Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nakong eo ka Eona Boitšoaro bo Ileng ba Nyehla ka Sekhahla

Nakong eo ka Eona Boitšoaro bo Ileng ba Nyehla ka Sekhahla

Nakong eo ka Eona Boitšoaro bo Ileng ba Nyehla ka Sekhahla

U KA re boitšoaro bo qalile ho nyehla ka sekhahla neng? Mehleng ea hao kapa mohlomong ea beng ka uena kapa metsoalle e hōlileng? Ba bang ba re Ntoa ea I ea Lefatše, e ileng ea qhoma ka 1914, ke eona e re baketseng ho nyehla ha boitšoaro ka tsela e e-s’o ka e bonoa tjena. Moprofesa oa histori, Robert Wohl o ngotse tjena bukeng ea hae e reng The Generation of 1914: “Ba phetseng nakong ea ntoa ba ke ke ba lebala hore lefatše la pele le ile la fela ka August 1914 ’me ha qaleha le leng le lecha.”

Rahistori, Norman Cantor, o re: “Hohle litekanyetso tsa boitšoaro—tse neng li se li ntse li nyehlile—li ile tsa senyeha le ho feta. Haeba bo-ralipolotiki le balaoli ba ne ba tšoere batho ba limilione ba tlas’a bona joalokaha eka ke liphoofolo tse eang tlhabong, joale ke litekanyetso life tsa bolumeli kapa tsa boitšoaro tse neng li ka thibela batho ho tšoarana hampe joaloka libatana tse mabifi? . . . Ho bolaea batho ba bangata ka sehlōhō Ntoeng ea Pele ea Lefatše [1914-18] ho ile ha nyehlisa ka ho feletseng litekanyetso tsa batho tsa boitšoaro.”

Bukeng ea hae e buang ka lintlha tse pharaletseng ea The Outline of History, H. G. Wells, e leng rahistori oa Lenyesemane, o boletse hore e bile ka mor’a hore khopolo ea ho iphetola ha lintho e amohelehe moo “boitšoaro bo ileng ba fela ba nyehla.” Hobane’ng? Ba bang ba ile ba nka hore motho ke feela phoofolo e phahametseng tse ling. Wells, ea neng a lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho, o ile a ngola tjena ka 1920: “Ba ile ba etsa qeto ea hore motho ke phoofolo e ratang ho phela le tse ling joaloka lintja tse hlaha tsa India . . . , ka hona, ho bona, ho ne ho utloahala ho loketse hore lintja tse khōlō har’a batho, e be bo-’mampoli ’me li buse.”

Ka sebele, joalokaha Cantor a bontšitse, ntoa ea pele ea lefatše e ile ea fetola litekanyetso tsa batho tsa boitšoaro. O ile a hlalosa: “Moloko oa mehleng e fetileng o ile oa nyatsuoa nthong e ’ngoe le e ’ngoe—lipolotiking, moaparong le litekanyetsong tsa oona tsa boitšoaro.” Likereke, tse ileng tsa senya lithuto tsa Bokreste ka ho buella khopolo ea ho iphetola ha lintho le ka ho khothalletsa batho ho etsa lintho tse fosahetseng, li ile tsa tlatsetsa haholo ho nyehleng ha boitšoaro. Molaoli-kakaretso oa mabotho a sesole sa Brithani, Frank Crozier, o ngotse tjena: “Likereke tsa Bokreste ke tsona tse ka sehloohong tse khothalletsang tšollo ea mali ’me re li sebelisa ka bolokolohi ho finyella sepheo sa rōna.”

Ho Lahloa ha Litekanyetso Tsa Boitšoaro

Lilemong tse leshome ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše—e leng lilemong tsa bo-1920 tseo ho neng ho thoe ke tsa Katleho le Monyaka—ho ile ha qheleloa ka thōko litekanyetso tsa boitšoaro le melao ea bona ’me tsa nkeloa sebaka ke boikutlo ba hore ntho leha e le efe e lokile. Rahistori Frederick Lewis Allen o re: “Lilemo tse leshome tse ileng tsa latela ntoa li ka bitsoa ka tšoanelo hore ke Lilemo Tse Leshome Tsa Mekhoa e Mebe. . . . Mehla eo ea khale e ile ea fela le litekanyetso tsa eona tse neng li atlehisa bophelo le ho fana ka morero bophelong, ’me ha hoa ka ha e-ba le litekanyetso tsa boitšoaro tse nkelang tseo sebaka.”

Ho oa ho Hoholo ha Moruo Lefatšeng lilemong tsa bo-1930 ho ile ha etsa hore ba bangata ba hlaphoheloe ha ba qoela bofutsaneng bo otlang pelo. Leha ho le joalo, qetellong ea leshome leo la lilemo, ho ile ha kupa ntoa e ’ngoe lefatšeng, e mahlo-mafubelu le ho feta—e leng Ntoa ea II ea Lefatše. Ka mor’a nakoana lichaba li ile tsa hlahisa libetsa tse kotsi, ’me Moruo oa boela oa nyoloha ka sekhahla, empa lefatše la tleloa ke mahlomola le masetla-pelo ao motho a sitoang ho a nahana. Ha ntoa e lala, metse e makholo e ne e le lithako, e ’meli ea Japane eona e ne e ripitliloe ka ho feletseng, motse ka mong o ripitliloe ka bomo ea athomo! Ho ile ha shoa batho ba limilione likampong tse sehlōhō tsa mahloriso. Ba ileng ba shoa ntoeng eo e bile banna, basali le bana ba ka bang limilione tse 50.

Maemong ao a nyarosang a Ntoa ea II ea Lefatše, ho e-na le hore batho ba khomarele litekanyetso tsa se amohelehang tseo e leng khale ba li latela, ba ile ba amohela mekhoa e mecha ea boitšoaro. Buka e reng Love, Sex and War—Changing Values, 1939-45, e re: “Ho ile ha bonahala eka nakong ea ntoa ho itšoara tabeng ea ho kopanela liphate ho ile ha behelloa ka thōko ho se hokae, ’me borata bo neng bo etsoa ke ba lebaleng la ntoa bo ile ba kenella le ho ba setseng mahae. . . . Khatello le merusu nakong eo ea ntoa ka potlako li ile tsa senya boitšoaro ba batho, ’me malapeng a mangata bophelo bo ile ba bonahala e se letho, ba nkoa bo le bokhutšoanyane joaloka bophelo ba ba leng lebaleng la ntoa.”

Tšabo e neng e lula e le teng ea hore motho a ka shoa neng kapa neng e ile ea etsa hore ba bangata ba labalabele le ho feta ho ba le kamano ea maikutlo le ba bang, esita le haeba e le ea nakoana. ’Mè e mong oa lelapa oa Brithani, ha a buella borata bo neng bo iketsetsoa ha ho tluoa litabeng tsa ho kopanela liphate lilemong tseo tsa pherekano, o itse: “Hase hore re ne re itšoere hampe, ke feela hore ntoa e ne e kupa.” Lesole le leng la Amerika le ile la lumela: “Batho ba bangata ba ne ba nka hore re itšoere hampe, empa re ne re sa le banyenyane ’me re ne re ka ’na ra shoa ka le hlahlamang.”

Ba bangata ba ileng ba phonyoha ntoa eo ba ile ba hlokofatsoa ke masetla-pelo ao ba a boneng. Le kajeno, ba bang ba bona, ho akarelletsa bao e neng e ntse e le bana ka nako eo, ba ntse ba tleloa ke mehopolo ea lintho tse bohloko tse etsahetseng, ba utloa eka masetla-pelo ao a boetse aa etsahala. Ba bangata ba ile ba felloa ke tumelo hammoho le tataiso ea boitšoaro. Ba se ba sa hlomphe bolaoli leha e le bofe bo ka behang litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng, batho ba ile ba qala ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le taba ea boikhethelo.

Mekhoa e Mecha ea Boitšoaro

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha phatlalatsoa liphuputso tse entsoeng mabapi le tsela eo batho ba itšoarang ka eona ntlheng ea ho kopanela liphate. Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa United States lilemong tsa bo-1940 e bile Tlaleho ea Kinsey, e neng e ngotsoe maqepheng a fetang 800. Ka lebaka la eona, batho ba bangata ba ile ba qala ho bua ka bolokolohi ka litaba tsa ho kopanela liphate, e leng ntho eo pele e neng e sa buuoe feela tjee. Le hoja hamorao ho ile ha hlokomeloa hore lipalo tse neng li fanoe tlalehong eo mabapi le basodoma le ba kopanelang boitšoarong bo bong bo litšila li ne li fetelelitsoe, phuputso eo e ile ea senola hore boitšoaro bo ile ba nyehla haholo ka mor’a ntoa.

Ka nakoana, ho ile ha etsoa boiteko ba ho boloka boitšoaro bo amohelehang. Ka mohlala, boitšoaro bo bobe seea-le-moeeng, lifiliming hammoho le thelevisheneng bo ne bo thibetsoe. Empa ha e ea ka ea e-ba ka nako e telele. William Bennett, eo e kileng ea e-ba mongoli lefapheng la thuto United States, o ile a hlalosa: “Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1960, Amerika e ile ea qala ho tetebela ka potlako ho se ka bitsoang boqaba.” Sena se ile sa bonahala le linaheng tse ling tse ngata. Ke hobane’ng ha boitšoaro bo ile ba nyehla ka sekhahla lilemong tsa bo-1960?

Leshomeng leo la lilemo, ka nako e batlang e tšoana ho ile ha e-ba le mokhatlo oa tokoloho ea basali hammoho le mekhoa e mecha tabeng ea ho kopanela liphate, e neng e bitsoa ea sejoale-joale. Hape, ho ile ha etsoa lipilisi tse atlehang tsa ho thibela kemolo. Kaha joale batho ba ne ba ka kopanela liphate ba sa tšohe hore e mong o tla ima, “ho kopanela liphate ntle le boitlamo ba letho” ho ile ha ata.

Ka nako e tšoanang, likoranta, lifilimi le thelevishene li ile tsa nyehlisa melao ea tsona ea boitšoaro. Hamorao, Zbigniew Brzezinski, eo e kileng ea e-ba hlooho ea National Security Council United States, o ile a re ka boitšoaro bo bontšoang thelevisheneng: “Ho totobetse hore bo khothalletsa batho ho ikhotsofatsa, bo hlahisa pefo e feteletseng le bobatana eka ke lintho feela tjee, [’me] bo khothalletsa boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate.”

Mechine e bapalang le ho rekota lik’hasete tsa video e ne e se e atile lilemong tsa bo-1970. Ba le bang malapeng a bona, batho ba ne ba se ba ka shebella liketso tse hlephileng tsa ho kopanela liphate tse bontšoang pepenene tseo ba neng ba ke ke ba rata ho bonoa ba li shebeletse libaesekopong tsa sechaba. Morao tjena, Inthanete e entse hore litšoantšo tse manyala ka ho fetisisa tse hlephisang boitšoaro li fumanehe linaheng tsohle lefatšeng ho pota ho mang le mang ea nang le k’homphieutha.

Sena se bakile liphello tse ngata tse tšosang. Molebeli e mong oa chankana United States haufinyane tjena o sa tsoa re: “Lilemong tse leshome tse fetileng, ha bacha ba ne ba fihla mona ke ne ke bua le bona ka taba ea se nepahetseng le se fosahetseng. Empa bacha ba kenang hona joale ha ba utloe hore na ha e le hantle ke bua ka eng.”

Motho a ka Fumana Tataiso Hokae?

Re ke ke ra fumana tataiso ea boitšoaro likerekeng tsa lefatše. Ho e-na le hore li khomarele melao-motheo e lokileng joalokaha Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa, likereke li ikentse karolo ea lefatše lena hammoho le liketso tsa lona tse khopo. Sengoli se seng se ile sa botsa: “Ke ntoa efe e kileng ea loanoa mahlakore ka bobeli a sa re Molimo o oa a tšehetsa?” Ha e le tabeng ea ho khomarela litekanyetso tse nepahetseng tsa boitšoaro tse behiloeng ke Molimo, moruti e mong oa New York City o kile a re lilemong tse fetileng: “Mekhatlong eohle e teng lefatšeng, ke kerekeng feela moo batho ba hlokoang ho honyenyane ho feta le ba kenang ka beseng.”

Ka ho hlakileng, ho nyehla ha boitšoaro ka sekhahla lefatšeng lena ho bontša hore ho hlokahala hore ho etsoe ho itseng. Empa ho ka etsoa’ng? Ho hlokahala phetoho ea mofuta ofe? Ke mang ea ka tlisang phetoho eo, ’me o tla e tlisa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ho bolaea batho ba bangata ka sehlōhō Ntoeng ea Pele ea Lefatše [1914-18] ho ile ha nyehlisa ka ho feletseng litekanyetso tsa batho tsa boitšoaro

[Lebokose le leqepheng la 6]

Boitšoaro Le Litekanyetso Tsa Boitšoaro

Boitšoaro bo ne bo se habeli. Motho e ne e ka ba ea tšepahalang kapa ea sa tšepahaleng, ea hloekileng kapa ea sa hloekang, ea hlomphehang kapa ea sa hlompheheng. Empa hona joale poleloana e reng “litekanyetso tsa boitšoaro” e nketse lentsoe “boitšoaro” sebaka. Empa ho na le bothata ka sena, joalokaha Gertrude Himmelfarb, setsebi sa histori, a bontša bukeng ea hae e reng The De-Moralization of Society: “Motho a ke ke a re e mong le e mong o na le tokelo ea ho ikhethela boitšoaro, empa a ka re . . . motho o na le tokelo ea ho ikhethela litekanyetso tsa boitšoaro.”

O re litekanyetso tsa boitšoaro “e ka ba seo motho a se lumelang, mehopolo ea hae, boikutlo, mekhoa, tloaelo, khetho, leeme esita le mekhoa e sa tloaelehang—ntho leha e le efe eo motho, sehlopha kapa sechaba se e nkang e le ea bohlokoa, neng le neng, ho latela lebaka leha e le lefe.” Sechabeng sa kajeno sa tokoloho, batho ba nka hore ba ka ikhethela litekanyetso tsa boitšoaro, feela joalokaha ba ikhethela seo ba se rekang lebenkeleng. Joale boemong boo, ho etsahala’ng ka boitšoaro kapa melao ea boitšoaro bo botle?

[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]

Boithabiso bo litšila bo ea bo ntse bo fumaneha habonolo