Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng e Makatsang ka ho Lla?

Ke Eng e Makatsang ka ho Lla?

RE QALA ho lla ho tloha mohla re hlahang. Setsebi se seng se re ha re sa le masea, ho lla e ne e le eona tsela eo re bolellang motsoali ka eona hore ho na le seo re se hlokang maikutlong le ’meleng. Empa ke hobane’ng ha re lla ha re ntse re hōla, le hoja re ka khona ho fetisa molaetsa ka litsela tse ling?

Re lla ka mabaka a sa tšoaneng. Re ka lla hobane re saretsoe, re tsielehile kapa re utloile bohloko ’meleng kapa re imetsoe kelellong. Empa ho thaba haholo, ho ikutloa re imolohile le ho finyella se itseng le hona ho ka etsa hore re lle. Re ka boela ra lla hobane re bona motho e mong a lla. María o re, “Ha ke bona motho e mong a lla—ho sa tsotellehe hore na o llelang—seo se etsa hore le ’na ke lle.” Mohlomong u kile ua llisoa ke lintho tseo e seng tsa sebele tse hlahang lifiliming le libukeng.

Ho sa tsotellehe hore na re llelang, ho lla ke tsela e matla eo motho a ntšang maikutlo ka eona. Buka ea Adult Crying e re, “Ke litsela tse seng kae feela tsa ho fetisa molaetsa ka nako e khutšoanyane hakaalo.” Ha motho a lla seo se etsa hore batho ba batle ho etsa ho hong. Ka mohlala, ha motho a lla hobane a utloile bohloko ho ba thata ho mo sheba feela re sa etse letho. Kahoo, re ka ’na ra leka ho mo tšelisa kapa ho mo thōlisa.

Litsebi tse ling li lumela hore ho lla ho re thusa ho ntša bohloko, ’me ho tloaela ho ipipetsa ho ka ’na ha re kulisa. Tse ling li re saense ha e s’o tiise hore ho lla ho ka thusa motho ’meleng kapa maikutlong. Leha ho le joalo, liphuputso li bontša hore basali ba 85 ho ba lekholo le banna ba 73 ho ba lekholo, ba tlalehile hore ba ikutloa ba le betere ka mor’a hore ba lle. Noemí o re: “Ka linako tse ling ke ee ke utloe hore ke lle. Ka mor’a hore ke lle, maikutlo a ka aa kokobela ebe ke qala ho nahana lintho ka tsela e hlakileng.”

Liphuputso li bontša hore basali ba 85 ho ba lekholo le banna ba 73 ho ba lekholo, ba tlalehile hore ba ikutloa ba le betere ka mor’a hore ba lle

 Empa hase ho lla feela ho ka ’nang ha etsa hore re ikutloe re imolohile. Tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha re lla, le eona e phetha karolo ea bohlokoa. Ka mohlala, ha batho ba re tšelisa kapa ba re thōlisa ha re lla, seo se etsa hore re ikutloe re imolohile. Empa haeba ba sa etse letho, re ka ’na ra hlajoa ke lihlong kapa ra ikutloa re sa tsotelloe.

Ho hlakile hore ho lla ke ntho e makatsang. Re kholisehile hore ho lla ke e ’ngoe ea litsela tse hlollang eo re ntšang maikutlo ka eona eo Molimo a re fileng eona.