Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso la Modimo le ngotsweng ka ditlhaku tsa kgalekgale tsa Seheberu, le hlaha ka makgetlo a mangata Dibibeleng tse ngotsweng ka letsoho

SEO BIBELE E SE BUANG

Lebitso La Modimo

Lebitso La Modimo

Hangata ha batho ba bua ka Modimo ba sebedisa ditlotla tse kang Morena, Rabosafeleng, Allah kapa Modimo. Empa Modimo o na le lebitso la hae a le mong. Na o ka le sebedisa?

Hantlentle lebitso la Modimo ke mang?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Batho ba bangata ba ipitsang Bakreste ba dumela hore lebitso la Modimo ke Jesu. Ba bang, ba re kahobane ho na le Modimo a le mong feela ya Matla Ohle, ho sebedisa lebitso la hae ha ho hlokahale. Ha ba bang bona, ba re ha re a tshwanela ho sebedisa lebitso la Modimo.

SEO BIBELE E SE BUANG

 

Modimo ya Matla Ohle ha se Jesu. Ha e le hantle, Jesu o rutile barapedimmoho le yena hore ba rapele Modimo ba re: “Ntate, lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Luka 11:2) Jesu le yena o ile a rapela Modimo a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.”—Johanne 12:28

Ka Bibeleng, Modimo o re: “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka; mme nke ke ka fa e mong kganya ya ka.” (Esaia 42:8) Lebitso “Jehova” ke phetolelo ya Sesotho ya didumammoho tsa Seheberu YHWH, tse emelang lebitso la Modimo. Lebitso leo le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 Mangolong a Seheberu kapa Testamenteng ya Kgale. * Le hlaha ka makgetlo a mangata haholo ho feta ditlotla tse kang “Modimo,” “Morena” kapa “Ya Matla Ohle.” Hape le hlaha ka makgetlo a mangata ho feta mabitso a kang Abrahama, Moshe kapa Davida.

Ha ho na moo ka Bibeleng Jehova a ileng a hanela batho ho sebedisa lebitso la hae ka tsela e nepahetseng. Ho e na le hoo, Bibele e re lebitso leo la Modimo, le nnile la sebediswa le ke bahlanka ba hae. Ba ile ba ba ba le kenyelletsa le mabitsong a bana ba bona, jwalo ka Elia, le bolelang hore “Jehova Ke Modimo Wa Ka” le Zakaria, le bolelang hore “Jehova O Hopotse.” Hape, ba ne ba sa qeaqee ho sebedisa lebitso la Modimo dipuisanong tsa bona tsa kamehla.—Ruthe 2:4

Modimo o batla hore re sebedise lebitso la hae. Re kgothalletswa hore re ‘lebohe Jehova, re ipiletse lebitsong la hae.’ (Pesaleme ya 105:1) Hobane o hlokomela le “ba nahanang ka lebitso la hae.”—Malakia 3:16.

E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”—Pesaleme ya 83:18.

Lebitso la Modimo le bolelang?

Ditsebi tse ding tsa Bibele di dumela hore ka Seheberu, lebitso Jehova le bolela hore “O Etsa Hore ho be”. Tlhaloso eo e bolela hore Modimo a ka etsa hore a be sohle seo a se batlang hore thato ya hae e phethahale kapa a ka sebedisa popo ya hae ho finyella morero oo. Ke Mmopi ya matla ohle feela ya ka phelelang lebitso leo.

SEO SE BOLELANG HO WENA

 

Ho tseba lebitso la Modimo ho ka fetola tsela eo ka yona o nahanang ka yena. O tla fumana ho se thata ho mo atamela. Ntle ho moo, o ka atamela motho eo o sa tsebeng lebitso la hae jwang? Haeba Modimo a o bontshitse lebitso la hae, ho hlakile hore o batla o mo atamele.—Jakobo 4:8.

O ka kgodiseha hore Jehova o tla dula a phelela lebitso la hae jwalo ka Modimo ya phethahatsang ditshepiso tsa hae. Ke kahoo Bibele e reng: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla o tshepa.” (Pesaleme ya 9:10) O tla mo tshepa le ho feta ha o ithuta hore lebitso Jehova, ke mathe le leleme le makgabane a kang lerato, mohau, kutlwelobohloko le toka. (Exoda 34:5-7) Ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore esita le ha Jehova a ka phethahatsa ditshepiso tsa hae, a ke ke a hlanohela makgabane a hae.

Ka sebele, ho tseba Modimo ya Matla Ohle ke tlotla e kgolo. Ho ka o tlisetsa ditlhohonolofatso hona jwale esita le nakong e tlang. Modimo o re: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”—Pesaleme ya 91:14.

E mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Joele 2:32.

Lebitso la Modimo ka dipuo tse fapafapaneng

^ par. 9 Diphetolelo tse ngata tsa Bibele di ntshitse lebitso la Modimo, yaba di kenya tlotla “MORENA” ka tlhaku tse kgolo bakeng sa lebitso Jehova, mme tse ding tsona di kentse lebitso la Modimo ditemaneng tse itseng feela kapa mongolong o botlaseng ba leqephe. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e sebedisa lebitso la Modimo haholo.