Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Pono ea Bibele

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Na oa nthata?

Ebe nka tsamaea kajeno?

Na ke tla fumana mosebetsi oo?

E LE hore ba fumane likarabo tsa lipotso tse kang tseo, ba bangata ba retelehela bonoheng ba linaleli. * Empa na linaleli li hlile li laola bophelo ba hao? Na li ka u thusa hore u tsebe bokamoso ba hao, kapa u itsebe? Bibele e re’ng?

Na Linaleli li ka Ama Bokamoso ba Rōna?

Batho ba bang ba lumela hore re ke ke ra phema qetello eo re e reretsoeng esale pele. Ba re bokamoso bo se bo reriloe, ’me linaleli li ka bo senola. Empa Bibele e bua se fapaneng le seo. E re bolella hore Molimo o tlohela batho hore ba iketsetse liqeto, e leng se bolelang hore ba ka ba le bokhoni bo itseng ba ho laola se ba etsahallang. Ka mohlala, o ile a bua le Baiseraele a re: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna.”—Deuteronoma 30:19.

Ka mantsoe ao, Jehova Molimo o ne a hlakisetsa batho ba hae hore se tla ba etsahalla nakong e tlang se itšetlehile haholo ka liketso tsa bona. Haeba ba ne ba ka mamela melao  ea hae ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. Haeba ba sa e mamele ba ne ba tla itlisetsa mathata.

Ak’u Nahane: Haeba bokamoso ba Moiseraele e mong le e mong bo ne bo ngotsoe linaleling, na e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a ba phehelle hore ba khethe bophelo? Na e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a nke hore baa ikarabella ka liketso tseo ba neng ba se na matla a ho li laola?

Thuto ea Bibele e hlakile: Lintho tse re etsahallang bophelong li itšetlehile ka liqeto tseo re li etsang—e seng ka linaleli.—Bagalata 6:7.

Na Linaleli li ka Ama Botho ba Rōna?

Linohe tsa linaleli tse ngata ha li nkele hloohong thuto ea hore qetello e reriloe esale pele. Se seng se re: “Re na le seabo tabeng ea hore na bophelo ba rōna bo tla fella joang,” empa se phaella ka ho re: “Ka lehlakoreng le leng, nako eo re tsoetsoeng ka eona e ama botho ba rōna.” Batho ba bangata ba lumellana le sona. Ba na le maikutlo a hore kaha linaleli le lipolanete li na le tšusumetso e itseng lefatšeng la rōna, ha e le hantle li ka ba le matla a mohlolo ho rōna. Bibele eona e re’ng?

Bibele hase buka ea saense e bolelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ’mele oa motho le bokahohle. Leha ho le joalo, e hlalosa morero oo ka oona Jehova a entseng lihloliloeng tsa leholimo. Genese 1:14 e re: “Molimo a tsoela pele ho re, ‘Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu; ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.’”

Ak’u Nahane: Haeba Molimo a ne a entse hore linaleli li ame botho ba rōna, na a ka be a sa re bolella? Ke hobane’ng ha Bibele e bua feela ka hore maseli a re thusa ho lekanyetsa nako?

Re ka etsa qeto efe? Ea hore linaleli ke tse ling tsa lintho tseo Molimo a li bōpileng empa ha li ame botho ba rōna.

Mohloli o Molemo oa Tataiso

Hoa babatseha hore re batle ho tseba bokamoso kapa ho itseba. Empa ho na le buka e molemo eo re ka batlang tataiso ho eona e seng linaleling.

Bibele e re Jehova Molimo ke ea “bolelang qetello ho tloha tšimolohong.” (Esaia 46:10) O na le morero oo a tla o phethahatsa. (Esaia 55:10, 11) Re ka ithuta ka morero oa Molimo ka hore re bale Bibele. Buka ena e halalelang ea boholo-holo e re hlalosetsa lebaka leo re utloang bohloko ka lona le kamoo Molimo a tla felisa maemo a bakelang batho mahlomola. *2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.

Ha ho tluoa tabeng ea ho itlhahloba le ho ntlafatsa botho ba rōna, Bibele ke buka e molemo ka ho fetisisa e ka re tataisang. Hobane’ng? Hobane ho e bala ho re thusa hore re itlhahlobe ka botšepehi. Ka mohlala, Bibele e re Jehova Molimo o “mosa,” o ‘lieha ho halefa’ ebile o “itokiselitse ho tšoarela.” (Exoda 34:6; Pesaleme ea 86:5) Empa na le rōna re joalo? Bibele e ka senola menahano ea rōna e fosahetseng ’me ea re thusa ho bona moo ho hlokahalang hore re ntlafatse.

Ka lebaka leo, ha ho hlokahale hore re talime linaleli e le tsona tse ka re thusang ho itseba kapa ho tseba bokamoso ba rōna. Ho ka ba molemo hore re ee Bibeleng, e leng buka e ‘bululetsoeng ke Molimo e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.’—2 Timothea 3:16, 17.

^ ser. 6 Bonohe ba linaleli ke ho hlahloba letsatsi, khoeli, lipolanete le linaleli, ka tumelo ea hore lintho tsena lia re ama ’me li ka re thusa hore re itsebe hantle.

^ ser. 19 Fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le morero oa Molimo khaolong ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.