Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Bangata ba Tšaba Bofelo ba Lefatše

Batho ba Bangata ba Tšaba Bofelo ba Lefatše

NTLE ho likhopolo tse sa utloahaleng tsa bofelo ba lefatše tseo re buileng ka tsona sehloohong se fetileng, ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho nahana ka tsona ka botebo. Batho ba bangata ba tšoenyehile haholo ka hore lefatše le tla ba le baahi ba bangata, e leng se ka tlisang khaello ea metsi le lijo. Ba bang ba tšoenngoa ke ho putlama ha moruo oa lefatše. Ho thoe’ng ka likoluoa tsa tlhaho, mafu a seoa kapa ntoa ea nuclear? Na lintho tse joalo li ka baka koluoa ea lefatše lohle?

A re ke re hlahlobe ka bokhutšoanyane lintho tseo ho thoeng li ka tlisa bofelo ba lefatše. Hase kaofela ha tsona li ka felisang batho bohle lefatšeng empa joalokaha re tseba, ho bonahala eka li ka khona ho felisa bophelo lefatšeng. Lintho tsena li akarelletsa tse latelang.

 Ho Foqoha ho Matla ha Seretse se Chesang

Ka 1991, Thaba ea Pinatubo e motseng oa Philippines, e ile ea qala ho foqoha seretse se ileng sa bolaea batho ba ka holimo ho 700, ’me sa siea ba ka bang 100 000 ba se na matlo. Leru le leholo la molora le ile la lula bophahamong ba lik’hilomithara tse 30 ka holim’a motse la ntan’o oela fatše la koahela lijalo eaba le etsa hore marulelo a mehaho a putlame. Ho foqoha ha seretse thabeng ea Pinatubo le lithabeng tse ling, ho etsa hore maemo a leholimo a fetohe ka lilemo tse seng kae ka mor’a ho foqoha.

Ho foqoha ho matla ha seretse ho kang ho bileng teng mehleng ea khale, ho ka ba matla ka makhetlo a lekholo le ho baka tšenyo e fetang e kileng ea e-ba teng pele. Ntle ho tšenyo e bang teng ka mor’a ho foqoha ha seretse, ho fetoha ha maemo a leholimo lefatšeng ka bophara ho ka etsa hore lijalo li hlōlehe ho hōla, ho sitise kabo ea lijo ’me qetellong ho bake tlala e khōlō.

“Ho foqoha ha seretse ho bolaea limela le liphoofolo lik’hilomithara tse seng kae haufi le moo ho etsahetseng; ho foqoha ho matla ha seretse hona ho beha limela le liphoofolo kotsing ea hore li fele ka ho feletseng kaha ho fetola boemo ba leholimo lefatšeng ka bophara.”—“National Geographic.”

Linaletsana

Hoseng ho hong ka 1908, monna e mong o ne a lutse foranteng ea lebenkele le motseng o ka thōko oa Vanavara, o Siberia, ha ho phatloha ho mo fefola setulong seo a neng a lutse ho sona. Mocheso o ne o le matla hoo a ileng a utloa eka hempe ea hae ea cha. Sebaka seo ho phatloha hoo ho etsahetseng ho sona, se ne se le bohōle ba lik’hilomithara tse 60. Ho phatloha hoo ho ne ho bakiloe ke naletsana e neng e ka ba bophara ba limithara tse 35 ’me e le boima ba lik’hilograma tse ka bang limilione tse 100. Ka mor’a hore e fihle sepakapakeng, naletsana ena e ile ea phatloha ka lebaka la khatello e matla le mocheso o bakiloeng ke sekhahla seo e oetseng ka sona lefatšeng. Ho phatloha hoo ho ile ha ntša matla a lekanang le a libomo tse 1 000 tse ileng tsa ripitla Hiroshima ’me ha senya moru oa Siberia o boholo ba lisekoere k’hilomithara tse ka bang 2 000. Ntle ho pelaelo, naletsana e khōloanyane eona e ne e ka baka tšenyo e khōlō e be e bake mello e matla e ka ’nang ea lateloa ke serame se bohale le ho fela ha limela le liphoofolo tse ngata.

“Ho theosa le histori ea lefatše, mechochonono le linaletsana tse tsoang sepakapakeng li ’nile tsa hlasela lefatše. Nakong e fetileng litlhaselo tseo li ’nile tsa etsahala hangata ’me li tla etsahala hape. Taba ke hore na li tla etsahala neng.”—Chris Palma, e leng morupeli ea ka sehloohong lithutong tsa linaleli le mekhoeng eo li tsamaeang ka eona, Univesithing ea Penn State.

 Ho Fetoha ha Boemo ba Leholimo

Borasaense ba lumela hore ho phahama ha mocheso oa lefatše, maemo a leholimo a fetelletseng, ho qhibiliha ha leqhoa le ipōpileng libakeng tse batang haholo, ho fela ha limela tse mafikeng a ka leoatleng le ho fela ha liphoofolo le limela tsa bohlokoa, ho bontša hore boemo ba leholimo bo ntse bo fetoha. Le hoja ho e-na le maikutlo a fapaneng tabeng ena, batho ba bangata ba re sena se bakoa ke ho besoa ha mashala, oli le likhase tsa tlhaho—libeso tse ntšetsang carbon dioxide e ngata sepakapakeng le e ntšoang ke likoloi le lifeme.

Litsebi tse ling li lumela hore mesi eo e baka likhase tse futhumatsang lefatše, e leng se etsang hore mocheso o nke nako pele o nyolohela sepakapakeng ’me seo se etsa hore mocheso o phahame. Kaha lifate li monya carbon dioxide, ho rengoa ha meru ho etsa hore boemo ba leholimo bo fetohe.

“Borasaense ba bangata ba lumela hore haeba ho futhumala ha lefatše ho ntse ho tsoela pele ka sekhahla sena le haeba ‘carbon dioxide’ e sa fokotsehe, mofuthu oa Lefatše o tla tsoela pele ho phahama, ’me seo se ka fella ka hore ho be le boemo bo sa tloaelehang ba leholimo le ho phahama ha metsi a leoatle ho ka behang libaka tse tlaase tse haufi le leoatle kotsing, e leng moo batho ba bangata ba lulang teng.”—Buka ea “A Mind for Tomorrow: Facts, Values, and the Future.”

Mafu a Seoa

Lefu la seoa la lekholong la bo-14 la lilemo le ile la bolaea larita karolo ea boraro ea baahi ba Europe, ka lilemo tse peli feela. Pakeng tsa 1918 le 1920, mokakallane oa Spain o ile oa bolaea bonyane batho ba limilione tse 50. Kaha lipalangoang li ne li nka nako e telele hore li fihle libakeng tse ling, maloetse a ne a nka nako ho ata. Leha ho le joalo, kajeno ho hōla ha litoropo ka potlako le ho etela ha batho mose ho maoatle habonolo feela, ho ka etsa hore maloetse a joalo a name ka potlako le likontinenteng tse ling.

Maloetse a joalo a seoa a ka iketsahalla ka tlhaho. Empa ho boetse ho na le tšabo e ntseng e eketseha ea maloetse a iketsetsoang ke batho. Litsebi tsa maloetse ana a iketsetsoang, li re sehlotšoana sa batho ba nang le tsebo e itseng se ka ithekela thepa Inthaneteng ebe se iketsetsa maloetse a bolaeang.

“Ke ’nete hore maloetse a iketsahallang ka tlhaho a beha bophelo kotsing, leha ho le joalo, haeba sera se nang le tsebo se ka iketsetsa maloetse a hanang meriana—se ka baka koluoa e tšabehang.”—Setsi sa Lipatlisiso ka Bokhukhuni se Shebaneng le Libetsa Tse Bolaeang Larita.

 Ho Fela ha Mefuta ea Liphoofolo le Limela Tsa Bohlokoa

Lilemo tse ka holimo ho tse hlano tse fetileng, batho ba United States ba ruoang linotši ba ne ba lahleheloa ke linotši tse etsang karolo ea 30 lekholong selemo le selemo, ka lebaka la ho nyamela ha tsona ka mohlolo, e leng bothata bo etsahalang lefatšeng ka bophara. Linotši ha li re fe mahe feela. Li tsamaisa peō lijalong tsa bohlokoa tse kang morara, liapole, linaoa le k’hothone. Linotši ke tsa bohlokoa bophelong ba rōna.

Limela tse nyenyane tse fumanehang leoatleng le tsona ke tsa bohlokoa bophelong ba rōna. Ntle le limela tsena ho ka be ho se na litlhapi. Haeba manyooa a etsang hore oksijene e kene mobung a ne a le sieo, re ka be re e-na le lijalo tse fokolang. Ho fela ka ho feletseng ha limela le liphoofolo tseo tsa bohlokoa, ho ne ho tla fella ka hore ho be le khaello ea lijo le tlala tse neng li ka baka lintoa le merusu. Tšilafalo ea moea, tšubuhlellano ea baahi, ho kotula haholo, ho senngoa ha tikoloho le ho fetoha ha boemo ba leholimo, ho kenya letsoho ho feliseng liphoofolo ka makhetlo a sekete ho feta ha li iphella ka tsela ea tlhaho.

“Selemo le selemo ho fela mefuta ea lintho tse phelang e pakeng tsa 18 000 le 55 000. Seo se bakoa ke lintho tseo batho ba li etsang.”—Lenaneo la Ntšetso-pele la Machaba a Kopaneng.

Ntoa ea Nuclear

Ho qhoma ha bomo e le ’ngoe ea nuclear ho ka felisa motse o moholo ka ho panya ha leihlo—sena ke ’nete e utloisang bohloko e ileng ea bonahala makhetlo a mabeli ka August 1945. Ho phatloha ha bomo ea nuclear ho matla ka tsela e tšabehang, ’me ho ntša maqhubu a matla a moea, mocheso, mollo le mahlaseli a kotsi a ka bolaeang le ho baka tšenyo. Mahlaseli a kotsi a boetse a silafatsa lijo le metsi. Ntoa ea nuclear e ka etsa hore ho be le lerōle le lengata haholo moeeng, ’me le thibele khanya ea letsatsi le ho baka hore lithempereichara li be tlaase haholo lefatšeng ka bophara. Lijalo le limela tse ling le tsona li ne li tla shoa. Ntle ho lijo, batho le liphoofolo ba ne ba tla bolaoa ke tlala. Ho boleloa hore linaha tse ka bang robong li na le libomo tsa nuclear tseo li ka hlaselang ka tsona. Ho bonahala linaha tse ling tse ’maloa le tsona li le mothating oa ho ba le libetsa tsa nuclear. Likhukhuni le tsona li labalabela ho fumana libetsa tsena.

“Libetsa tsa nuclear li sokela bophelo ba batho. . . . Ho na le libetsa tse ling tsa nuclear tse ka bang 25 000 lefatšeng ka bophara . . . Qetellong, likhukhuni li tla fumana libetsa tsena.”—Mokhatlo oa Litsebi Tsa Saense Tse Amehileng (Union of Concerned Scientists).