Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSA MEHLENG YA KGALE

Alhazen

Alhazen

E KA nna yaba ha o so ka o utlwela ka motho ya bitswang Abū ‘Alī al-Ḥasan ibn al-Haytham. Karolong e ka bophirimela ya lefatshe, o tsejwa e le Alhazen e fetoletsweng ka Selatine ho tswa lebitsong la hae la Searabia e leng al-Hasan. Ho ka etsahala hore o fumane molemo o itseng dinthong tseo a di entseng bophelong ba hae. Hobane o hlaloswa e le “e mong wa batho ba bohlokwa ka ho fetisisa le ba nang le tshusumetso e matla ditabeng tsa saense.”

Alhazen o hlahile ka bo 965, a hlahela Basra toropong ya Iraq. E ne e hlile e le motho ya ratang bolepi ba dinaledi, khemistri, mmetse, ho sebetsana le meriana, mmino, saense e sebetsanang le pono le kganya, fisiks le dithoko. Empa keng eo ka ho kgetheha re ka mo lebohang ka yona dinthong tseo a di entseng?

LETAMO LA NILE

Ditaba tse mabapi le Alhazen, di ne di duma dikelellong tsa batho ka nako e telele. Hothwe ka tsatsi le leng, o kile a ba le monahano wa ho batla ho leka ho laola kapa ho tsamaisa Noka ya Nile. O ne a nahanne seo dilemo tse ka bang 1 000 le pele projeke e qala ka 1902 toropong ya Aswân.

Ha pale ya Alhazen e tswela pele, e bontsha hore o ile a ba le leano la ho batla ho bebofatsa sekgahla sa dikgohola le komello naheng ya Egypt, ka hore a etse letamo. Eitse ha Caliph al-Hakim, e leng mmusi wa Cairo, motsemoholo wa Egypt, a utlwela ka leano lena, a memela Alhazen ho tla Egypt e le hore atlo kenya mohoma temeng. Ha Alhazen a fihla mme a inwesa ka nkgo, a hla a bona hore ka nnete a ke ke a o besa wa tuka. Ka ho tshaba ho fumana kotlo, o ile a etsa eka o a hlanya e le hore feela a boloke bophelo ba hae ho fihlela mmusi wa caliph a hlokahala dilemo tse ka bang 11 hamorao ka 1021. Ha Alhazen a ntse a le sebakeng seo ho dulang batho ba hlanyang ho sona, o ile a nna a etsa dintho tse ding tseo a di ratang ka sekgukgu.

BUKA E BITSWANG BOOK OF OPTICS

Ha Alhazen a lokollwa, o ne a se a ngotse dikgaolo tse ngata tsa buka ya hae e bitswang Book of Optics e meqolo e 7, e nkuwang e le “e nngwe ya dibuka tsa bohlokwa historing ya fisiks.” Bukeng eo, o tshohlile dintlha tse mmalwa mabapi le kganya, kamoo e arohanang kateng ho etsa mekgahlelo ya mebala e itseng. O boetse o hlalositse se etsahalang ha kganya e kopana le diipone, haesatana le hore e kobekobeha jwang ho tloha karolong e nngwe e itseng ho ya ho e nngwe. O ne a bile a ithutile ka tsela eo leihlo le sebetsang ka yona e le hore motho a ka kgona ho bona.

Hoo e kabang dilemong tsa bo 1200, buka eo ya hae, e ne e se e fetoletswe ho tloha ho Searabia ho ya Selatineng. Yaba dilemo tse makgolo ka mora moo, ditsebi tsa Europe di e qotsa e le mohlodi wa tlhahisoleseding. Ho a bonahala hore kgaolong e nngwe e neng e bua ka dilense tsa diborele, Alhazen o ne a radile motheo wa hore batho ba Europe ba etsang diborele tsa mahlo, ba elellwe hore ka ho tshwara lense e nngwe ka pela e nngwe o di kolohantse, ba ka etsa sebonelahole le maekroskoupo.

NTHO E KA HARA KHEMERA E ETSANG HORE KHEMERA E SEBETSE

Alhazen o ile a sibolla melaotheo e ka matlafatsang ho nka dinepe, ka hore a qape ntho e nngwe tjena e ka hara khemera e etsang hore khemera e sebetse. Ka hara ntho ena, ho ne ho na le “karolo e lefifi” eo ha kganya e kena ho yona ka lesoba, e nkang setshwantsho seo e shebisitsweng ho sona se shebetse hodimo le tlase

Alhazen o ile a haha ntho e ka hara khemera e etsang hore khemera e sebetse

Eitse ka bo 1800, dikgalase tse rekotang setshwantsho se nkuwang senepe, tsa kenngwa ka hara ntho ena e le hore di kgone ho rekota setshwantsho hore e be senepe seo o ka bang le sona ka mora moo. Yaba re se re ba le khemera eo re e sebedisang le kajeno. Dikhemera le mahlo, di sebedisa melaotheo e tshwanang le e sebediswang ke ntho yane e ka hara khemera, eo re buileng ka yona serapeng se ka hodimo. *

MOKGWA WA SAENSE

E nngwe ya dintho tse ikgethang mesebetsing yohle ya Alhazen, ke tsela e hlollang le mokgwa o utlwahalang wa ho etsa dipatlisiso ka dintho tsa tlhaho tseo re ka di bonang re sebedisa ditho tsa kutlo feela. Ka nnete mokgwa oo a neng a o sebedisa o ne o babatseha ebile o sa tlwaeleha mehleng eo ya hae. E ne e se motho ya dumelang feela tjee dintho tse senang bopaki, empa ke e mong wa bafuputsi ba pele ba ho etsa diteko tse etsetswang laboratoring. Ebile o ne a sa tshabe ho botsa borasaense ba bang haeba taba tsa bona di sa hlaka hantle.

Tekanyetso ya saense ya sejwalejwale, e ka akaretswa ka mantswe ana a bohlokwa: “Netefatsa seo o se dumelang!” Ebile batho ba bang ba re Alhazen ke “ntate wa mekgwa ya sejwalejwale ya saense.” Ka hona, re na le mabaka a mangata a ho mo leboha.

^ par. 13 Le ha ho le jwalo, taba ya ho tshwana ho teng pakeng tsa mahlo le ntho ena e ka hara khemera, e ne e sa utlwisiswe dinaheng tse ka bophirimela, ho fihlela Johannes Kepler a e hlalosa ka bo 1600.