Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Bana ba sekolo ba ka etsang karolo ea 17 lekholong ba lilemo tse pakeng tsa 10 le 13 Brazil, ba khahlapetsa ba bang kapa baa khahlapetsoa.—O ESTADO DE SÃO PAULO, BRAZIL.

Khatello e phahameng ea mali, k’holeseterole e phahameng, matsoai a ipōpang liphiong le mathata sebeteng ke lintho tse seng li fumanoa baneng ba ka tlaase ho lilemo tse 12. Li bakoa ke’ng? Ke ho se ikoetlise, ho ja lijo tse ngata tse se nang phepo le botenya.—ABC, SPAIN.

Chelete e hlokahalang ho hōlisa ngoana ea hlahileng ka 2008 malapeng a tloaelehileng United States ho fihlela a e-ba lilemo li 18 ke $221 190 [R1 466 500] (e leng $291 570 [R1 933 100] ha ho kenyelletsoa ho phahama ha theko ea lintho), ho ea ka khakanyo ea ’Muso.—UNITED STATES DEPARTMENT OF AGRICULTURE, U.S.A.

Ha ba sa Tseba ho Bapala

Ho ea ka phuputso e entsoeng morao tjena, motsoali a le mong ho ba bahlano Brithani, o bolela hore “ha a sa tseba ho bapala le bana.” A le mong ho ba bararo, o bolela hore ho bapala le bana hoa bora, ha ba bang bona ba re ha ba na nako kapa ha ba tsebe hore na ba bapale eng. Ha a bua ka se fumanoeng phuputsong eo, Moprofesa Tanya Byron, e leng setsebi sa kelello lefapheng la bongaka o re: “Ho na le lintho tse ’nè tse ka thusang batsoali hore ba atlehe ho bapala le bana ba bona: thuto, ho ba le sepheo, momahano le puisano.” Le hoja motsoali a le mong ho ba bararo a khetha ho bapala lipapali tsa k’homphieutha le bana ba hae, bacha ba bangata ba thabela ho li bapala ba le bang. Bana ba bangata ba lilemo li 5 ho ea ho tse 15, ba rata ho bapala lipapali tse kang morabaraba le batsoali ba bona.

Ho Balla Bana Lipale Pele ba Robala

Tšebeletso e ’ngoe ea Inthanete e thusa bo-ntate ba phathahaneng hoo ba sitoang ho balla bana ba bona lipale pele ba robala. Koranta ea Sydney’s Daily Telegraph e re: “Ho na le lenaneo la k’homphieutha le rekotang lentsoe la ntate ea balang pale e kentsoeng ’mino le melumo e meng ’me pale ena e rekotiloeng e romelloa ngoana.” Leha ho le joalo, litsebi tsa likamano tsa batho ha li tšepe mokhoa ona. Dr. Richard Fletcher, ea leng lefapheng le batlisisang ka litaba tsa malapa Univesithing ea Newcastle, Australia o re: “Ha ntate a balla ngoana ho ameha lintho tse ngata tse hahang kamano ea bona.” Fletcher o phaella ka ho re, seo se akarelletsa hore bo-ntate ba buisane le bana ba bona, ba ba kope ba be ba tšehe le bona. Ha ho e-mail e ka tlisang melemo e tšoanang le e tlisoang ke ha u lula fatše ’me u balla ngoana.