Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BATHO BA HLOKAHALLETSWENG BA KA THUSWA KENG?

Seo o ka se Lebellang

Seo o ka se Lebellang

Ditsebi tse ding di re batho ba hlokahalletsweng ba bontsha ho utlwa bohloko ka tsela e tshwanang, le ha ho le jwalo, motho e mong le e mong o na le tsela e ikgethang eo a bontshang ka yona hore o utlwile bohloko. Na ditsela tse fapaneng tseo batho ba bontshang ka tsona hore ba utlwile bohloko, di bolela hore ba bang ha ba a utlwa bohloko hakaalo kapa ba “pata” maikutlo a bona? Ha ho jwalo. Ke nnete hore ho bontsha hore o utlwile bohloko ha o hlokahalletswe le ho amohela boemo ho ka o thusa, empa ha hona tsela e le nngwe “e nepahetseng” ya ho bontsha hore o utlwile bohloko. Dintho tse kang setso sa motho, botho ba hae, dintho tse mo etsahelletseng bophelong le tsela eo mofu a hlokahetseng ka yona, di ka ama tsela eo motho a bontshang ka yona hore o utlwile bohloko.

KENG SE KA ETSAHALANG?

Ho ka etsahala hore e be batho ba hlokahalletsweng ha ba tsebe hore na ba lebelleng ka mora ho hlokahallwa ke motho eo ba mo ratang. Le ha hole jwalo, ba ka etsahallwa ke dintho tse tlwaelehileng mme tse ding ba se ntse ba tseba hore di tla ba etsahalla. Nahana ka dintlha tse latelang:

Ho imelwa maikutlong. Ba a lla, ba hopola mofu hape neng neng ba thabile kapa ba kwatile. Ho hopola dintho tseo mofu a neng a di etsa le ho mo lora, ho ka mpefatsa dintho le ho feta. Hang ha motho a utlwa ka lefu, a ka tshoha kapa a se dumele seo a se utlwang. Tiina o hopola ka moo a ileng a ikutlwa ka teng ha monna wa hae Timo a ne a hlokahala a sa nahana. O re: “Ke ne ke sa tsebe hore na ke ikutlwa jwang. Ke sa kgone le ho lla. Ke ne ke imetswe hoo ka dinako tse ding ke neng ke thatafallwa ke ho hema. Ke ne ke sa kgolwe se etsahetseng.”

Ho tlwaelehile ho tshwenyeha, ho halefa le ho ikutlwa o le molato. Ivan o re: “Nna le mosadi waka Yolanda re ne re kwatile haholo ka mora hore mora wa rona ya dilemo di 24, e leng Eric a hlokahale. Sena se ile sa re makatsa ka ha ha re e so ka re kwata ka tsela ena. Re ile ra ikutlwa re le molato, ra ipotsa hore na ebe re ka be re entseng ho thusa mora wa rona.” Alejandro le yena o ile a ikutlwa a le molato ka mora hore mosadi wa hae ya neng a kutse nako e telele a hlokahale, o re: “Qalong ke ne ke nahana hore ke motho ya mobe hore e be Modimo o dumelletse hore ke utlwe bohloko hakaana. Hamorao ke ile ka itshola hore ke behile Modimo molato ka se etsahetseng.” Kostas eo ho buuweng ka yena sehloohong se fetileng yena o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke utlwa ke kwatetse Sophia ka hore e be o hlokahetse. Ka mora moo ke ile ka utlwa bohloko hobane e ne e se molato wa hae.”

Ho se mamele ka hloko. Ka dinako tse ding batho ba hlokahalletsweng ba ka nahana dintho tse siyo. Ka mohlala, ba ka nahana hore ka tsela e itseng mofu o ntse a phela. Kapa ba ka thatafallwa ke ho mamela ka hloko le ho hopola dintho. Tiina o re: “Ka dinako tse ding ha batho ba ne ba bua le nna, o ne o tla fumana ke inahanetse ka lefu la Timo feela. Ho se kgone ho mamela ka hloko ho ne ho ntshwenya le ho feta.”

Ho itshehla thajana. Motho ya hlokahalletsweng a ka nna a ikutlwa a sa phuthuloha ha a na le batho ba bang. Kostas o re: “Ha ke na le banyalani le ha ke le hara batho ba sa nyalang, ke ne ke ikutlwa ke le mokgelo.” Yolanda yena o re: “Ho ne ho le thata ho ba hara batho ba dulang ba bua ka mathata a bona a neng a bonahala a le manyane ha a bapiswa le a ka. Ho ne ho boetse ho e na le batho ba buang ka bana ba bona. Ke ne ke thabela ho utlwa ho re bana ba bona ba ntse ba ya hantle, le ha ho le jwalo, ho ne ho le thata hore ke ba mamele. Nna le monna wa ka re ne re utlwisisa hore bophelo bo lokela ho tswela pele empa re ne re sa kgone ho amohela maemo.”

Ho fokollwa ke bophelo. Ho tlwaelehile hore ho be le diphetoho mmeleng, tseleng eo motho a jang ka yona le eo a robalang ka yona. Ha Aaron a hlalosa hore na o ne a ikutlwa jwang selemo ka mora hore ntate wa hae a hlokahale, o re: “Ke ne ke sa bo hlothe bosiu. Ke ne ke tsoha bosiu bo bong le bo bong ke nahana ka lefu la ntate.”

Alejandro o hopola nakong eo a neng a ikutlwa a kula, o re: “Hangata ha ke ya sepetlele ngaka e ne e mpolella hore ha ho le letho le phoso. Ke ile ka hlokomela hore lefu la Sophia ke lona le neng le etsa hore ke ikutlwe eka ke a kula.” Ha nako e ntse e ya o ile a fola. Le ha ho le jwalo, Alejandro o ile a etsa hantle ka hore a ye ngakeng. Bohloko ba ho hlokahallwa bo ka fokodisa masole a mmele, ba mpefatsa malwetse a seng a ntse a le teng kapa ba baka a mang.

Ho thatafallwa ho etsa mesebetsi ya letsatsi le letsatsi. Ivan o re: “Ka mora lefu la Eric re ile ra tlameha ho tsebisa ba leloko, metswalle, mohiri wa hae, monga moo a neng a dula teng le ba bang. Ho ne ho boetse hona le difomo tseo re lokelang ho di tlatsa. Hape re ile ra lokela ho hlophisa dintho tsa hae. Tsena tsohle di ne di hloka matla le hoja re ne re kgathetse kelellong, mmeleng le maikutlong.”

Ba bang ba kopana le mathata hamorao nakong eo ba tlamehang ho phetha boikarabelo bo neng bo etswa ke mofu. Sena ke se ileng sa etsahalla Tiina. O re: “Timo e ne e le yena ya neng a hlokomela hore na re sebedisa tjhelete jwang le dintho tse ding tsa lelapa. Jwale sena e ile ya ba boikarabelo ba ka, e leng se ileng sa etsa hore ke be le kgatello ya maikutlo le ho feta. Ke ile ka ipotsa hore na ebe ke tla kgona ho jara boikarabelo boo.”

Dintho tseo ho buuweng ka tsona ka hodimo, di bontsha ka ho hlaka bohloko boo batho ba hlokahalletsweng ba bo utlwang. Ke nnete hore ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang ho bohloko, empa ho tseba hore na seo se tla o ama jwang ho ka o thusa hore o mamelle mme o tswelepele ka bophelo. Hopola hore ha se motho e mong le e mong ya ka bang le matshwao ohle ao re buileng ka ona ha a hlokahalletswe. Ho feta moo, ho tseba hore bohloko bo otlang pelo boo o bo utlwang ha o hlokahalletswe ke ntho e tlwaelehileng, ho ka nna ha o tshedisa.

NA KE TLA BOELA KE THABE HAPE?

Seo o ka se lebellang: Bohloko boo motho a bo utlwang ha a hlokahalletswe ha se ba ka ho sa feleng, bo a kokobela ha nako e ntse e ya. Sena ha se bolele hore motho o fola ka ho “felletseng” kapa o lebala motho eo. Le ha ho le jwalo, bohloko boo bo hlabang, hanyane hanyane bo a fela. Empa bo ka kgutliswa ke dintho tse kang anniversary le diketsahalo tse o hopotsang mofu. Ho ntse ho le jwalo, batho ba bangata ba kgona ho tswelapele ka bophelo, haholoholo haeba ba fumana tshehetso ho ba lelapa le metswalle.

Ho tla nka nako e kae? Batho ba bang ba nka dikgwedi ba ntse ba utlwile bohloko. Ba bangata ba nka selemo kapa tse pedi pele ba ikutlwa ba le betere. Ha ba bang bona ba nka dilemo tse fetang moo. * Alejandro o re: “Nna ke nkile dilemo tse tharo ke ntse ke utlwile bohloko.”

Eba le mamello. Etsa ntho e le nngwe ka nako mme o hopole hore bohloko boo o bo utlwang ha se ba ka ho sa feleng. Na ho na le ntho eo o ka e etsang ho kokobetsa bohloko boo o bo utlwang hona jwale le ho thibela ho utlwa bohloko nako e telele?

Ho tlwaelehile ho utlwa bohloko bo otlang pelo ha o hlokahalletswe

^ par. 17 Ke batho ba mmalwa feela ba ileng ba utlwa bohloko hoo qetellong ba ileng ba kula. Batho ba jwalo ba ka thuswa ke ditsebi tsa mafu a kelello.