Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jwalo ka khompase e sebetsang hantle, boitshwaro bo botle bo ka thusa ngwana wa hao hore a etse diqeto tse nepahetseng

BATSWADI

7: Boitshwaro

7: Boitshwaro

BO BOLELANG?

Boitshwaro ke tsela e ntle kapa e mpe eo motho a ikgethelang ho phela ka yona. Ka mohlala, na o leka ka hohle ho tshepahala dinthong tsohle? Haeba ho jwalo, e ka nna ya ba o batla hore bana ba hao ba etse se tshwanang.

Ho itshwara hantle ho akarelletsa ho ba le mekgwa e metle. Ka mohlala, motho ya nang le mekgwa e metle o sebetsa ka thata, o nahanela ba bang ebile ha a na kgethollo, e leng dintho tseo ho hlokahalang hore motho a ithute tsona ha a sa le monyane.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Kwetlisa [ngwana] ho ya ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”—Liproverbia 22:6.

KE HOBANENG HA E LE BA BOHLOKWA?

Ke ha bohlokwa ho ba le boitshwaro bo botle mehleng ena ya theknoloji. Mme e mong ya bitswang Karyn o re: “Boitshwaro bo bobe bo hohle mona disebedisweng tsa elektronike. Bana ba rona ba ka nna ba shebella dintho tse tswileng tseleng ba ntse ba le pela rona!”

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: ‘Ba hodileng ka ho feletseng . . . matla a bona a ho lemoha a kwetliseditswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.

Ke ha bohlokwa ho nahanela batho ba bang. Sena se akarelletsa ho bontsha mekgwa e metle jwalo ka hore “ke a kopa,” “ke a leboha” le ho bontsha hore o kgathalla batho ba bang, e leng ntho eo batho ba bangata ba sa e etseng hobane ba amehile haholo ka disebediswa tsa bona tsa elektronike.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka moo le batlang hore batho ba le etse ka teng, le ba etse ka tsela e tshwanang.”—Luka 6:31.

SEO O KA SE ETSANG

Fana ka mabaka. Dipatlisiso di bontsha hore ha se hangata batjha ba ka etsang thobalano pele ho lenyalo hafeela batswadi ba ba hlaloseditse hore na ke hobaneng ha ho etsa seo ho le phoso.

SE KA O THUSANG: Buisana le ngwana wa hao ka ntho e etsahalang tikolohong ya lona ho mo ruta hore a be le boitshwaro. Ka mohlala, haeba ditabeng ho buuwa ka hore ho ile ha bolawa motho, o ka nna wa re ho yena: “Ho utlwisa bohloko ho bona ka moo batho ba hloyaneng ka teng. O nahana keng e entseng hore ba be jwalo?”

“Ho thata le ho feta hore bana ba kgethe pakeng tsa ntho e nepahetseng le e fosahetseng haeba ba sa tsebe hore na di fapana jwang.”—Brandon.

Ruta bana ho nahanela ba bang. Esita le bana ba banyenyane ba ka ithuta hore “ke a kopa,” “ke a leboha” le ho bontsha hore ba kgathalla batho. Buka e bitswang Parenting Without Borders e re: “Ha bana ba hlokomela hore ke ba bohlokwa ka lapeng, sekolong le sebakeng seo ba dulang ho sona, seo se ba susumelletsa hore ba thuse batho ba bang.”

SE KA O THUSANG: Ruta bana ba hao hore ba thuse batho ba bang ka hore o ba fe mosebetsi oo ba ka o etsang lapeng.

“Haeba o tlwaetsa bana ba hao ho etsa mosebetsi wa lapeng hona jwale, ba ke ke ba thatafallwa ke ho dula ba le bang hobane ba tla be ba se ba tlwaetse ho jara boikarabelo.”—Tara.