova.

    U mo tšepe ha u tšohile.

    Ha’u lahlehile o tla’u fumana,

    (K’HORASE)

    A’u thole, a u tataise,

    A’u thuse hobane o nts’a’u rata.

    O batla hore u khutle, u tle ka lapeng

    ’Me u lule u le phuthehong.

    (BOROKHO)

    Ha re u bona

    Re tla thaba haholo.

    Re ntse re’u rata.

    U se ke oa tšaba letho,

    U lapeng,

    Phuthehong.

    (K’HORASE)

    O’u thotse u feletsoe ke matla.

    A’u thusa hore u phahame,

    U khutlele lesakeng.

    U se ke oa tlohela

    Phutheho.