Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Ho Tšepahala Lenyalong

Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Ho Tšepahala Lenyalong

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”Baheberu 13:4.

MELEMO: Batho ba bang ba nahana hore mantsoe ao a siiloe ke nako. Empa ba fositse haholo! Ho se tšepahale kajeno ho utloisa bohloko ka tsela e tšoanang le mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele.—Liproverbia 6:34, 35.

Jessie, ea nang le mosali le bana, o ile a re: “Ho tšepahala ho entse hore re atamelane haholo le mosali oa ka le hore re thabe. Ka sebele, ke habohlokoa ho tšepana lenyalong. Ho se tšepahale lenyalong ho etsa hore le se ke la tšepana”—re se re sa re letho ka tsela eo ho tla ama bana ka eona!

Ligaya * o ile a beha lenyalo la hae kotsing. O re: “Ke ile ka qala ho tloaelana le batho ba mekhoa e mebe. Eaba ke qala ho ea liphathing tsa bosiu le ho se tšepahalle monna oa ka.” Na ho phela ka tsela ee ho ile ha thabisa Ligaya? Eena le monna oa hae ba ne ba lula ba tjolietsana ’me o ne a sa thaba. O re: “Ha ke nahana ka tsela e soabisang eo ke neng ke phela ka eona, ke ile ka hlokomela hore batsoali ba ka ba ne ba nepile ha ba re, ‘Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.’”—1 Bakorinthe 15:33.

Ligaya o phaella ka ho re: “Pele lintho li senyeha le ho feta, ke ile ka etsa qeto ea ho fetola bophelo ba ka ’me ka ithuta Bibele—khetlong lena ke sebelisa seo e se rutang.” Liphello e bile life? O ile a sireletsa lenyalo la hae ’me monna oa hae a qala ho mo tšoara ka mosa le ka tlhompho. O re: “Bibele e fetotse bophelo ba ka ’me ha ke ikoahlaele ho tlohela tsela eo ke neng ke phela ka eona pele le batho ba neng ba iketsa eka ke metsoalle ea ka.”

^ ser. 6 Mabitso a mang a fetotsoe.