Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Di goal di tshwana le polane ya ntlo, ho hlokahala boiteko hore e fetohe ntlo ya sebele

BATJHA

12: Di Goal

12: Di Goal

SEO SE BOLELANG?

Dintho tseo o batlang ho di finyella kapa di goal, ha e ya lokela hoba ditoro feela. O lokela ho di rera e sa le pele, o fetohe le maemo o be o etse boiteko ba ho di finyella.

Ho na le di goal tse ka nkang matsatsi, dibeke, dikgwedi, selemo kapa ho feta. Hanyane hanyane, ipehele di goal tse kgutshwanyane tse tla o thusa hore o finyelle di goal tse kgolo.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Haeba o kgona ho finyella di goal tsa hao, seo se tla etsa hore o itshepe, o ntlafatse setswalle sa hao le batho ba bang le hore o thabe.

Itshepe: Haeba o ipehela di goal tse nyane mme o di finyella, seo se tla etsa hore o batle le ho finyella tse kgolo. Ebile o tla kgona le ho sebetsana le mathata ao o kopanang le ona letsatsi le letsatsi, jwalo ka ho hlola kgatello ya dithaka.

Setswalle: Batho ba thabela ho etsa setswalle le batho ba batlang ho finyella dintho tse itseng bophelong. Ho feta moo, tsela e molemo ya ho etsa setswalle ke haeba o etsa setswalle le batho ba nang le di goal tse tshwanang le tsa hao mme le sebetsa mmoho ho di finyella.

Thabo: O tla thaba haeba o ipehela di goal ebile o di finyella.

“Ke rata ho ipehela di goal. Di etsa hore ke batle ho finyella ho itseng. Ha o finyelletseng goal e itseng, seo se etsa hore o re ‘ha ke kgolwe hore ke finyelletse goal ena!’”—Christopher.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ya shebellang moya a ke ke a jala peo; mme ya tadimang maru a ke ke a kotula.”—Moeklesia 11:4.

SEO O KA SE ETSANG

Mehato e latelang e ka o thusa hore o finyelle di goal tsa hao.

Hlophisa dintho. Ngola dintho tseo o batlang ho di finyella mme o kgethe tseo o batlang ho qala ka tsona.

Rera e sa le pele. Etsa dintho tse latelang ka goal e nngwe le e nngwe:

  • Beha nako eo o tsebang hore o tla be o finyelletse goal ya hao.

  • Ngola mehato eo o lokelang ho e latela.

  • Nahana ka dintho tse ka o sitisang le hore na o ka di hlola jwang.

Nka bohato. O se ke wa batla ho qala ha dintho di se di le hantle. Ipotse, ‘Ke lokela ho qala kang e le hore ke finyelle goal ya ka?’ Ha o se o tseba, qala ka yona. Hlahloba hore na o se o le hole ha kae le ho finyella goal ya hao.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.