Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re be le Tšepo?

Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re be le Tšepo?

Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re be le Tšepo?

HO THOE’NG haeba Daniel, moshanyana ea neng a tšoeroe ke kankere ea boletsoeng qalong ea sehlooho se eteletseng see pele, a ne a ile a tšoarella tšepong ea hae e matla? Na a ka be a hlōtse kankere? Na a ka be a ntse a phela kajeno? Esita le batho ba buellang tšepo ka cheseho ba ne ba ke ke ba leka ho fana ka maikutlo ao. ’Me ke hona moo taba ea bohlokoa e leng hona teng. Tšepo ha e ea lokela ho feteletsoa. Hase makhona-tsohle, pheko ea mafu ’ohle.

Puisanong le ba Litaba Tsa CBS, Dr. Nathan Cherney o ile a lemosa ka kotsi ea ho feteletsa matla a tšepo ha ho tluoa bathong ba kulang haholo: “Re ’nile ra ba le maemo ao ho ’ona banna ba neng ba omanya basali ba bona hore ha ba thuise ka ho lekaneng, hore ha ba nahane ka tsela e nang le tšepo ka ho lekaneng.” Dr. Cherney o ile a eketsa: “Maikutlo ana a entse hore batho ba be le mehopolo e fosahetseng, ’me ha batho ba sa hlaphoheloe, ekare joale ba hlōlehile ho laola boemo ba bona ka tsela e nepahetseng, ’me sena ha sea nepahala.”

Bonneteng, ba seng ba ntse ba tšoeroe ke mafu a bolaeang ba ntoeng e khathatsang, e hlokang boiteko bo matla. Ka sebele, ntho ea ho qetela eo baratuoa ba bona ba ka batlang ho e etsa ke ho ba imetsa ka letsoalo le molato bothateng boo ba seng ba ntse ba e-na le bona. Joale, na re lokela ho etsa qeto ea hore tšepo ha e na molemo?

Le hanyenyane. Ka mohlala, eona ngaka eo e sebetsana ka ho khetheha le ho kokobetsa bohloko ’meleng—ke hore, phekolo e amanang feela le ho etsa hore mokuli a phele ka boiketlo le thabo haholoanyane hafeela a ntse a loana le boloetse bo mo tšoereng, eseng phekolo e loantšang boloetse ka ho toba kapa hona ho lelefatsa matsatsi a bophelo a mokuli. Lingaka tse joalo li lumela ka matla bohlokoa ba liphekolo tse lebisang boemong bo thabisang haholoanyane ba kelello, esita le bathong ba kulang haholo. Ho na le bopaki bo bongata ba hore tšepo e ka etsa hoo—esita le ho fetang moo.

Bohlokoa ba Tšepo

Dr. W. Gifford-Jones, eo e leng moqolotsi oa litaba tsa bongaka o re: “Ho ba le tšepo ke phekolo e matla.” O ile a hlahloba liphuputso tse sa tšoaneng tse entsoeng ho bona hore na tšehetso ea maikutlo e na le bohlokoa bo bokae ho motho ea kulelang lefu. Ho lumeloa hore mofuta ona oa tšehetso o thusa batho ho ba le tšepo haholoanyane le ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Phuputso e ’ngoe e entsoeng ka 1989 e ile ea fumana hore bakuli ba fuoang tšehetso e joalo ba phela nako e telele, athe patlisiso ea morao tjena e sitoa ho itlama tabeng eo. Leha ho le joalo, liphuputso li tiisitse taba ea hore bakuli ba fumanang tšehetso ea maikutlo ha ba tepelle maikutlong le ho utloa mahlaba joaloka ba sa e fumaneng.

Nahana ka phuputso e ’ngoe e lebisitseng tlhokomelo tseleng eo ho ba le tšepo le ho e hloka ho bang le eona boloetseng ba lefu la pelo (CHD). Sehlopha sa banna ba ka holimo ho 1 300 se ile sa hlahlojoa ka hloko ho bona hore na bophelong ke batho ba nang le tšepo kapa ba e hlokang. Phuputso e ileng ea etsoa ho bona lilemo tse leshome hamorao e ile ea fumana hore banna ba ka holimo ho karolo ea 12 lekholong ho bao ba ne ba tšoeroe ke boloetse bo itseng ba lefu la pelo. Banneng bao, ba batlang ba le ka holimo ho halofo ea bona ba ne ba hloka tšepo ha ba bapisoa le ba nang le eona. Laura Kubzansky, motlatsi oa profesa ea bophelo bo botle le boitšoaro ba sechaba Sekolong sa Harvard sa Bophelo bo Botle ba Sechaba, o re: “Boholo ba bopaki bo fanoeng khopolong ea hore ‘ho ba le maikutlo a nepahetseng’ ho molemo bakeng sa bophelo ba hao ke ntho e inahanetsoeng—phuputso ena e fana ka bopaki ba pele ba sebele ba bongaka bo tšehetsang khopolo ena tabeng ea lefu la pelo.”

Liphuputso tse ling li fumane hore ba lumelang hore ba fokolloa ke bophelo ha e le hantle ba hula ka thata ka mor’a ho buuoa ho feta batho ba inkang ba phela hantle. Esita le ho phela nako e telele ho ’nile ha amahanngoa le ho ba le tšepo bophelong. Phuputso e ’ngoe e ile ea hlahloba kamoo batho ba hōlileng ba angoang ke maikutlo a nepahetseng kapa a fosahetseng ka ho tsofala ha bona. Ha batho ba hōlileng ba ne ba bontšoa melaetsa e hlahang nako e khutšoanyane feela, ’me e le e amahanyang botsofali le bohlale bo eketsehileng le ho ba le phihlelo, ka mor’a moo ba ile ba bonoa ba tsamaela holimo ka sehlahlo. Ha e le hantle, sehlahlo seo se ne se lekana le seo ba ka bang le sona ka mor’a ho fumana koetliso ea libeke tse 12!

Ke hobane’ng ha ho bonahala ho ba le tšepo le maikutlo a nepahetseng e le lintho tse molemo bophelong bo botle ba ’mele? Mohlomong litsebi tsa saense le lingaka ha li e-s’o utloisise kelello ea motho le ’mele oa hae ka ho lekaneng hore li ka fana ka likarabo tse tobileng. Leha ho le joalo, litsebi tse ithutetseng taba ena li ka hakanya feela ho latela phihlelo ea tsona. Ka mohlala, moprofesa e mong oa methapo ea boko o re: “Ho monate ha motho a thabile a bile a e-na le tšepo. Ke boemo bo thabisang boo ho bona khatello ea maikutlo e leng e fokolang, ’me ’mele oa atleha maemong a joalo. Ke ntho e ’ngoe e eketsehileng eo batho ba ka iketsetsang eona, hore ba leke ho lula ba phela hantle ’meleng.”

Khopolo ena e ka ’na ea bonahala e le ncha ho lingaka tse ling, litsebi tsa kelello le litsebi tsa saense, empa hase khopolo e ncha ho liithuti tsa Bibele. Hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng, Morena Solomone ea bohlale o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe ana: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 17:22) Hlokomela ho leka-lekana ho teng mona. Temana ena ha e re pelo e thabileng e tla phekola boloetse leha e le bofe, empa e re feela “ke moriana o motle.”

Ha e le hantle, e ka ’na ea e-ba ho utloahalang ho botsa, Haeba tšepo e ne e le moriana, ke ngaka efe e neng e sa tl’o o fa mokuli? Ho feta moo, tšepo e na le melemo e fetelang ka nģ’ane ho bophelo bo botle.

Ho ba le Tšepo, ho e Hloka le Bophelo ba Hao

Bafuputsi ba fumane hore batho ba nang le tšepo ba rua melemo e mengata maikutlong ao a bona a nepahetseng. Ba atisa ho sebetsa hantle sekolong, mosebetsing esita le lipapaling tsa liatleletiki. Ka mohlala, ho ile ha etsoa phuputso sehlopheng se seng sa basali ba baatlelete. Mokoetlisi oa bona o ile a fana ka tlaleho ea bokhoni ba basali bao liatleletiking. Ka nako e tšoanang, ho ile ha etsoa phuputso basaling bao, ’me ha shejoa ka leihlo le nchocho hore na ba na le tšepo hakae bophelong. Ha li phutholoha, tšepo eo basali bao ba neng ba e-na le eona ke eona e neng e batla e nepa hantle hore na ba tla bapala joang ho feta litlhaloso tsohle tse fanoeng ke bakoetlisi ba bona. Ke hobane’ng ha tšepo e e-ba le tšusumetso matla hakaale?

Ho fumanoe ho hongata ka ho ithuta se fapaneng le ho ba le tšepo—e leng ho e hloka. Lilemong tsa bo-1960, liteko tse ileng tsa etsoa li ile tsa sibolla ntho e neng e sa lebelloa boitšoarong ba liphoofolo, e leng ho ileng ha etsa hore bafuputsi ba qape poleloana e reng “boikutlo ba ho hloka thuso bo ipaketsoeng.” Li ile tsa fumana hore le batho ba ka ba le bothata bo tšoanang. Ka mohlala, batho bao ho etsoang phuputso ka bona ba ile ba behoa lerateng le tšabehang eaba ba bolelloa hore ba ka le thōlisa ka ho penya likonopo tse latellanang. Ba ile ba atleha ho thōlisa lerata leo.

Sehlopha sa bobeli se ile sa bolelloa ntho e tšoanang—empa ha se penya likonopo, lerata le ne le sa thōle. Joalokaha u ka inahanela, ba bangata sehlopheng seo sa bobeli ba ile ba qala ho ikutloa ba se na thuso. Litekong tse ileng tsa etsoa hamorao, ho hang ba ne ba se ba le leqe ho nka khato. Ba ne ba kholisehile hore ntho leha e le efe eo ba e etsang e ke ke ea etsa phapang. Leha ho le joalo, esita le sehlopheng seo sa bobeli, ba nang le tšepo ha baa ka ba inehela maikutlong ao a ho hloka thuso.

Dr. Martin Seligman, ea thusitseng ho hlophiseng tse ling tsa liteko tseo tsa boholo-holo, o ile a susumelletseha hore a qale mosebetsi oa ho ithuta ka ho ba le tšepo le ho e hloka. O ile a hlahloba ka hloko hore na batho ba nang le bothata ba ho inka ba se na thuso ba nahana joang. O ile a etsa qeto ea hore monahano o joalo oa ho hloka tšepo o sitisa batho linthong tse ngata bophelong, kapa o be o ba tšoare matsoho ka ho feletseng. Seligman o hlalosa ka bokhutšoanyane maikutlo a ho hloka tšepo le liphello tsa hona tjena: “Lilemo tse 25 tseo ke entseng lipatlisiso ka tsona li nkholisitse hore haeba re tloaetse ho lumela joaloka batho ba hlokang tšepo hore tsietsi ha e hlaha ke ka lebaka la phoso ea rōna, hore e ea phehella ebile e tla lula e senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, joale re tla lula re hlaheloa ke litsietsi ho feta ha re ne re sa lumele seo.”

Joalokaha ho se ho boletsoe, liqeto tse joalo li ka ’na tsa utloahala li le ncha litsebeng tsa ba bang kajeno, empa ho liithuti tsa Bibele ho na le ntho e itseng eo li e tloaetseng. Hlokomela maele ana: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) E, Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore ho nyahama, hammoho le menahano ea hona e fosahetseng, e tla u monya matla a ho nka khato. Empa u ka etsa eng hore u loantše maikutlo a ho hloka tšepo ’me u hlaolele a ho ba le eona haholoanyane bophelong ba hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Tšepo e ka hlahisa melemo e mengata