Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motsoalle oa Bohata

Motsoalle oa Bohata

Motsoalle oa Bohata

U na le “motsoalle” eo u kopaneng le eena bocheng. O etsa hore u ikutloe u tsitsitse kelellong ’me ho bonahala eka o u thusa hore u amohelehe lithakeng tsa hao. Kamehla ha u sithabetse, u ea ho eena hore a u “imolle.” Ha e le hantle, u ’nile ua itšetleha ka eena maemong a mangata.

Empa ha nako e ntse e ea, ua hlokomela hore o patile bolotsana. O batla ho ba le uena ka linako tsohle, esita le haeba seo se u sitisa ho kena libakeng tse itseng. Le hoja e ka ’na eaba o entse hore u ikutloe u tsitsitse kelellong, o u senyetsa bophelo. Ho hobe le ho feta, ke hore o u utsoa karolo e ’ngoe ea moputso oa hao.

Morao tjena, u lekile ho khaola maqhama le eena, empa ha a batle. E se e le eena ea u laolang. U ikoahlaela hore ebe u ile ua kopana le eena.

ENA ke kamano eo batho ba bangata ba tsubang ba nang le eona le koae. Mosali e mong ea bitsoang Earline ea qetileng lilemo tse 50 a tsuba, o re: “Koae e ne e nthusa ho feta kamoo motho e mong a neng a ka nthusa kateng. E ne e le motsoalle oa khale—’me ka linako tse ling e le motsoalle feela eo ke nang le eena.” Empa ha e le hantle, joalokaha Earline a ile a hlokomela, koae ke motsoalle oa bohata le ea sehlōhō. Ha e le hantle, mantsoe a selelekeleng a ne a ka mo tšoanela—ha e se ntlheng e le ’ngoe feela. O ile a khaotsa ho tsuba ha a ithuta hore ho fosahetse mahlong a Molimo, kaha ho silafatsa ’mele eo a re fileng eona.—2 Bakorinthe 7:1.

Monna e mong ea bitsoang Frank le eena o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho tsuba e le hore a khahlise Molimo. Empa ka mor’a hore a qete letsatsi a sa tsube, o ile a iphumana a khasa ka tlung, a batla litompi tse oetseng fatše pakeng tsa mapolanka. Frank o re: “Ke ile ka etsa qeto ka eona nako eo. Ke ile ka soabisoa ke ha ke iphumana ke ntse ke khasa fatše ke fata ka har’a litšila ke batla litompi tsa khale. Ke ile ka khaotsa ho tsuba hona letsatsing leo.”

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho khaotsa ho tsuba? Bafuputsi ba sibolotse mabaka a ’maloa a sena: (1) Koae e lemalloa joaloka lithethefatsi tse seng molaong. (2) Bokoali bo mosing oo motho a o hemang bo ka ’na ba nka metsotsoana e supileng feela ho fihla bokong. (3) Ho tsuba ho atisa ho fetoha mokhoa oa motho oa bophelo, kaha hangata ho amahanngoa le ho ja, ho noa, ho qoqa, ho itebatsa mathata le lintho tse ling tse joalo.

Empa joalokaha Earline le Frank ba bontšitse, hoa khoneha ho khaotsa temallo ena e kotsi. Haeba ua tsuba ’me u batla ho khaotsa, ho bala lihlooho tse latelang ho ka ’na ha u thusa hore u qalise tsela e ncha ea bophelo.