Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Ha e le Hantle Molimo o Joang?

Ha e le Hantle Molimo o Joang?

Molimo o na le ’mele oa mofuta ofe?

“Molimo ke Moea.”—Johanne 4:24.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Bibele e hlalosa hore Molimo ke moea. (2 Bakorinthe 3:17) Kahoo, o re phahametse haholo ’me re ke ke ra mo bona. Timothea oa Pele 1:17 e re ke “Morena oa bosafeleng, ea ke keng a bola, ea sa bonahaleng.” Bibele e boetse e re: “Ha ho nako eo ka eona mang kapa mang a kileng a bona Molimo.”—1 Johanne 4:12.

’Mōpi oa rōna o re phahametse hoo re ke keng ra leka le ho nahana hore na o shebahala joang. Esaia 40:18 e re: “Le ka tšoantša Molimo le mang, ’me le ka beha sebōpeho sefe haufi le eena?” Esita le maholimo a hlollang hase letho ha a bapisoa le Molimo ea Matla ’Ohle.—Esaia 40:22, 26.

Leha ho le joalo, ho na le libōpuoa tse ling tse bohlale tse ka khonang ho bona Molimo li be li bue le eena lifahleho li talimane. Ka tsela efe? Hobane le tsona ke meea ’me li lula leholimong. (1 Marena 22:21; Baheberu 1:7) Ha a bua ka libōpuoa tsena tse phahametseng batho, tseo hape li bitsoang mangeloi, Jesu Kreste o ile a re: “Kamehla a bona sefahleho sa Ntate ea leholimong.”—Matheu 18:10.

 Na Molimo o hohle?

“Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong.’”—Matheu 6:9.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Bibele ha e rute hore Molimo o hohle ka linako tsohle, joalokaha eka ke matla a itseng feela. Ho e-na le hoo, joalokaha mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 6:9 le 18:10 a bontša, Molimo ke motho—ke “Ntate”—ebile o lula leholimong, e leng “sebaka sa [hae] sa bolulo se tiisitsoeng.”—1 Marena 8:43.

Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Jesu o ile a re: “Ke tloha lefatšeng ’me ke ea ho Ntate.” (Johanne 16:28) Ka mor’a hore Kreste a shoe nameng ’me a tsosoe e le moea, o ile a nyolohela “leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo.”—Baheberu 9:24.

Linnete tsena tse mabapi le Molimo ke tsa bohlokoa. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hobane Molimo ke motho, re ka ithuta ka eena ’me ra atamela haufi le eena. (Jakobo 4:8) Lebaka le leng ke hore ’nete e mabapi le Molimo e ka re sireletsa borapeling ba bohata, bo kang ho rapela litšoantšo le lintho tse ling tse sa pheleng. Johanne oa Pele 5:21 e re: “Bana ba banyenyane, le itebele litšoantšong tse rapeloang.”

Batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo joang?

“Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.”—Genese 1:27.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Kaha re batho, re na le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tseo Molimo a nang le tsona, tse kang lerato, toka le bohlale. Ha e le hantle, Bibele e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—Baefese 5:1, 2.

Molimo o boetse o re entse re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, e leng se re thusang ho khetha ho etsa se nepahetseng ho fapana le se fosahetseng le ho bontša ba bang lerato ka litsela tse sa tšoaneng. (1 Bakorinthe 13:4-7) Hape re na le bokhoni ba ho qapa, ba ho thabela bophelo ’me re hlolloa ke lefatše le tsotehang le re potolohileng. Ho phaella moo, re na le takatso ea tlhaho ea ho batla ho ithuta ka ’Mōpi oa rōna le ka morero oa hae ka rōna.—Matheu 5:3.

Kamoo ’nete ea Bibele e ka u thusang. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka Molimo le ho mo etsisa, re tla phela ka tsela eo a e batlang. Kahoo, re tla fumana thabo bophelong, hammoho le khotsofalo ea sebele, khutso le nyakallo. (Esaia 48:17, 18) Ka sebele, Molimo o oa tseba hore litšobotsi tsa hae tse ratehang li ama lipelo tsa batho, le hore li atametsa batho ba lipelo li ntle ho eena le ho ba kenya tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Johanne 6:44; 17:3.