Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang Mongoli oa Bibele?

Ke Mang Mongoli oa Bibele?

Pono Ea Bibele

Ke Mang Mongoli oa Bibele?

BIBELE ha e hlathe koana le koana ha ho tluoa tabeng ea hore na e ngotsoe ke mang. Likarolo tse ling tsa buka ena li qala ka lipoleloana tse kang “mantsoe a Nehemia,” “pono ea Esaia” le “lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho Joele.” (Nehemia 1:1; Esaia 1:1; Joele 1:1) Litlaleho tse ling tsa histori ho thoe li ngotsoe ke Gade, Nathane, kapa Samuele. (1 Likronike 29:29) Lihloohoana tsa lipesaleme tse ’maloa li senola hore na li qapiloe ke bo-mang.—Pesaleme ea 79, 88, 89, 90, 103 le ea 127.

Kaha ho ile ha sebelisoa batho ho ngola Bibele, ba belaellang lintho ba re ke buka feela tjee e ngotsoeng ke batho ba bohlale, ho tšoana le buka leha e le efe e ’ngoe. Empa na maikutlo aa a na le motheo o utloahalang?

Mongoli o Mong le Hoja e Ngotsoe ke Batho ba 40

Bangoli ba bangata ba Bibele baa lumela hore ke Jehova, Molimo oa ’nete ea ba laetseng hore ba ngole, ’me ba ne ba tataisoa ke eena kapa mangeloi a hae. (Zakaria 1:7, 9) Baprofeta ba ngotseng Mangolo a Seheberu ba phetile ka makhetlo a fetang a 300 mantsoe a reng: “Sena ke seo Jehova a se boletseng.” (Amose 1:3; Mikea 2:3; Nahume 1:12) Mangolo a mangata ao ba a ngotseng a qala ka lipoleloana tse kang “lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho Hosea.” (Hosea 1:1; Jonase 1:1) Moapostola Petrose o ile a re ka baprofeta ba Molimo: “Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 Petrose 1:21.

Ka hona, Bibele ke buka e nang le likarolo tse ngata empa tse lumellanang, tse ngotsoeng ke batho ba bangata ba lumelang hore ke Molimo ea ikarabellang ka seo ba se ngotseng. Ka mantsoe a mang, Molimo o ile a sebelisa bangoli ba batho hore ba ngole likhopolo tsa hae. O entse see joang?

“Le Bululetsoe ke Molimo”

Moapostola Pauluse o ile a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “le bululetsoe ke Molimo” ha e le hantle e bolela hore le “phefumolohetsoe ke Molimo.” Ke hore Molimo o ile a sebelisa matla a sa bonahaleng ho tataisa menahano ea batho ba ngolang, a ba fa molaetsa. Empa Litaelo Tse Leshome tsona, Jehova o ile a ingolla tsona matlapeng a lejoe. (Exoda 31:18) Ka linako tse ling Molimo o ne a bolella bahlanka ba hae ba batho ka ho toba hore na ba ngole eng. Exoda 34:27 e re: “Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: ‘Ingolle mantsoe ana . . . ’”

Maemong a mang, Molimo o ne a etsa hore batho ba bone lipono tsa seo a batlang hore ba se tlalehe. Ke kahoo Ezekiele a ileng a re: “[Ke ile] ka qala ho bona lipono tsa Molimo.” (Ezekiele 1:1) Ka ho tšoanang, “Daniele [o ile] a bona toro le lipono tsa hlooho ea hae a le betheng ea hae. Ka nako eo a ngola toro eo fatše.” (Daniele 7:1) Buka ea ho qetela ea Bibele, e leng Tšenolo, e ile ea fetisetsoa ho moapostola Johanne ka tsela e tšoanang le eo. Johanne o ile a ngola a re: “Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena, ’me ka mor’a ka ka utloa lentsoe le matla le joaloka la terompeta, le re: ‘Seo u se bonang u se ngole moqolong.’”—Tšenolo 1:10, 11.

E Bontša Hore e Ngotsoe ke Batho

Ho bululeloa ha eona ke Molimo ha hoa ka ha hlakola taba ea hore e ngotsoe ke batho ba sa tšoaneng. Ha e le hantle, bangoli ba ne ba lokela ho etsa boiteko ha ba ngola molaetsa oa Molimo. Ka mohlala, mongoli oa buka ea Bibele ea Moeklesia, o re “o ile a batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moeklesia 12:10) Ha Esdrase a tlaleha histori, o ile a batlisisa bonyane mehloling e 14, joaloka “tlalehong ea litaba tsa matsatsi a Morena Davida” le “Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele.” (1 Likronike 27:24; 2 Likronike 16:11) Luka ea ngotseng Kosepele o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, a li ngola ka tatellano e hlophisehileng.’—Luka 1:3.

Libuka tse ling tsa Bibele li senola ho itseng ka mongoli. Ka mohlala, Matheu Levi, eo e neng e le ’mokelli oa lekhetho pele e e-ba morutuoa oa Jesu, o ne a thahasella lipalo ka ho khetheha. Ke eena feela mongoli oa Kosepele ea tlalehileng hore Jesu o ile a ekoa ka “likotoana tsa silevera tse mashome a mararo.” (Matheu 27:3; Mareka 2:14) Ngaka Luka o ile a tlaleha lintlha tsa bongaka ka nepo. Ka mohlala, ha a hlalosa maloetse a batho ba bang bao Jesu a ileng a ba phekola, o sebelisa lipoleloana tse kang “feberu e phahameng” le “ea tletseng lepera.” (Luka 4:38; 5:12; Bakolose 4:14) Kahoo, hangata Jehova o ne a lumella bangoli hore ba itlhalose ka mantsoe a bona le ka tsela ea bona; empa ka nako e tšoanang a tataisa likelello tsa bona e le hore seo ba se ngolang se fetise molaetsa oa hae ka nepo.—Liproverbia 16:9.

Bibele e Feletseng

Na hase ho makatsang hore ebe batho ba 40, ba ngotseng ba le libakeng tse sa tšoaneng nakong ea lilemo tse fetang 1 600, ba ngotse buka e lumellanang ka ho feletseng lintlheng tsohle le e nang le sehlooho se le seng se babatsehang? (Bona sehlooho se reng “Bibele e Bua ka Eng?” leqepheng la 19.) Sena se ne se ke ke sa etsahala haeba kaofela ha bona ba ne ba sa tataisoe ke Mongoli a le mong.

Na Jehova o ne a tlamehile ho sebelisa batho hore ba ngole Lentsoe la hae? Che. Empa ka ho ba sebelisa o ile a bonahatsa bohlale ba hae. Ha e le hantle, lebaka le leng le etsang hore Bibele e ipiletse ho batho bohle ke hore bangoli ba eona ba hlalosa ka tsela e kholisang litsela tse sa tšoaneng tseo batho ba ikutloang ka tsona—Morena Davida o buile ka boikutlo bo molato boo moetsalibe ea bakileng ea kōpang Molimo hore a mo hauhele a bang le bona.—Pesaleme ea 51:2-4, 13, 17, sehloohoana.

Le hoja Jehova a ile a sebelisa batho ho ngola, re ka tšepa seo ba se ngotseng, joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ‘ba sa kang ba amohela Mangolo a Halalelang e le lentsoe la batho, empa ba a amohela feela joalokaha kannete a le joalo, e le lentsoe la Molimo.’—1 Bathesalonika 2:13.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Mongoli oa “Lengolo lohle” ke mang?—2 Timothea 3:16.

◼ Jehova Molimo o fetisitse likhopolo tsa hae ka litsela life?—Exoda 31:18; 34:27; Ezekiele 1:1; Daniele 7:1.

◼ Botho ba bangoli le lintho tseo ba li thahasellang li bonahetse joang ho seo ba se ngotseng?—Matheu 27:3; Luka 4:38.