Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Batho ba Feletsoe ke Mamello?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Feletsoe ke Mamello?

KE KHALE batho ba bontša ho hloka mamello. Hase ntho e makatsang ho ba bona ba felloa ke mamello ha ba le sephethephetheng sa likoloi kapa ha ba eme moleng. Empa litsebi tse ling li lumela hore kajeno batho ba hloka mamello ho feta pele—’me e le ka mabaka a ka ’nang a u makatsa.

Bafuputsi ba bang ba bolela hore lilemong tsa morao tjena, batho ba bangata ha ba sa na mamello ka lebaka la lisebelisoa tsa theknoloji. Ho ea ka koranta e bitsoang The Gazette ea Montreal, Canada, bafuputsi ba bang bona ba bolela hore “lisebelisoa tsa theknoloji tse kang liselefounu, lik’hamera, lik’hompheutha le li-iPod li fetola bophelo ba rōna . . . Kaha lisebelisoa tsena tsa theknoloji li etsa lintho ka potlako, li eketsa takatso ea rōna ea hore re batle hore lintho tsohle li etsahale hang-hang.”

Setsebi sa kelello sa malapa e leng Dr. Jennifer Hartstein, o bua lintho tse etsang hore re nahane ka ho teba. O hlalosa hore “re moloko o batlang hore lintho li etsahale hang-hang, ’me re lebella hore lintho li tsamaee hantle, ka potlako le ka tsela eo re e batlang. Ha seo se sa etsahale, hangata rea ferekana  ebile rea halefa, [e leng letšoao] la ho felloa ke mamello.” O eketsa ka ho re: “Re se re lahlile mokhoa oa rōna oa ho khoba matšoafo le ho etsa lintho re sa tata.”

Batho ba bang ba lumela hore e-mail ha e sa sebelisoa haholo, le hore e tla tloha e felloa ke nako. Hobane’ng? Hobane batho ba bangata ba romelang melaetsa, ha ba sa na mamello ea ho leta lihora kapa metsotso pele melaetsa ea bona e arajoa. Hape, ha motho a romela molaetsa oa e-mail, hangata ho lebeletsoe hore a qale le ho qetella ka tumeliso, e leng mokhoa o sebelisoang ha ho ngoloa mangolo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba bona mokhoa oo o bora ebile o senya nako. Ba khetha ho sebelisa melaetsa ea hang-hang, e sa hlokeng melaoana e mengata ea e-mail. Ho bonahala eka batho ha ba sa na le mamello ea hore feela ba lumelise ka mofuthu ha ba ngola melaetsa! Batho ba bangata ha ba iphe nako ea ho bala seo ba se ngotseng. Ka lebaka leo, mangolo kapa li e-mail li ea ho batho ba fosahetseng kapa ho ba le liphoso tse ngata tseleng eo ho behiloeng mantsoe ka eona kapa eo a thaepiloeng ka eona.

Batho ba bangata ha ba na mamello ea ho bala boitsebiso bo bongata bo ngotsoeng

Taba ea ho batla hore lintho li etsahale ka potlako, ha e ame feela lisebelisoa tsa puisano tsa theknoloji. Ho bonahala eka batho ba hlōleha ho leta esita le likarolong tse ling tsa bophelo. Ka mohlala, na u kile ua iphumana u bua ka potlako, u ja ka potlako, u khanna ka potlako kapa u sebelisa chelete ka potlako? Ho ema metsotsoana feela e le hore lift e fihle, hore roboto e bule kapa hore k’hompheutha e bule, ho bonahala eka ho nka selemo kaofela.

Litsebi li hlokometse hore batho ba bangata ha ba na mamello ea ho bala boitsebiso bo bongata. Hobane’ng? Hobane ba tloaetse ho habanya mahlo ka potlako boitsebisong bo Inthaneteng le ho bala lintlha tse khutsufalitsoeng tse tobang taba, ba tšepile hore ba tla fumana seo ba se batlang kapele kamoo ho ka khonehang.

Ke hobane’ng ha batho ba feletsoe ke mamello? Litsebi ha li tsebe hantle hore na ke eng e bakang ho hloka mamello. Leha ho le joalo, ho na le bopaki ba hore ho hloka mamello ho ka ba kotsi. Lihlooho tse latelang li tšohla tse ling tsa likotsi tsa ho hloka mamello le seo u ka se etsang hore u be le mamello haholoanyane.

Batho ba bangata ba tloaetse ho habanya mahlo ka potlako boitsebisong bo Inthaneteng le ho bala lintlha tse khutsufalitsoeng tse tobang taba