Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Kamoo U ka Sebelisang Nako ea Hao ka Bohlale

Kamoo U ka Sebelisang Nako ea Hao ka Bohlale

“Ekare nka be ke e-na le nako e ngata!” U kile ua bua mantsoe aa hangata hakae? Batho ba na le nako e lekanang, ba matla le ba ruileng ha ba na e ngata ho feta ba tlaase le ba futsanehileng. Ho feta moo, ha ho na morui kapa mofutsana ea ka ipolokelang eona. Ha nako e fetile e fetile. Kahoo, ke habohlokoa hore re sebelise eo re nang le eona hantle. Re ka etsa see joang? Hlokomela lintho tse ’nè tse thusitseng batho ba bangata hore ba sebelise nako ea bona ka bohlale.

Ea 1: Hlophisa Lintho Hantle

Beha lintho tsa bohlokoa pele. Bibele e ea eletsa: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Etsa lethathamo la lintho tse potlakileng le tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li etsa ’me u hopole hore ntho eo e leng ea bohlokoa—joaloka ho pheha lijo tsa mantsiboea—e ka ’na ea se ke ea e-ba ntho e potlakileng. Hape ntho e ka ’nang ea bonahala e potlakile—joaloka ho il’o shebella lenaneo leo u le ratang thelevisheneng—e ka ’na ea se ke ea e-ba ntho ea bohlokoa. *

Nahanela pele. Moeklesia 10:10, (Bibele ea Sesotho) e re: “Ha tšepe e le botsoa, e sa leotsoe, ea sebetsang ka eona o tšoanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.” Re ithuta’ng ntlheng ee? Rera esale pele lintho tseo u tla li etsa e le hore u sebelise nako ea hao ka bohlale. Behella ka thōko lintho tseo e seng tsa bohlokoa kapa u fokotse nako eo u e qetang ho tsona, kaha li ka u jella nako e ngata ’me tsa etsa hore u khathale. Haeba u bona hore u na le nako e eketsehileng hobane u qetile mosebetsi oa hao kapele, e ka ba hantle hore u etse oo u neng u rerile ho o etsa hamorao. Ha u nahanela pele u tla etsa mosebetsi oa hao ka bokhabane joaloka monna ea bohlale ea leotsang tšepe ea hae.

Fokotsa lintho tse sa hlokahaleng. Ithute ho qoba ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa kapa tse u senyetsang nako. Ho etsa mesebetsi e mengata haholo le ho phetha mabaka a mangata, ho ka u bakela khatello ha ba ha etsa hore u se ke ua thaba.

 Ea 2: Qoba ho Etsa Lintho Tse Senyang Nako

Ho lieha ho etsa lintho le ho tsila-tsila. “Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Re ithuta’ng ntlheng ee? Ho lieha ho etsa lintho ho ka u senyetsa nako le ho u sitisa ho phetha mosebetsi oa hao hantle. Sehoai se emelang hore maemo a leholimo a be matle, se ka ’na sa se ke sa jala kapa sa kotula. Ka ho tšoanang, re ka ’na ra lumella maemo a sa tsitsang a bophelo ho re sitisa ho etsa qeto. Kapa ra nahana hore re lokela ho batlisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ntho e itseng pele re etsa qeto ea ho e etsa. Ke ’nete hore ke habohlokoa hore motho a etse lipatlisiso le ho nahanisisa hantle pele a etsa liqeto tsa bohlokoa. Liproverbia 14:15 e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Empa ’nete ke hore re etsa liqeto tse ngata re se na boitsebiso bo feletseng ka ntho e itseng.—Moeklesia 11:6.

Ho lebella ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng. Jakobo 3:17 e re: ‘Bohlale bo tsoang holimo, kapa ho Molimo bo na le kahlolo e molemo.’ Ke ’nete hore ho nepahetse hore motho a lakatse ho etsa lintho hantle! Empa ka linako tse ling, re ka rera ho finyella lintho tse khōlō haholo hoo re ka ’nang ra soetseha kapa ra hlōleha ho li finyella. Ka mohlala, motho ea ithutang puo e ’ngoe o lokela ho lebella hore o tla etsa liphoso ’me a ikemisetse ho ithuta ho tsona. Leha ho le joalo, motho ea batlang ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng a ka ’na a tšaba ho etsa liphoso—e leng se ka ’nang sa mo sitisa ho ntlafatsa. E ka ba hantle hore re se ke ra lebella lintho tse khōlō haholo! Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Ho feta moo, batho ba inyenyefatsang le ba ikokobelitseng ha ba inke e le ba bohlokoa ho tlōla.

“Ha u lefelle lintho ka chelete. u li lefella ka nako.”—What to Do Between Birth and Death

 Ea 3: E-ba le Teka-tekano ’me U Shebe Lintho ka Tsela ea Sebele

Leka-lekanya mosebetsi le boithabiso. “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Batho ba sebetsang ho tlōla tekanyo, ba itima monyetla oa ho thabela “mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli.” Ba qetella ba se na nako ’me ba lula ba khathetse. Ka lehlakoreng le leng, motho ea botsoa o khetha “matsoho a mabeli a tletseng” phomolo ’me o senya nako e ngata. Bibele e re khothalletsa hore re be le teka-tekano: Sebetsa ka thata ’me u khole litholoana tsa mosebetsi oa matsoho a hao. Thabo e joalo ke “mpho ea Molimo.”—Moeklesia 5:19.

Robala ka ho lekaneng. Mongoli e mong oa Bibele o ile a re: “Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso.” (Pesaleme ea 4:8) Batho ba bangata ba baholo ba hloka ho robala bonyane lihora tse robeli e le hore ba ka ba matla ’meleng, ba khone ho nahana hantle le ho utloisisa lintho. Ho latela ntlha ena e qetellong, ho robala ke tsela e molemo ea ho sebelisa nako hobane ho thusa motho ho tsepamisa kelello le ho hopola lintho, e leng se mo nolofalletsang ho ithuta. Leha ho le joalo, ha motho a sa robale ka ho lekaneng, seo se ka mo sitisa hore a ithute hantle, sa etsa hore a bake likotsi, a lule a etsa liphoso le ho ba bohale.

Rera ho etsa lintho tseo u ka khonang ho li finyella. “Se bonoang ka mahlo se molemo ho e-na le se laba-labeloang ke pelo.” (Moeklesia 6:9, Bibele ea Sesotho) See se bolela’ng? Motho ea bohlale ha a lumelle hore lintho tseo a li lakatsang li laole bophelo ba hae, haholo-holo ha ho se bonolo ho li finyella. Kahoo, ha a khelosoe ke lipapatso tse khahlang kapa ho reka ka mokitlane. Ho e-na le hoo, o ithuta ho khotsofalla ho etsa lintho tseo a ka khonang ho li finyella.

 Ea 4: Tataisoa ke Melao ea Boitšoaro e Lokileng

Nahana ka melao ea hao ea boitšoaro. Melao ea hao ea boitšoaro e u thusa ho ahlola hore na ke lintho life tse nepahetseng, tsa bohlokoa le tseo u ka sebelisang nako ea hao ho tsona. Ke eona e laolang hore na bophelo ba hao bo tla ba joang. Ka lebaka leo, melao e lokileng e tla u thusa hore u rere ho etsa lintho tseo u tla khona ho li finyella le ho sebelisa nako ea hao ka bohlale ka hohle kamoo u ka khonang. U ka fumana melao e joalo hokae? Batho ba bangata ba sebelisa Bibele hobane ba hlokometse hore e na le likeletso tse bohlale ka ho fetisisa.—Liproverbia 2:6, 7.

Etsa hore lerato ebe molao oa hao oa boitšoaro o ka sehloohong. Bakolose 3:14 e re: Lerato “ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” Re ke ke ra thaba e le kannete le ho ikutloa re sireletsehile ha re sa ratoe, haholo-holo ka lapeng. Ha e le hantle, batho ba hlokomolohang ntlha ena, ka hore ba nke ho batla maruo kapa mosebetsi e le tsona lintho tsa bohlokoa, ba ke ke ba thaba. Ke ka lebaka leo Bibele e reng lerato ke lona le lokelang ho ba ka sehloohong, ’me e bua ka lona ka makhetlo a mangata.—1 Bakorinthe 13:1-3; 1 Johanne 4:8.

Iphe nako ea ho ithuta ka Molimo. Monna ea bitsoang Geoff o ne a e-na le mosali ea mo ratang, bana ba babeli ba thabileng, metsoalle e molemo le mosebetsi o lefang hantle e le mooki ea fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso. Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae o ne o etsa hore a lule a bona batho ba utloang bohloko le ba shoang. O ile a re: “Na bophelo bo lokela ho ba tjee?” Eaba ka letsatsi le leng o bala sengoliloeng se thehiloeng Bibeleng se hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ’me a fumana likarabo tse mo khotsofatsang.

Geoff o ile a bolella mosali oa hae le bana ba hae seo a neng a ithuta sona, ’me le bona ba khahloa ke seo ba se utloang. Litho tsa lelapa leo li ile tsa qala ho ithuta Bibele, e leng se ileng sa ntlafatsa bophelo ba tsona le ho li thusa hore li sebelise nako ka bohlale. Ho ithuta Bibele ho ile ha boela ha li fa tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang lefu le mahlomola.—Tšenolo 21:3, 4.

Se etsahaletseng Geoff se re hopotsa mantsoe a Jesu Kreste, ha a ne a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Na u ikemiselitse ho behella ka thōko nako ea ho ithuta ka Molimo? Ha e le hantle, ho etsa joalo ho tla u fa bohlale ba hore u phele ka tsela e molemo ka ho fetisisa.

^ ser. 5 Sheba “Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng,” makasineng ea Tsoha! ea April 2010.