Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha Baa Botsa

Na Kea Itseba?

Na Kea Itseba?

Michael o bona Brad a tla ho eena ’me o tšoha se tla tloha se etsahala. Brad o re: “Hela Mikey, nka u tsube!” Brad o bula seatla, ’me Michael o bona seo a neng a se lebeletse—zolo ea matekoane e qetoang ho thateloa. Ha a batle ho e nka, empa ka lehlakoreng le leng ha a batle ho shebahala eka o koalehile. Michael o re ka monyebe: “Mohlomong ka letsatsi le leng.”

Jessica o bona Brad a tla ho eena, ’me o itokiselitse se tla tloha se etsahala. Brad o re: “Hela Jess, nka u tsube!” Brad o bula seatla, ’me Jessica o bona seo a neng a se lebeletse—zolo ea matekoane e qetoang ho thateloa. Jessica o arabela a kholisehile: “Che, kea leboha. Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo ke batlang ho li etsa nakong e tlang tse hlokang hore matšoafo a ka a be a sebetsa hantle. Athe ua tsuba Brad? Ke ne ke nahana hore u bohlale!”

LIKETSAHALONG tse boletsoeng ka holimo, ke hobane’ng ha Jessica a khonne ho hlōla khatello? Ke hobane o na le ntho eo Michael a se nang eona. Na ua tseba hore na ke eng? Oa itseba hore na ke mang. Ho itseba ke boikutlo bo ka hare bo u bolellang hore na u motho oa mofuta ofe le seo u leng sona. Ha u itseba, u khona ho hanela teko ea ho etsa lintho tse fosahetseng—’me u laola bophelo ba hao ho e-na le ho lumella batho ba bang hore ba bo laole. U ka etsa see joang? Ka hore u arabe lipotso tse latelang.

1 KE IPABOLA LINTLHENG LIFE?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa: Ho tseba bokhoni ba hao le litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona ho tla u thusa hore u itšepe haholoanyane.

Ak’u nahane: Kaofela re na le lineo tse sa tšoaneng. Ka mohlala, batho ba bang ba na le bokhoni ba ho taka kapa ba ho bina, ha ba bang ba ipabola lipapaling. Raquel o tseba ho lokisa likoloi. * O re: “Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka elelloa hore ke rata ho ba mak’henike.”

Mohlala o ka Bibeleng: Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 11:6) Ka lebaka la kutloisiso ea hae ea Mangolo, Pauluse o ile a khona ho ema a tiile ha ba bang ba mo phephetsa. Ha aa ka a lumella hore maikutlo a bona a fosahetseng a mo nyahamise.—2 Bakorinthe 10:10; 11:5.

Itlhahlobe. Ka tlaase mona, ngola hore na u na le bokhoni bofe.

․․․․․

Joale bolela tšobotsi e ntle eo u nang le eona. (Ka mohlala, na u motho ea tsotellang? ea seatla se bulehileng? ea ka tšeptjoang? ea tšoarang nako?)

․․․․․

“Ke leka ho tšehetsa batho ba bang. Haeba motho e mong a batla ho bua le ’na empa ke phathahane, ke tlohela ntho eo ke ntseng ke e etsa ebe kea mo mamela.”​—Brianne.

Haeba u thatafalloa ho bolela tšobotsi eo u ipabolang ho eona, nahana kamoo u bontšitseng kateng hore u hōlile e be u ngola ntlha eo ka tlaase.—E le hore u fumane mehlala e meng, sheba lebokose le nang le sehlooho se reng  “Seo Bacha ba Bang ba se Buang.”

․․․․․

2 KE FOKOLA LINTLHENG LIFE?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa: Feela joalokaha ketane e ka khaoha habobebe moo e sa tieang hantle, u tla felloa ke matla haeba u lula u khathatseha ka mefokolo ea hao.

Ak’u nahane: Ha ho na motho ea phethahetseng. (Baroma 3:23) E mong le e mong o na le tšobotsi e itseng eo a ka ratang ho e fetola. Ngoanana ea bitsoang Seija o ile a re: “Ke hobane’ng ha ke itumella ho koatisoa ke lintho tse sa reng letho? Ke koatisoa ke lintho tse nyenyane, ebe ka mor’a moo ke sitoa ho laola maikutlo!”

Mohlala o ka Bibeleng: Pauluse o ne a tseba mefokolo ea hae. O ile a ngola: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe.”—Baroma 7:22, 23.

Itlhahlobe. Ke mefokolo efe eo u lokelang ho e loantša?

․․․․․

“Ke hlokometse hore ha ke qeta ho shebella lifilimi tsa marato, ke ikutloa ke hloname ’me ke batla ho fumana motho eo nka ratanang le eena. Kahoo, hona joale ke se ke tseba hore ke lokela ho qoba boithabiso ba mofuta oo.”​—Bridget.

3 KE IPEHETSE LIPAKANE LIFE?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa: Ha u ipehetse lipakane, bophelo ba hao bo tla laoleha hape bo be le morero. Hape u ka ’na ua khona ho qoba batho kapa maemo a ka u sitisang ho phetha seo u ikemiselitseng ho se etsa.

Ak’u nahane: Na u ka palama tekesi, ebe u kōpa mokhanni ho pota-pota sebakeng se le seng ho fihlela koloi e felloa ke peterole? Seo e ka ba booatla—’me ha baka litšenyehelo! Lipakane li u thusa hore u se ke oa tapa-tapa nģa e le ngoe bophelong. Ua tseba hore na u batla ho finyella eng le hore ba u tla e finyella joang.

Mohlala o ka Bibeleng: Pauluse o ile a ngola a re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise.” (1 Bakorinthe 9:26) Ho e-na le hore a phele bophelo bo se nang morero, Pauluse o ile a ipehela lipakane ’me a phela ka tsela e neng e tla mo thusa ho li finyella.—Bafilipi 3:12-14.

Itlhahlobe. Ka tlaase mona, ngola lipakane tse tharo tseo u ka ratang ho li finyella pele selemo se tlang se fela.

  1. ․․․․․

  2. ․․․․․

  3. ․․․․․

Joale lipakaneng tse ka holimo, khetha eo e leng ea bohlokoa haholo, ebe ua ngola hore na u ka etsa’ng hona joale e le hore u qale ho e finyella.

․․․․․

“Haeba ke sa phathahana ka letho, ke iphumana ke tapa-tapa nģa e le ’ngoe feela bophelong. Ho molemo ho ba le lipakane le ho sebeletsa ho li finyella.”​—José.

4 KE LINTHO LIFE TSEO KE LI LUMELANG?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa: Haeba u se na seo u se lumelang, u tla ba ke-ea-le-bafe. Joaloka lempetje, u tla lula u feto-fetoha e le hore u tšoane le lithaka tsa hao—e leng letšoao le bontšang hore ha u itsebe.

Ak’u nahane: Bibele e khothalletsa Bakreste hore ‘ba ipakele e le bona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:2) Ha u phela tumellanong le seo u se lumelang, u khomarela seo u leng sona—ho sa tsotellehe hore na ba bang ba etsa’ng.

Mohlala o ka Bibeleng: Ha a sa le mocha, moprofeta Daniele o ile “a etsa qeto ka pelong ea hae” hore o tla mamela melao ea Molimo, le hoja a ne a le hōle le lelapa labo le balumeli-’moho le eena. (Daniele 1:8) Ka ho etsa joalo, o ile a khomarela seo a leng sona. Daniele o ile a phelela seo a neng a se lumela.

Itlhahlobe. Ke lintho life tseo u li lumelang? Ka mohlala:

  • Na u lumela ho Molimo? Haeba ua lumela, ke hobane’ng? Ke bopaki bofe bo u kholisang hore o teng?

  • Na ua lumela hore melao ea boitšoaro eo Molimo a fanang ka eona e molemong oa hao? Haeba ua lumela, ke hobane’ng? Ka mohlala, ke eng e u kholisang hore u tla thaba haeba u mamela melao ea Molimo e mabapi le ho kopanela liphate, ho e-na le ho phela bophelo ba boitaolo joaloka lithaka tsa hao?

Ha ua lokela ho araba lipotso tsena ka lepotlapotla. Iphe nako ea ho nahana hore na ke hobane’ng ha u lumela seo u se lumelang. Haeba u etsa joalo, u tla khona ho sireletsa seo u se lumelang hamolemo.​—Liproverbia 14:15; 1 Petrose 3:15.

“Bana ba sekolo baa u soma haeba ba hlokomela hore ha u itšepe, ka lebaka leo ke ne ke batla ho kholiseha ka tumelo ea ka. Kahoo ke ile ka ithuta ho beha mabaka ka tsela e hlakileng le e tiileng ha ke hlalosetsa ba bang seo ke se lumelang. Ho e-na le hore ke re ho batho, ‘Che, nke ke ka etsa seo hobane se khahlanong le bolumeli ba ka,’ ke arabela ka hore: ‘Ke nahana hore seo se fosahetse.’ Ke seo ke se lumelang.”​—Danielle.

Qetellong u ka rata ho tšoana le eng, na u ka rata ho tšoana le lekhasi le oetseng fatše le fefoleloang koana le koana ke moea kapa le sefate se emeng se tiile sefefong se matla? Ha u itseba, u tla tšoana le sefate seo se tiileng. Kahoo u tla khona ho araba potso e reng, Na kea itseba?

 

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Litšoantšo]

Jeremiah

Jennifer

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 26]

MAKHABANE

MEFOKOLO

LIPAKANE

SEO KE SE LUMELANG

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Haeba u itseba hantle, u tšoana le sefate se metseng ka metso se khonang ho ema se tiile lifefong tse matla