Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Puisano e jwalo ka borokgo bo thusang batswadi hore ba dule ba le haufi le bana ba bona

BATSWADI

5: Puo

5: Puo

E BOLELANG?

Ho ba le puisano ya nnete le bana ba hao ke haeba le phetlelana difuba.

KE HOBANENG HA E LE YA BOHLOKWA?

Ha ho bobebe hore ho be le puisano pakeng tsa batswadi le batjha. Ho ka etsahala hore ebe dintho di ne di se jwalo ha e ne e le bana. Buka e bitswang Breaking the Code e re: “O ne o tseba ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang bophelong ba bana ba hao esita le dintho tse nyane, empa hona jwale o se o le lefifing.” Le hoja ho ka bonahala e ka bana ba hao ha ba batle ho bua, ena ke yona nako ya hore le buisane.

SEO O KA SE ETSANG

Dula o ikemiseditse ho bua. Iphe nako ya ho mamela ngwana wa hao ho sa tsotellehe hore na ke bosiu kapa tjhe.

“Ha ngwana wa hao a batla ho bua, o ka ikutlwa o batla hore ‘haesale ke na le wena letsatsi lohle, jwale ke hona o batlang ho bua?’ Empa na re lokela ho ingamangama ha bana ba rona ba batla ho bua? Na motswadi e mong le e mong ha a batle hore ngwana wa hae a mo phetlele sefuba?”—Lisa.

“Ke rata ho robala ka nako, empa bana ba ka ba kgona ho buisana le nna hantle ka mora kgitla.”—Herbert.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “E mong le e mong a nne a batle, eseng se molemo ho yena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

Mamela ka hloko. Ntate e mong o re: “Ke na le ho iphumana ke nahana ka dintho tse ding ha bana ba ka ba ntse ba bua le nna, empa ba a hlokomela hore ha ke a ba mamela.”

Haeba o etsahallwa ke se tshwanang, leka hore ho se ke ha e ba le ntho e o sitisang jwalo ka TV kapa disebediswa tsa elektronike. Mamela ngwana wa hao ka hloko le hoja ho ka utlwahala e ka ntho eo a e buang ha se ya bohlokwa.

“Re lokela ho kgodisa bana ba rona hore maikutlo a bona ke a bohlokwa. Haeba ba nahana hore ha re ba tsotelle, ba ka nna ba kgetha ho bua le batho ba bang.”—Maranda.

“O se ke wa halefa le ha ngwana wa hao a bua ntho eo o nkang hore ha e a loka.”—Anthony.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le ele hloko ka moo le mamelang ka teng.”—Luka 8:18.

Sebedisa monyetla o mong le o mong. Ka dinako tse ding, bana ba bua habonolo le batswadi ba bona ha ba sa shebana ka mahlong.

“Re nka monyetla wa ho buisana ha re le ka koloing. Re ba le meqoqo e monate ha re sa shebana ka mahlong.”—Nicole.

Monyetla o mong wa hore le buisane ke nakong ya dijo.

“Nakong ya dijo tsa mantsiboya, e mong le e mong wa rona o bua ka dintho tse monate le tse bohloko tse mo etsahalletseng letsatsing leo. Ho etsa sena ho a re momahanya ebile ho a bontsha hore re tla thusana ha re ena le mathata.”—Robin.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “E mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.”—Jakobo 1:19.