Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Bibele ke Buka Feela Tjee?

Na Bibele ke Buka Feela Tjee?

Bibele e ngotsoe lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha ngoloa libuka tse ling empa hona joale ha li sa fumaneha. Leha ho le joalo, Bibele e ntse e le teng le kajeno. Nahana ka mehlala e latelang.

  • Le hoja batho ba hlaheletseng ba ’nile ba leka ho felisa Bibele, e ntse e le teng. Ho etsa mohlala, buka e ’ngoe e re ka selemo sa 401 ho ea ho 1500 linaheng tse ling tsa Bokreste, “ho ne ho nkoa e le bokhelohi ho ba le Bibele le ho e bala ka puo ea habo motho.” Batho ba neng ba fetolella Bibele lipuong tse tloaelehileng hammoho le ba neng ba khothalletsa batho hore ba ithute Bibele, ba ne beha bophelo ba bona kotsing. Ba bang ba ile ba bolaoa.

  • Le hoja batho ba sa rateng Bibele ba ne ba le bangata, Bibele e ntse e le buka e ajoang ka bongata ho feta buka leha e le efe. Ho hatisitsoe Libibele tse ka bang libilione tse hlano ka lipuo tse fetang 2 800. Bibele e fapane le libuka tsa filosofi, saense le tse ling ka hore eona ha e felloe ke nako.

  • Bibele e thusitse lipuo tseo e fetoletsoeng ho tsona ka hore e boloke mantsoe a itseng le hore e li ntlafatse. Bibele ea Sejeremane e fetoletsoeng ke Martin Luther e ile ea ntlafatsa puo eo. Mohlomong phetolelo ea pele ea Bibele ea King James ke “buka e bileng le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea hatisoa” ka Senyesemane.

  • Bibele e “susumelitse tsela eo batho ba linaheng tsa mose ba phelang ka eona. Ha ea susumetsa bolumeli feela empa e susumelitse le botaki, lingoloa, molao, lipolotiki le tse ling tse ngata.”—The Oxford Encyclopedia of the Books of the Bible.

Ena ke mehlala e seng mekae feela ea lintho tse etsang hore Bibele e fapane le libuka tse ling. Empa ke hobane’ng ha Bibele e tsebahala hakaale? Ke hobane’ng ha batho ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la eona? A mang a mabaka ao ke ana: Bibele e ruta batho tsela eo ba lokelang ho phela ka eona le hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Bibele e re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko ba bile ba loantšana. Hape e re tšepisa hore mathata ao a tla fela ’me ea re bolella hore na a tla fela joang.

Bibele e re Thusa Hore re Itšoare Hantle ’me re be le Kamano e Ntle le Molimo

Thuto ke ntho ea bohlokoa. Koranta e ’ngoe ea naheng ea Canada e re le hoja motho a ka ba le “mangolo a itseng a thuto, . . . a ke ke a mo thusa hore a etse liqeto tse nepahetseng.” Mokhatlo o sebetsanang le likamano tsa batho o bitsoang Edelman o re taba ena ke ’nete hobane batho ba bangata ba rutehileng ba akarelletsang baokameli ba likhoebo le bo-ralipolotiki baa qhekella, ba na le bobolu ebile baa utsoa ’me sena se etsa hore batho ba se ke ba ba tšepa.

Bibele e bua haholo ka hore na re lokela ho phela joang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re be le kamano e ntle le Molimo. E re thusa hore re ‘utloisise ho loka le kahlolo le bokhabane.’ (Liproverbia 2:9) Ho etsa mohlala, mohlankana e mong ea lilemo li 23 eo re tla mo bitsa Stephen, o ne a le teronkong naheng ea Poland. Ha a ntse a le moo, o ile a qala ho ithuta Bibele eaba o mamela keletso ea eona. O ile a ngola a re: “Joale kea bona hore na Bibele e bolela’ng ha e re ‘hlompha ntat’ao le ’m’ao.’ Hape ke ithutile ho laola maikutlo a ka, haholo-holo ho laola bohale.”—Baefese 4:31; 6:2.

Stephen o ile a mamela mantsoe a hlahang ho Liproverbia 19:11 a reng: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” Hona joale ha Stephen a lekeha hore a halefe, o leka ho khoba matšoafo ebe o sebelisa keletso ea Bibele. O re: “Ke ithutile hore Bibele ke buka e molemo ka ho fetisisa e fanang ka tataiso.”

Maria ke Paki ea Jehova. Mosali e mong ea nang le khethollo o ile a mo rohaka a mo tlatselitse lerata. Ho e-na le hore Maria a mo tlatsetse lerata, o ile a itsamaela. Mosali eo o ile a ikoahlaela seo a se entseng eaba o batlana le Lipaki. Hoo e ka bang khoeli hamorao, o ile kopana le Maria hape eaba oa mo haka a ba a kōpa tšoarelo. Hape o ile a hlokomela hore Maria ha aa ka a mo rohaka hobane ke Paki ea Jehova. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mosali eo le ba lelapa la hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.

Jesu Kreste o ile a re motho ea bohlale o bonoa ka liketso. (Luka 7:35) Kahoo, ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore likeletso tsa Bibele lia sebetsa. Li etsa hore re be batho ba molemo. Li ‘hlalefisa ea se nang phihlelo,’ li ‘thabisa pelo’ hape li thusa motho hore a itšoare hantle ’me a be le kamano e ntle le Molimo.—Pesaleme ea 19:7, 8.

Bibele ea Hlalosa Hore na ke Hobane’ng ha Batho ba Utloa Bohloko

Ha bafuputsi ba leka ho ithuta ka lefu le itseng la seoa, ba leka ho fumana hore na le bakiloe ke eng. Re etsa ntho e tšoanang ha re batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko. Hape, Bibele e ka re thusa haholo hobane e bua ka lintho tse ileng tsa etsahala mehleng ea Adama le Eva, e leng nako eo mathata a qalileng ka eona.

Lengolo la Genese le re mathata a batho a qalile ha Adama le Eva ba khetha ho se mamele Molimo. Ba ile ba khetha hore ba iketsetse qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng; ntho eo e leng Molimo feela ea nang le tokelo ea ho e etsa. (Genese 3:1-7) Ka masoabi, ho tloha ka nako eo, batho ha ba batle ho phela ka melao. Litla-morao e bile life? Ho e-na le hore batho ba thabe ’me ba be le tokoloho, baa loantšana, baa hatellana ebile ha ba lumellane tabeng ea melao ea boitšoaro le borapeli. (Moeklesia 8:9) Ke kahoo Bibele e reng: “Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Litaba tse monate ke hore haufinyane mathata a bakiloeng ke batho a tla fela.

Bibele e re fa Tšepo

Bibele e re kaha Molimo o rata batho ba mo mamelang, ha a na ho lumella hore lintho tse mpe li etsahale ho ea ho ile. Batho ba khopo “ba tla ja litholoana tsa tsela ea bona.” (Liproverbia 1:30, 31) Empa “ba bonolo ba tla rua lefatše. Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

‘Thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—1 Timothea 2:3, 4

Molimo o tla phetha morero oa hae oa ho etsa hore lefatše le be le khotso. O tla etsa seo ka ’Muso oa hae. (Luka 4:43) ’Muso oo o tla busa lefatše lohle, ’me ka oona Molimo o tla bontša hore ke eena ea nang le tokelo ea ho busa batho. Jesu o ile a bontša hore ’Muso oo o tla busa lefatšeng ha a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.”—Matheu 6:10.

Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla phetha thato ea Molimo. Ba tla mamela eena hobane ke ’Mōpi hape ke eena ea nang le tokelo ea ho busa batho. Molimo o tla felisa bobolu, meharo, bofutsana, khethollo ea ’mala le lintoa. Ho tla ba le ’muso o le mong le melao e tšoanang ea boitšoaro le borapeli lefatšeng lohle.—Tšenolo 11:15.

Re ka phela lefatšeng leo le lecha haeba re ithuta ka Molimo. 1 Timothea 2:3, 4 e re ‘thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ Tsebo eo e akarelletsa lithuto tsa Bibele tseo re ka reng ke melao ea motheo ea ’Muso, e leng melao le melao-metheo eo ’Muso ona o tla busa ka eona. Mehlala ea eona e fumaneha Thutong ea Jesu Kreste ea Thabeng. (Matheu, khaolo ea 5-7) Ha u bala likhaolo tseo, leka ho iketsetsa setšoantšo sa hore na ho tla ba joang lefatšeng ha motho e mong le e mong a etsisa Jesu.

Ha ho makatse hore ebe Bibele e ajoa ho feta buka leha e le efe. Lithuto tsa eona li bululetsoe ke Molimo. Ho ajoa ha eona ho bontša hore Molimo o batla hore batho ba lipuo tsohle le merabe eohle ba ithute ka eena ’me ba rue melemo e tlisoang ke ’Muso oa hae.—Liketso 10:34, 35.