Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Bua ka Eng?

Bibele e Bua ka Eng?

Bibele e Bua ka Eng?

BA BANG ba nka Bibele e le buka ea histori, kaha e tlaleha tsela eo Molimo a ’nileng a sebelisana le batho ka eona ho theosa le lilemo tse likete. Ba bang ba e nka e le buka ea melao ea boitšoaro. Ba bua ka melao le litaelo tse fetang 600 tseo Molimo a neng a li file sechaba sa Iseraele ho se tataisa litabeng tsa boahloli, ka lapeng, boitšoarong le bolumeling. Ba bang bona ba nka hore Bibele ke buka e tataisang batho litabeng tsa bolumeli e senolang mehopolo ea Molimo.

Ha e le hantle, litlhaloso tsena kaofela li nepahetse. Bibele ha e itlhalosa e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Ka sebele, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Lentsoeng la Molimo—ho akarelletsa le litlaleho tsa histori, melao le likeletso litabeng tsa moea—ke ea bohlokoa.

Leha ho le joalo, Bibele ha se feela pokello ea boitsebiso bo molemo. Ka tsela e ikhethang, Bibele ke tšenolo e tsoang ho Jehova Molimo. E fana ka keletso e sebetsang, e bululetsoeng ke Molimo bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi. E boetse e senola morero oa Jehova ka lefatše le ka moloko oa batho, hammoho le ho bontša hore na o tla felisa lintho tse bakelang batho mahlomola joang. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, Bibele e hlalosa hore Molimo o ’nile a senngoa lebitso ka boomo ’me e bontša hore na o tla rarolla bothata boo ba bokahohleng joang.

Molimo o Bitsoa ea Leshano le ’Musi ea Mobe

Bibele e re Molimo o ile a bōpa batho ba pele, Adama le Eva, ba phethahetse kelellong le ’meleng ’me a ba beha sebakeng se setle. O ile a re ba hlokomele lefatše le liphoofolo. (Genese 1:28) E le bana ba Molimo, Adama le Eva ba ne ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, hafeela ba ne ba ka mamela Ntate oa bona oa leholimo. O ile a ba thibela ka ntho e le ’ngoe feela. Jehova o ile a re: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.”—Genese 2:16, 17.

Leha ho le joalo, sebōpuoa sa moea seo ka Bibeleng se hlalosoang e le Satane Diabolose, se ile sa bua ho fapaneng: “Ka sebele le ke ke la shoa.” (Genese 3:1-5) A sa soabe ho hanyetsa Molimo, Satane o ile a re ’Mōpi o leshano a ba a fana ka maikutlo a hore tsela ea Hae ea ho busa e fosahetse—batho ba ne ba ka ipusa hamolemo ntle ho Molimo. Satane o ile a kholisa Eva hore ho se mamele Molimo ho ne ho tla ba tlisetsa tokoloho le boitaolo tabeng ea boitšoaro. O ile a re Eva o tla ba “joaloka Molimo”! Ka tsela eo, Satane o ile a senya Jehova lebitso le ho hanyetsa morero oa hae.

Puisano eo e bile le liphello tse tebileng. Ha e le hantle, taba e ka sehloohong eo Bibele e buang ka eona ke morero oa Jehova oa ho itlotlisa le ho tlotlisa lebitso la hae. Sena se akarelitsoe hantle thapelong ea mohlala ea Jesu—eo hangata ho thoeng ke Thapelo ea Morena kapa ea Ntat’a Rōna. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.

Kamoo Molimo a Tlotlisang Lebitso la Hae Kateng

Satane o ile a jala lipelaelo tse tebileng: Ke mang ea buileng ’nete—Jehova kapa Satane? Na Jehova o busa pōpo ea hae ka toka le ka tsela e molemo? Na o na le tokelo ea ho lebella hore batho ba mo mamele? Na lintho li ne li ka tsamaea hantle le ho feta ha batho ba ipusa? E le ho araba lipotso tseo, Jehova o ile a tlohella batho hore ba ipuse ka nakoana.

Phello e bile efe? Ho tloha nakong eo ea ha leshano le ne le buuoa ka lekhetlo la pele, histori ea batho e ’nile ea tlala ka mathata le mahlomola, ea paka hore Satane ke raleshano le hore ho itokolla pusong ea Molimo ho isa tlokotsing feela. Leha ho le joalo, Jehova, leratong la hae le bohlaleng ba hae bo sa lekanngoeng, o rerile ho tlotlisa lebitso la hae ka ho felisa mathata ’ohle a qalileng Edene. O tla etsa joalo ka ’Muso oa Bomesia. ’Muso oo ke eng?

Tharollo ke ’Muso oa Molimo

Batho ba limilione kamehla ba pheta Thapelo ea Morena. Ak’u iphe nako e seng kae ho nahanisisa ka seo e se bolelang. Nahana ka mantsoe a reng: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:10) ’Muso oo hase feela boemo ba pelo, joalokaha ba bang ba entse qeto eo. Ho e-na le hoo, joalokaha lentsoe “morena” le bontša, ke ’muso—’muso oa leholimo o tlas’a taolo ea Jesu Kreste, “Morena oa marena.” (Tšenolo 19:13, 16; Daniele 2:44; 7:13, 14) Bibele e ruta hore o tla busa lefatše lohle, a tlise khotso e sa feleng le kutloano bathong bohle ’me a tlose bokhopo bohle bo lefatšeng. (Esaia 9:6, 7; 2 Bathesalonika 1:6-10) Ka tsela ena, ’Muso oa Molimo—eseng ’muso leha e le ofe oa batho—o tla phethahatsa mantsoe ana a Jesu: “Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.”

E le ho tiisa hore mantsoe ao a tla phethahala, Jesu o fane ka bophelo ba hae e le thekollo, a lopolla bana ba Adama sebeng le lefung. (Johanne 3:16; Baroma 6:23) Ka hona, tlas’a ’Muso oa Molimo, bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa Kreste ba tla bona ha liphello tsa sebe sa Adama li tlosoa ’me batho butle-butle ba khutlisetsoa phethehong. (Pesaleme ea 37:11, 29) Qetellong ho tla be ho se ho se na ho kula ho re hlokofatsang, haholo-holo nakong ea botsofali. Esita le bohloko ba maikutlo bo bakoang ke ho kula le lefu molokong oa batho bo tla be bo “fetile.”—Tšenolo 21:4.

Ke’ng e ka re kholisang hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae? Lebaka le leng ke hore boprofeta bo makholo bo fumanoang ka Bibeleng bo se bo phethahetse. (Bona leqephe la 9.) Ka hona, ho hlakile hore ho ba le tumelo Bibeleng hase tumelo e se nang mabaka kapa feela ho lumela seo motho a lakatsang hore se etsahale, empa tumelo eo e thehiloe mabakeng a utloahalang le bopaking bo bongata.—Baheberu 11:1.

Keletso e Sebetsang Mehleng ea Rōna

Ntle le hore Bibele e re fa motheo o tiileng oa tšepo bakeng sa bokamoso, e boetse e re thusa hore re phele ka tsela e thabileng mehleng ena. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le fana ka keletso eo ho seng e tšoanang le eona e sebetsang mabapi le bophelo ba lelapa, likamano le batho ba bang, ho fumana thabo le lintlheng tse ling tse ngata. Ak’u nahane ka mehlala e ’maloa feela.

Nahana pele u bua. “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”—Liproverbia 12:18.

Qoba mōna o se nang thuso. “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama, empa poulelo ke ho bola masapong.”—Liproverbia 14:30.

Laea bana ba hao. “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” “Moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.”—Liproverbia 22:6; 29:15.

E-ba ea tšoarelang. Jesu o itse: “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” (Matheu 5:7) Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola: “Lerato le koahela litlōlo tsohle.” (Liproverbia 10:12) Haeba seo motho a u sitetsoeng ka sona se tebile hoo u ke keng ua mo tšoarela habonolo feela ua ba ua lebala, Bibele e fana ka keletso ena: “E-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang.”—Matheu 18:15.

Qoba lerato la chelete. “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang . . . ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Hlokomela hore Bibele e nyatsa “lerato la chelete,” eseng chelete ka boeona.

“Lengolo” le Tsoang ho Ntate oa Rōna oa Leholimo

Ho hlakile hore Bibele e bua ka lintho tse ngata. Joalokaha re bona, ntho e ka sehloohong eo e buang ka eona ke Molimo le morero oa hae. Empa e boetse e bua ka rōna—batho—le hore na re ka phela joang re thabile hona joale le ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Ka mantsoe a mang, Bibele e tšoana le lengolo le tsoang ho “Ntate oa rōna ea maholimong,” e leng Jehova. (Matheu 6:9) Jehova o re bolella ka lona menahano ea hae e babatsehang ebile o re senolela morero oa hae le botho ba hae bo babatsehang.

Ha re bala Bibele re bile re nahanisisa ka eona, re qala ho “bona” Molimo kamoo a hlileng a leng kateng. Ha re rata seo re se balang, re huleloa ho eena kamanong e lerato ea bonngoe. (Jakobo 4:8) Ka sebele, Bibele hase buka e buang feela ka histori, boprofeta le melao. E boetse e bua ka kamano ea rōna le Molimo. Sena se etsa hore buka ena e be e ikhethang le ea bohlokoa haholo.—1 Johanne 4:8, 16.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]

Sehlooho sa Bibele se akarelitsoe hantle lipolelong tse qalang tsa thapelo ea Jesu ea mohlala

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 21]

KAMOO U KA BALANG BIBELE

Bibele ke buka e hlollang ha e baloa. Ha e le hantle, litlaleho tsa eona le seo e se rutang tabeng ea boitšoaro li tsebahala hoo li phethang karolo e khōlō libukeng tsa lipuo tse ngata. Bibele e re thusa hore re tsebe ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Hape ke mohloli oa bohlale bo sebetsang. Maele a Bibele a re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Fumana bohlale; ’me hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso.” (Liproverbia 4:7) U ka rua molemo haholo joang ka ho bala Bibele?

Leka ho etsa kemiso ea ho e bala nakong eo u hlaphohetsoeng haholo. U se ke ua okola boitsebiso ka holimo feela ha u bala. U lokela ho e bala ka sepheo sa ho tlatsa kelello ea hao ka mehopolo ea Molimo le ho e utloisisa ka ho feletseng. Ha u qeta ho bala karolo e itseng, nahanisisa ka seo u se balileng, ’me u se bapise le seo u seng u ntse u se tseba. Sena se tla tebisa kutloisiso le kananelo ea hao pelong.—Pesaleme ea 143:5.

Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Nka qala kae ho bala Bibele?’ U ntse u ka e qala qalong. Leha ho le joalo, ba bang ba qalang ho e bala ba fumana ho le bonolo ho qala ka Likosepele—Matheu, Mareka, Luka le Johanne—e leng litlaleho tsa bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Ka mor’a moo ba bang ba fetele libukeng tsa lithothokiso tse ngotsoeng ka bokheleke tse bileng li fanang ka likeletso tse ngata tse bohlale—e leng Lipesaleme, Liproverbia le Moeklesia. Ka mor’a moo, thahasello ea hao e tla be e leolitsoe hore u ka bala mangolo a mang a Bibele. (Bona se ngotsoeng ka tlaase.) U se ke ua amohela khopolo e fosahetseng ea hore u lokela ho bala feela karolo eo ka tloaelo e bitsoang Testamente e Ncha. Hopola hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”—2 Timothea 3:16.

Tsela eo ka ho khetheha e sebetsang ea ho ithuta Bibele ke ea ho ithuta eona ho latela lihlooho. Ka mohlala, buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa, e akarelletsa lihlooho tse nakong tse kang se reng “Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng,” “Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang” le se reng “Bafu ba Hokae?”—Bona lebokose le leqepheng la 18.

[Lebokose le leqepheng la 21]

HO BALA BIBELE HO EA KA SEHLOOHO SA TABA

Tšimoloho ea bophelo le ho oela ha motho sebeng Genese

Ho thehoa ha sechaba sa boholo-holo sa Iseraele Exoda ho ea ho Deuteronoma

Litlaleho tse hlalosang ka botlalo liketsahalo tse thahasellisang Joshua ho ea ho Esthere

Lithothokiso tse amang pelo le lipina Jobo, Lipesaleme, Sefela sa Lifela

Likeletso tse bohlale bophelong Liproverbia, Moeklesia

Boprofeta le tataiso ea boitšoaro Esaia ho ea ho Malakia le Tšenolo

Bophelo ba Jesu le thuto ea hae Matheu ho ea ho Johanne

Ho thehoa le ho jaleha ha Bokreste Liketso

Mangolo a eang ho liphutheho Baroma ho ea ho Juda