Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINAHA LE BATHO

Ho Etela Belize

Ho Etela Belize

LE HOJA e le sebaka se senyenyane, Belize e na le lintho tse ngata tse akaretsang, meru e lulang e le mongobo le leoatle le leputsoa le pota-potileng lihlekehleke tse ngata tse pel’a lebopo. Empa sena hase sona feela se hlollang ka Belize.

Ho na le mefuta e makholo ea linonyana le liphoofolo, naheng ena. Tse ling ke linonyana tse mebala-bala tse bitsoang toucan le phoofolo e bitsoang Baird tapir—e kang kolobe, e nang le nko e tšoanang le ea tlou empa eona e le khutšoaane ’me e khona ho matha ka lebelo ha e le ka metsing le kantle ho metsi! Ho boetse ho na le lengau le phelang le le leng. Ha e le hantle, Belize e ikhantša ka hore ke eona ea pele lefatšeng ea ho ba le lengau sebakeng sa eona sa liphoofolo.

Belize e ikhantša ka hore ke eona ea pele lefatšeng ea ho ba le lengau sebakeng sa eona sa liphoofolo

Belize e kile ea e-ba naha ea Bamaya. Masole a Maspanishe a ile a fihla Belize lilemong tsa bo-1500 empa ha aa ka a hlōla Bamaya ka ho feletseng. Hamorao, Mabrithani a ile a hapa Belize ’me ka 1862 a ile a e etsa kolone ea Mabrithani ka molao e bitsoang, British Honduras. Ka 1981, Belize e ile ea fumana boipuso.

 Joaloka naha ea bona e mebala-bala, Mabelize ke batho ba merabe e sa tšoaneng. Ba bang ke Macreole, Maindia a Bochabela, Magarifuna, Bamaya le Bamestizo. Ke batho ba botsoalle ’me ba na le mekhoa e metle. Ha bana ba bua le batho ba baholo, hangata ba sebelisa mantsoe a kang “’Mè” kapa “Ntate” ’me ba araba ka ho re, “E, ’mè” kapa “Che, ntate.”

’Marakeng oa Motse oa Belize

Belize ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Puo ea Matsoho ea Amerika, Sechaena sa Semandarine, Secreole sa Belize, Sejeremane, Senyesemane, Semaya (Mopán) le Sepanishe. Ka 2013, hoo eka bang motho a le mong ho ba 40 ba Belize, o ile a kopanela le Lipaki Sehopotsong sa lefu la Kreste.

NA U NE U TSEBA? Likorale tsa leoatle tsa Belize li bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 290. Ke naha ea bobeli e nang le likorale tsa leoatle tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. E khōlō ka ho fetisisa ke Great Barrier Reef e Australia.

Belize ke naha ea bobeli e nang le likorale tsa leoatle tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng