Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a mangata le ngotsoe ka Seheberu Mangolong a Bibele a ileng a ngoloa mehleng ea khale

SEO BIBELE E SE BUANG

Lebitso la Molimo

Lebitso la Molimo

Batho ba bangata ba bitsa Molimo ba sebelisa litlotla tse kang Morena, oa Bosafeleng, Ramaseli kapa Molimo. Empa Molimo o na le lebitso. Na re lokela ho mo bitsa ka lona?

Lebitso la Molimo ke mang?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Batho ba bangata ba ipitsang Bakreste ba lumela hore lebitso la Molimo ke Jesu. Ba bang ba re ha ho hlokahale hore re bitse Molimo ka lebitso hobane ho na le Molimo a le mong feela ea Matla ’Ohle. Athe ba bang bona ba re ho fosahetse ho bitsa Molimo ka lebitso.

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Lebitso la Molimo ea Matla ’Ohle ha se Jesu hobane Jesu ha a matla ’ohle. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Luka 11:2) Le Jesu ka boeena ha a ne a rapela o ile a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.”Johanne 12:28.

Molimo o re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka.” (Esaia 42:8) Lentsoe “Jehova” le fetoletsoe ho tsoa litlhakung tse ’ne tsa Seheberu tse bolelang lebitso la Molimo, e leng YHWH. Lebitso leo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu. * Le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta litlotla tse kang “Molimo,” “ea Matla ’Ohle” kapa “Morena” le mabitso a kang Abrahama, Moshe le Davida.

Ka Bibeleng ha ho na moo Jehova a re thibelang ho mo bitsa ka lebitso la hae. Ho na le Mangolo a bontšang hore bahlanka ba Molimo ba ne ba bitsa Molimo ka lebitso la hae ka makhetlo. Ebile ba ile ba reha bana ba bona mabitso a nang le lebitso la Molimo. Ka mohlala, lebitso Elia le bolela “Jehova ke Molimo oa ka”, la Zakaria lona le bolela “Jehova o Hopotse.” Ba ne ba bile ba bitsa lebitso la Molimo letsatsi le letsatsi ha ba ne ba qoqa.—Ruthe 2:4.

Molimo o batla hore re mo bitse ka lebitso. Bibele e re: “Lebohang Jehova, le ipiletse lebitsong la hae.” (Pesaleme ea 105:1) O bile o rata batho “ba nahanang ka lebitso la hae.”—Malakia 3:16.

“E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

Lebitso la Molimo le bolela’ng?

Ho na le bafetoleli ba bang ba lumelang hore ka Seheberu lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore ho be.” Mantsoe ana aa bontša hore Molimo a ka ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho ba eona kapa a etsa hore lintho tseo a li bopileng e be ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang e le hore thato ea hae e phethahale. Lebitso lena lea mo tšoanela kaha o matla ’ohle.

LEBITSO LA MOLIMO LE KA U THUSA JOANG?

 

Ho tseba lebitso la Molimo ho tla etsa hore ho be bonolo hore u mo rate haholoanyane. Ho ke ke ha khoneha hore u rate motho empa u sa tsebe lebitso la hae. Kahoo, Molimo o entse hore lebitso la hae le be teng ka Bibeleng hobane a batla hore u be le kamano e ntle le eena.—Jakobo 4:8.

Kholiseha hore Jehova o tla lula a etsa lintho tumellanong le lebitso la hae ’me a phethahatse litšepiso tsohle tsa hae. Bibele e re: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.” (Pesaleme ea 9:10) Ha u ntse u ithuta ka makhabane ao Jehova a nang le ’ona a kang lerato, mosa, mohau le toka, u tla mo tšepa. (Exoda 34:5-7) Ho tseba hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae le hore o na le makhabane a joalo, hoa khothatsa.

Ke tlotla ho tseba lebitso la Molimo. Ho le tseba ho ka u thusa hore u hlohonolofatsoe hona joale le ka moso. Molimo o re: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”—Pesaleme ea 91:14.

“E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Joele 2:32.

Tsela eo Jehova e ngoloang ka eona le lipuo tse ling

^ ser. 9 Liphetolelong tse ngata tsa Bibele, lebitso la Molimo le ntšitsoe ’me ha ngoloa tlotla “MOLIMO”. Athe liphetolelong tse ling teng lebitso la Molimo le hlaha litemaneng kapa mengolong e itseng feela e hlahang botlaaseng ba maqephe ka Bibeleng. Ka har’a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, lebitso la Molimo le hlaha hangata ho tloha qalong ho ea tsoa qetellong.