LINAHA LE BATHO
Ho Etela Honduras
HONDURAS e bolela “Botebo” ka Sepanishe, e leng lentsoe leo e ka ’nang eaba Christopher Columbus o ile a le sebelisa ho hlalosa metsi a phallang haufi le Lebōpo la Leoatle la Atlantic la motse ona. Batho ba bang ba re ke kamoo Honduras e ileng ea fumana lebitso la eona kateng.
Batho ba Honduras ba nka hore ke habohlokoa haholo ho tšepahala le ho ba le tšebelisano-’moho ka lapeng. Ka mohlala, hangata banyalani ba etsa liqeto tsa bohlokoa litabeng tse amanang le litšenyehelo tsa lelapa kapa ho ruta bana.
Mahonduras a mangata ke a merabe e tsoakaneng ea Maeurope le matsoalloa a Honduras. A mang a matsoalloa a naheng ena a kang Machortí, a ntse a lula sebakeng sena. Baholo-holo ba matsoalloa a mang a Honduras, a kang Magarifuna, ke ba linaheng tse ling.
Magarifuna ke litloholo tsa batho ba Afrika le Maindia a Amerika Boroa a neng a lula sehlekehlekeng sa
St. Vincent. Hoo e ka bang ka 1797, Magarifuna a ile a fihla Islas de la Bahía (Bay Islands). Hamorao, a ile a lula mabapa le Lebōpo la Leoatle la Caribbean le karolong e khōlō ea naha ea Amerika Bohareng. Ha a ntse a le moo, Magarifuna a ile a namela le likarolong tse ling tsa Amerika Bohareng le Amerika Leboea.Magarifuna a rata ho tantša nakong eo ho ntseng ho bapaloa meropa e entsoeng ka lehong. A rata ho apara liaparo tsa setso tse mebala-bala, ho etsa litšōmo le ho ja lijo tse kang ereba (e leng sephaphatha se seholo le se sesesaane se entsoeng ka metso ea sefate sa cassava [Manihot esculenta]).
Ho na le liphutheho tse ka bang 400 tsa Lipaki Tsa Jehova, Honduras. Liboka tsa tsona li tšoaroa ka Puo ea Matsoho ea Honduras, Segarifuna, Semandarin sa Chaena, Semiskito, Senyesemane hammoho le Sepanishe.