Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Jesu

Jesu

Na Jesu ke Molimo?

“Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.”—Johanne 1:18.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba lumela hore Jesu hase Molimo. Leha ho le joalo, ba bang ba nka hore litemana tse ling tsa Bibele li bontša hore Jesu o lekana le Molimo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele ha e bontše hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle kapa hore o lekana le Molimo. Ho e-na le hoo, e ruta ka ho hlaka hore Jesu o ka tlaasana ho Molimo. Ka mohlala, Bibele e tlaleha mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) E boetse e re: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Jesu e ke ke ea e-ba Molimo hobane batho ba bangata ba ile ba mo bona.

Balateli ba Jesu ba pele ha baa ka ba re Jesu ke Molimo. Ka mohlala, mabapi le lintho tseo a ileng a li tlaleha, mongoli oa Kosepele Johanne o ile a re: “Tsena li ngotsoe fatše e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo.”Johanne 20:31. *

 Jesu o hlahile neng?

“Ho ne . . . ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.”—Luka 2:8.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba keteka Keresemese ka la 25 December—e leng letsatsi leo ba nkang hore Jesu o tsoetsoe ka lona. Ba bang ba keteka letsatsi la tsoalo ea Jesu maqalong a January.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele ha e bolele letsatsi leo Jesu a hlahileng ka lona. Ho e-na le hoo, e bolela hore nakong eo Jesu a tsoetsoeng ka eona, “ho ne . . . ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.” (Luka 2:8) Ho ke ke ha etsahala hore ebe balisa bao ba ne ba ka lebela mehlape ka ntle bosiu nakong ea December le January. Hobane’ng?

Sebaka seo Jesu a tsoaletsoeng ho sona se bata haholo nakong ea December le January. Ha Bibele e bua ka nako eo ea selemo, e re batho ba ne ba “thothomela  . . ka lebaka la lipula.” (Esdrase 10:9, 13; Jeremia 36:22) Eo e ne e ke ke ea e-ba nako ea hore balisa ba ‘phele naheng’ le mehlape ea bona.

Na kannete Jesu o ile a tsoha ka mor’a hore a shoe?

‘Molimo o ile a mo [Jesu] tsosa bafung.’—Liketso 3:15.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba lumela hore ha ho na motho ea kileng a tsoha bafung, le hore Jesu ha aa ka a tsoha bafung.

SEO BIBELE E SE BUANG

Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore o ne a tla “utloisoa bohloko linthong tse ngata. . . le ho bolaoa, ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.” (Matheu 16:21) Bibele e tlaleha hore ka mor’a hore Jesu a bolaoe ’me a tsohe, o ile a bonoa ke batho ba fetang 500. (1 Bakorinthe 15:6) Batho bao ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore o tsositsoe bafung. Ba ne ba bile ba ikemiselitse ho shoela tumelo eo!—Liketso 7:51-60; 12:1, 2.

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA

Bibele e ruta hore lefu la Jesu le tsoho ea hae li butse monyetla oa hore batho bohle ba rue molemo tšepisong ea Bibele ea lefatše la Paradeise. (Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:3, 4) Re na le tšepo ea ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng leo la Paradeise ka lebaka la lerato leo Jesu le Ntate oa hae, Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle ba re bontšitšeng lona.—Johanne 3:16; Baroma 6:23.

^ ser. 7 Bibele ha e rute hore Molimo o na le mosali ea mo tsoaletseng bana. Empa, e re Jesu ke “Mora oa Molimo” hobane o ile a bōptjoa ka ho toba ke Molimo, a e-na le litšobotsi tse tšoanang le tsa Ntate oa hae.