Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahloba Litšebelisano le Batho ba Bang

Ho Hlahloba Litšebelisano le Batho ba Bang

Ke hokae moo u batlang keletso teng ha u sebelisana le batho ba bang? Na u qala ka ho e batla Bibeleng kapa sebakeng se seng? Hlokomela hore na keletso ea Bibele e molemo hakae ha e bapisoa le ea batho kajeno.

India

Ho latela liphuputso tse ileng tsa etsoa India ka 2014, liphesente tse 61 tsa bacha ba lipakeng tsa lilemo tse 18 le 25 li lumela hore thobalano pele ho lenyalo “ke ntho e tloaelehileng.” Ngaka e ’ngoe ea India e ile ea bolela hore “ha bacha ba ratana seo ha se bolele hore ba batla ho nyalana. Ho sa tsotellehe hore na ba intša bolutu ka thobalano kapa ba lula ’moho, bacha ba bangata ha ba nahane ka ho nyalana.”

NAHANA KA SENA: Na mafu a tšoaetsanoang ka thobalano le maikutlo a molato li ama batho ba etsang thobalano pele ho lenyalo kapa ba nyalaneng?—1 Bakorinthe 6:18.

Denmark

Ha motho a lula a ngangisana le litho tsa lelapa, seo se ka etsa hore a shoe a le lilemo tse lipakeng tsa 35 le 50. Bafuputsi ba Univesithi e ’ngoe ba ile ba etsa liphuputso ho batho ba 10 000 ba lilemong tse lipakeng tsa 35 le 50. Ba ile ba fumana hore batho ba neng ba atisa ho ngangisana le batho ba bang ba ne ba e-na le menyetla e mengata ea ho shoa pele ho nako ha ba bapisoa le batho ba neng ba sa ngangisane le ba bang. Mongoli e mong o ile a re haeba batho ba sebetsana le mathata le lingangisano ka tsela e nepahetseng, “seo se ka etsa hore ba se ke ba shoa pele ho nako.”

BIBELE E RE: “Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.”—Liproverbia 17:27.

United States

Ho latela phuputso e ileng ea etsoa ho banyalani ba 564 ba bacha Louisiana, hangata banyalani ba ileng ba arohana ha ba ntse ba ratana ’me ba khutlelana hape, ba atisa ho arohana le pele ho feta lilemo tse hlano ba nyalane. Hape, ba atisa ho lula ba loana ’me ha ba thabe manyalong a bona.

BIBELE E RE: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong [lenyalong], ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.