Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hloka Mamello ho ka ba Kotsi

Ho Hloka Mamello ho ka ba Kotsi

NAHANA ka boemo bona: Monna o khanna tseleng eo ho eona likoloi li sa lumelloang ho fetana. Mosali ea khannang ka pel’a hae, o khanna ka lebelo le ka tlaasenyana ho le lumeletsoeng. Monna eo ea se nang mamello, o bona eka mosali eo o khanna butle haholo. Ka mor’a ho khannela haufi haholo le koloi ea mosali eo ka metsotso e ’maloa, o felloa ke mamello ’me o mo feta ka lebelo le phahameng. Ka ho etsa joalo, o tlōla molao oa tsela le ho ipeha kotsing ea ho baka kotsi.

Ho thoe’ng ka mosali ea se nang mamello ea ho sebetsa le batho ba sa sebetseng ka potlako joaloka eena, kapa ba seng bohlale joalo ka eena? Kapa monna ea emetseng lift ea ntseng a tobetsa konopo ea eona ka ho hloka mamello? Na hangata u tenehela batsoali ba hao ba seng ba hōlile? Kapa na u motsoali ea tenehelang bana ba hae ba banyenyane kapele? Na u halefisoa habonolo ke liphoso tseo batho ba bang ba li etsang?

Kaofela ha rōna re felloa ke mamello ka nako e ’ngoe. Empa ho ka ba le liphello tse kotsi ha motho a lula a felloa ke mamello.

Ho ipeha kotsing ea ho kula:

Ho hloka mamello ho amahanngoa le ho ferekana esita le ho halefa. Maikutlo a joalo a ka etsa hore re imeloe haholo kelellong, e leng se ka re kulisang. Phuputso ea morao tjena e entsoeng ke American Medical Association, e bontšitse ka ho toba hore ho hloka mamello ke e ’ngoe ea lintho tse bakang ho phahama ha khatello ea mali esita le bacheng.

Ho na le maloetse a mang a amahanngoang le ho hloka mamello. Phuputso e entsoeng morao tjena, e bontšitse hore ho hloka mamello ho ka etsa hore motho a none haholo. The Washington Post e re: “Bafuputsi ba fumane hore ho na le monyetla oa hore batho ba hlokang mamello ba none haholo ho feta ba nang le mamello.” Libakeng tse ling, lijo tse chipi tse se nang phepo li fumaneha habonolo ka linako tsohle, ’me batho ba bangata ba se nang mamello ba reka tsona.

 Ho lieha ho etsa lintho:

Phuputso e entsoeng ke Setsi sa Economic Policy Research se London, e bontšitse hore batho ba hlokang mamello ba ka ’na ba e-ba le bothata ba ho lula ba lieha ho etsa lintho. Mohlomong ba ikutloa ba tlameha ho chechisa mosebetsi o hlokang nako e ngata, hobane ba se na mamello ea ho o qeta. Leha ho le joalo, ho tloaela ho lieha ho etsa lintho, ho ka ba le liphello tse mpe ho motho ea ho etsang, hammoho le moruong. Ho ea ka koranta ea The Telegraph, ea Brithani, mofuputsi Ernesto Reuben o itse, “ho lieha ho etsa lintho ho ama hampe katleho ea rōna mosebetsing ’me ho ka etsa hore batho ba lahleheloe ke chelete e ngata kaha [batho ba hlokang mamello] ba chechisa mosebetsi oa bohlokoa ’me ba qetella ba sa o etsa.”

Botahoa le ho ba mabifi:

Ho ea ka koranta ea Brithani e bitsoang South Wales Echo, “hangata batho ba se nang mamello ke bona ba noang joala ho fihlela ka khitla ebe joale baa loantšana.” Bafuputsi ba Univesithi ea Cardiff, ba fane ka tlaleho ena ka mor’a hore ba etse phuputso ho banna le basali ba makholo. Echo e tsoela pele ho re, phuputso eo e senotse hore “batho ba se nang mamello ke bona bao hangata ba noang joala haholo le ho ba mabifi.”

Ho etsa liqeto tse fosahetseng:

Sehlopha sa bafuputsi se sebeletsang Setsi sa Lipatlisiso sa Pew se Washington, D.C., se fumane hore batho ba se nang mamello “ba atisa ho etsa liqeto ka potlako ba sa nahana ka botebo.” Dr. Ilango Ponnuswami, e leng setsebi le hlooho ea Lefapha le Fanang ka Thuso Sechabeng la Univesithi ea Bharathidasan e India, le eena o fihletse qeto e tšoanang. O re: “Ho hloka mamello ho tla u bakela mathata. Ho ka u bakela mathata a lichelete, ha u qabanya le metsoalle, ha u bakela bohloko le mesarelo kapa ua fumana liphello tse bohloko, kaha hangata ho hloka mamello ho tsamaisana le ho etsa liqeto tse fosahetseng.”

 Mathata a lichelete:

Research Review e hatisitsoeng ke Banka e Khōlō ea naha ea Boston, U.S.A., e re ho hloka mamello ho amahanngoa le ho “kena likolotong.” Ka mohlala, batho ba sa tsoa nyalana ba se nang mamello, ba ka ’na ba batla ho ba le lintho tsohle tse majaba-jaba lapeng la bona hang ka mor’a lenyalo, le hoja e ka ’na eaba ha ba na chelete e lekaneng. Kahoo ba reka ntlo, thepa ea ka tlung, koloi le lintho tsohle ka sekoloto. Sena se ka senya lenyalo. Bafuputsi ba Univesithi ea Arkansas, U.S.A., ba re “banyalani ba qalang lenyalo la bona ka likoloto tse ngata ha ba thabe joaloka banyalani ba nang le likoloto tse fokolang kapa ba se nang tsona ho hang.”

Batho ba bang ba re ho putlama ha moruo ho bileng teng morao tjena United States, ho bakiloe ke ho hloka mamello. Makasine ea Forbes e bolela hore “boemo boo khoebo e leng ho bona hona joale, bo bakiloe ke ho hloka mamello ho sa hlokahale le meharo e feteletseng. Ho hloka mamello ho entse hore batho ba bangata ba sa ruang ba batle ho lula matlong a boemo bo holimo le hoja ba se na chelete ea ho a lefella. Kahoo ba qetella ba alimile chelete e ngata haholo eo ba tla e lefa ka lilemo tse ngata—kapa ba hlōlehe ka ho feletseng ho e lefa.”

Ho lahleheloa ke metsoalle:

Ho hloka mamello ho ka senya bokhoni ba rōna ba ho buisana le ba bang. Ha motho a hloka mamello ea ho buisana le batho ba bang, hangata o bua a sa nahane. A ka boela a teneha ha ba bang ba bua. Motho ea joalo, ha a na mamello ea ho emela batho ba bang hore ba qete taba eo ba buang ka eona. Kahoo, o tloaela ho kena batho ba bang hanong.

Ho hloka mamello ho joalo ho ka etsa hore a lahleheloe ke metsoalle. Dr. Jennifer Hartstein, e leng setsebi sa kelello se qotsitsoeng sehloohong se fetileng, o re: “Ha ho na motho ea batlang ho qoqa le motho ea ntseng a tapa ka leoto fatše kapa a sheba nako khafetsa.” Ka sebele, ho hloka mamello ha se tšobotsi e ratehang. Ho tla u lelekela metsoalle.

Tsena ke tse ling tsa liphello tse bohloko tse ka bakoang ke ho hloka mamello. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na u ka ba le mamello joang le hore na u ka lula u e-na le eona joang.