Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosali ea bohlale o mamela letsoalo la hae

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho Ntša Mpa

Ho Ntša Mpa

Selemo le selemo masea a limilione tse mashome a bolaoa a e-s’o hlahe, e leng palo e fetang baahi ba linaha tse ling.

Na ke phoso ho ntša mpa?

SEO BATHO BA SE BUANG

Basali ba bangata ba ntšang limpa ba etsa seo ka mabaka a fapaneng, a akarelletsang mathata a lichelete, ho se utloane le ntate oa ngoana, ho lakatsa ho fumana bolokolohi bo eketsehileng tabeng ea mosebetsi kapa thuto le ho se batle ho holisa bana ba le bang. Batho ba bang ba lumela hore haeba mosali a ntša mpa o etsa ntho e mpe kaha o filoe boikarabelo ba ho tlisa ngoana eo lefatšeng le ho mo hlokomela.

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo o nka bophelo bo halalela. (Genese 9:6; Pesaleme ea 36:9) Molao-motheo oo o sebetsa le ho ngoana ea ntseng a hola ka popelong, e leng sebaka se sireletsehileng seo Molimo a se entseng e le hore a holele ho sona. Mongoli e mong oa Bibele o ile a re: “U ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè”. O ile a tsoela pele ka hore: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao, mabapi le matsatsi ao li ileng tsa bōptjoa ka ’ona.”—Pesaleme ea 139:13, 16.

Tsela eo Molimo a talimang bophelo ba lesea le e-s’o hlahe ka eona e boetse e bonahala molaong oo a neng a o file Baiseraele le hore o boetse o re file letsoalo le re tataisang. Molao oo o ne o bontša hore haeba motho a ne a ka lematsa mosali oa moimana ’me lesea la hae la shoa, o ne a lokela ho bolaoa. (Exoda 21:22, 23) Leha ho le joalo, baahloli ba ne ba tla hlahlobisisa hore na seo se entsoe ka boomo kapa che.—Numere 35:22-24, 31.

Batho ba bopelletsoe le letsoalo. Haeba mosali a mamela letsoalo la hae ’me a sa ntše mpa o tla thaba. * Empa haeba a sa mamele letsoalo la hae ’me a ntša mpa, o tla lula a ikutloa a le molato. (Baroma 2:14, 15) Liphuputso li bontša hore hangata basali ba ileng ba ntša limpa ba ba le khatello ea maikutlo.

Empa re ka etsa’ng haeba re tšaba boikarabelo ba ho holisa ngoana haholo haeba a ne a sa reroa? Utloa seo Molimo a se tšepisang batho ba hae ba tšepahalang: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi; ho ea se nang molato . . . u tla sebetsa ka mokhoa o se nang molato.” (Pesaleme ea 18:25) Bibele e boetse e re: “Etsoe Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.”—Pesaleme ea 37:28.

Matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”Baroma 2:15.

Empa ho thoe’ng haeba u kile oa ntša mpa?

SEO BATHO BA SE BUANG

Ruth, e leng ’mè ea se nang molekane o re: “Ke ne ke se ke e-na le bana ba bararo ’me ke ile ka utloa eka nke ke ka khona ho ba hlokomela ha ba se ba le bane. Ha ke qeta ho ntša mpa, ke ile ka ikutloa ke le molato.” * Empa na Molimo o ne a ke ke a mo tšoarela?

SEO BIBELE E SE BUANG

Jesu Kreste o ile a hlalosa tsela eo Molimo a shebang lintho ka eona ha a re: “Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.” (Luka 5:32) Kahoo haeba re soabela liphoso tsa rona ’me re kopa tšoarelo ebile re baka, Molimo o tla re tšoarela esita le haeba re entse libe tse kholo. (Esaia 1:18) Pesaleme ea 51:17 e re: ‘Molimo a ke ke a nyelisa kapa a lahla ea pelo e robehileng le e sithabetseng.’

Molimo o boetse o re fa khotso ea kelello haeba re ikokobetsa ’me re kopa hore a re tšoarele. Bafilipi 4:6, 7 e re: “Ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” * Ka mor’a hore a ithute Bibele le ho bolella Molimo maikutlo a hae, Ruth o ile a ba le khotso ea kelello. O ile a ithuta hore Molimo o na le ‘tšoarelo ea ’nete.’—Pesaleme ea 130:4.

“[Molimo] ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rona, leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rona.”Pesaleme ea 103:10.

^ par. 8 Haeba ’mè kapa lesea le sa phela hantle seo ha se bolele hore ’mè o lokela ho ntša mpa. Empa haeba nakong eo lesea le hlahang ka eona ho hlokahala hore ho khethoe pakeng tsa bophelo ba lesea le ba ’mè, ntate le ’mè ba tla iketsetsa qeto. Sena ha se etsahale kamehla linaheng tse ruileng.

^ par. 12 Lebitso le fetotsoe.

^ par. 14 Tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa le eona e ka etsa hore motho a be le khotso ea kelello. Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa April 15, 2009, o buang ka melao-motheo ea Bibele mabapi le hore na masea a s’o hlahe a tla tsosoa kapa che.