Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho kgalemela ngwana ho etsa hore a be jwalo ka sekepe se laolehang

BATSWADI

6: Kgalemelo

6: Kgalemelo

E BOLELANG?

Lentswe kgalemelo le ka bolela ho tataisa kapa ho ruta. Ka dinako tse ding seo se ka bolela ho kgalemela ngwana ha a entse phoso. Le ha ho le jwalo, hangata kgalemelo e akarelletsa ho ruta ngwana ho itshwara hantle, e leng se tla mo thusa hore a ithute ho etsa diqeto tse nepahetseng.

KE HOBANENG HA E LE YA BOHLOKWA?

Malapeng a mangata morao tjena, batswadi ha ba sa kgalemela bana hobane ba nahana hore ba tla nyahama. Le ha ho le jwalo, batswadi ba bang ba behela bana ba bona melao le ho ba kwetlisetsa ho e mamela.

“Bana ba hloka ho behelwa meedi, ka ha seo se tla ba thusa hore e be batho ba nang le kelello ha ba se ba hodile. Haeba bana ba sa kgalemelwe, ba ka tshwana le sekepe se ka hlahlathelang kapa sa swahlamana.”—Pamela.

SEO O KA SE ETSANG

O se ke wa fetofetoha. Haeba ngwana a sa mamele melao eo o mo behetseng yona, nka bohato ka seo. Ka lehlakoreng le leng, mo babatse ha a e mamela.

“Ke dula ke babatsa bana ba ka ka ho re ebe ba a mamela le hoja re phela lefatsheng la batho ba sa mameleng. Ho ba babatsa ho etsa hore ho be bonolo hore ba mamele ha ke ba kgalemela.”—Christine.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: Le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.

Nahanela ngwana wa hao. Ha o kgalemela ngwana, nahana ka dilemo le bokgoni ba hae le hore na phoso eo a e entseng e kgolo ha kae. Hangata haeba ditlamorao di tsamaisana le phoso eo ngwana a e entseng, o tla ithuta ho yona. Ka mohlala, haeba a sebedisa founu hampe, motswadi a ka nna a nka founu eo ka nako e itseng. Ka lehlakoreng le leng, o se ke wa kwatela ngwana ka ntho e sa reng letho hobane feela e o tena.

“Ke leka ho shebisisa hore na ngwana wa ka o entse ntho ka boomo kapa e ne e mpa e le phoso. Ho na le phapang pakeng tsa mokgwa o ditshila o lokelang ho ntshwa ka motso le phoso feela e lokelang ho lokiswa.”—Wendell.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le se ke la kgentsha bana ba lona, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.

Bontsha lerato. Ha bana ba tseba hore batswadi ba ba kgalemela hobane ba ba rata, ho ba bonolo hore ba mamele le hore ba se ke ba pheta phoso eo hape.

“Ha mora wa rona a ne a entse diphoso, re ne re mo tiisetsa hore le hoja a etsa diphoso, re thabela diqeto tsohle tse ntle tseo a ileng a di etsa. Re ne re mo hlalosetsa hore diphoso ha di mo etse motho ya mobe hafeela a ithuta ho tsona, le hore re teng ho mo thusa ho etsa seo.”—Daniel.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa.”—1 Bakorinthe 13:4.