Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo a be Mong

Molimo a be Mong

Downloada:

  1. 1. Batho ba imetsoe,

    Lefatše le tsietsing.

    Ha ho khotso kapa tšepo,

    Batho ba hlolehile.

    Leha ho le thata,

    Jehova o tšepisa

    Ho re tlisetsa fatše le lecha,

    Bophelo bo thabisang.

    (K’HORASE)

    Re tla phela

    Ka khotso.

    Fatšeng lohle,

    Re tla momahana,

    Molimo a be mong.

  2. 2. Litšepiso tsena

    Ha se litoro feela.

    Leha re utloa ho le boima,

    Jah o teng pel’a rona.

    O tla re fa matla,

    O tla re tšelisa,

    A re fe khotso e sa feleng

    Ka linako tsohle.

    (K’HORASE)

    Re tla phela

    Ka khotso.

    Fatšeng lohle,

    Re tla momahana,

    Molimo a be mong.

    (BOROKHO)

    Khosana ea Khotso

    E tla tlisa thabo.

    Masoabi ’ohle a tla be a’ile.

    Batho fatšeng lohle

    Ba tla rapela Jah.

    (K’HORASE)

    Re tla phela

    Ka khotso.

    Fatšeng lohle,

    Re tla momahana.

    Re tla phela

    Ka khotso.

    Fatšeng lohle,

    Re tla momahana,

    Molimo a be mong

    Lefatšeng kaofela.