Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA THUSOA KE’NG HA U E-NA LE STRESS?

Na U na le Stress?

Na U na le Stress?

’Mè Jill * o re: “Le hoja batho kaofela ba na le stress, ’na ke utloa eka ke imetsoe ho feta. Ha kea tšoenyeha ka bothata bo le bong, ke tšoenngoa ke mathata a mangata a fapaneng a kang ho oka molekane oa ka ea qetileng lilemo tse ngata a kula maikutlong le ’meleng.”

Ntate Barry o re: “Mosali oa ka o ile a ntšiea eaba ke tlameha ho holisa bana ba rona ba babeli ke le mong, ho ne ho nyolosetsa. Mathata a ka ha aa fella moo, ke ile ka felloa ke mosebetsi, ke ne ke hloka le chelete ea ho lokisa koloi feela. Ke ne ke sa tsebe hore na ke nka’ng ke e kopanya le eng, hlooho ena e eme tsi! Ke ne ke tseba hantle hore ho ipolaea ke phoso, empa ke ne ke kopa Molimo hore a ntlohele ke shoe.”

Na le uena u ke u ikutloe u selebaletsoe joaloka ’mè Jill le ntate Barry? Haeba ho joalo, lihlooho tse latelang li tla u thusa li be li u tšelise. Lihlooho tsena li bua ka lintho tse ka etsang hore re be le stress, hore na stress se ka re ama joang le hore na re ka fokotsa stress joang.

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.