Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?

Hobane U ka Fumana Thuso

Hobane U ka Fumana Thuso

‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Molimo, hobane oa u tsotella.’—1 PETROSE 5:7.

Ho shoa ho ka bonahala ho le molemo ho feta ho phela ha u bona eka ha ho na letho leo u ka le etsang ho ntlafatsa boemo ba hao. Empa nahana ka lintho tse itseng tse ka u thusang.

Thapelo. Thapelo hase tsela feela ea hore u ikutloe u le betere, kapa ntho eo re lokelang ho e etsa ha re le tsietsing. Empa ke puisano ea sebele le Jehova Molimo, ea u tsotellang. Jehova o batla hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”—Pesaleme ea 55:22.

Ho ka ba molemo hore u bue le Molimo ka thapelo kajeno. Sebelisa lebitso la hae, e leng Jehova, ’me u mo phetlele sefuba. (Pesaleme ea 62:8) Jehova u batla hore u mo tsebe ’me u be motsoalle oa hae. (Esaia 55:6; Jakobo 2:23) Thapelo ke mokhoa oa puisano oo u ka u sebelisang neng kapa neng le kae kapa kae.

Ho ea ka Mokhatlo oa Amerika oa Thibelo ea ho Ipolaea, “liphuputso li ’nile tsa bontša hore bongata ba batho ba ipolaeang—ba 90 lekholong kapa ho feta—ba ne ba e-na le lefu la kelello pele ba e-shoa. Leha ho le joalo, hangata ho ne ho sa tsejoe hore ba tšoeroe ke lefu la kelello, e le hore ba fumane phekolo e nepahetseng”

Batho ba u tsotellang. Bophelo ba hao ke ba bohlokoa ho batho ba bang—ba akarelletsang litho tsa lelapa, kapa metsoalle eo e ka ’nang eaba e se e bontšitse hore ea u tsotella. Batho bana ba ka ’na ba akarelletsa le bao u sa ba tsebeng. Ka mohlala, ka linako tse ling ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li le mosebetsing oa boboleli, li kopana le batho ba tsielehileng, bao ba bang ba bona ba lumelang hore ba hloka thuso le hore ba kile ba nahana ka ho ipolaea. Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o file Lipaki Tsa Jehova monyetla o ikhethang oa ho thusa batho ba joalo. Li etsisa mohlala oa Jesu ka ho tsotella baahisani ba tsona. Le uena lia u tsotella.—Johanne 13:35.

Thuso ea litsebi. Hangata menahano ea ho ipolaea e bakoa ke ha motho a tšoeroe ke lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng, le kang ho tepella ho hoholo ha maikutlo. U se ke ua hlajoa ke lihlong ha u tšoeroe ke lefu lena feela joalokaha u sa lokela ho hlajoa ke lihlong ha u kula ’meleng. Ha e le hantle, lefu la ho tepella ho hoholo ha maikutlo le ’nile la bitsoa “sefuba se tšoarang kelello.” Le ka tšoara mang kapa mang—ebile lea phekoleha. *

HOPOLA: Hangata ha ho bonolo hore motho a loantše lefu la ho tepella ho hoholo ha maikutlo a le mong, empa ka thuso ea ba bang a ka khona.

SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Batla ngaka e tsebahalang ka ho phekola mafu a ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng a kang ho tepella maikutlo.

^ ser. 8 Haeba maikutlo ana a ho ipolaea a tota, batla hore na ke thuso ea mofuta ofe eo u ka e fumanang—mohlomong u ka letsetsa libakeng tseo ho thusoang batho ba nang le mathata kapa ua ea sepetlele. Libakeng tseo ho na le batho ba bangata ba koetlisitsoeng hantle e le hore ba fane ka thuso.