Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Na o Tshwenyehile?

Na o Tshwenyehile?

Jill * o re: “Batho ba bangata ba imetswe kelellong, empa nna ke imetswe le ho feta. Ho fapana le batho ba bang, ha ke a imelwa ke bothata bo le bong feela, empa ke na le mathata a mangata a kang ho sokola, le ho hlokomela monna wa ka ya kulang mmeleng le kelellong e leng bothata bo bonahalang eka bo tla tswela pele ka dilemo tse ngata.”

Barry o re: “Mosadi wa ka o ile a ntshiya mme ka tlameha ho hodisa bana ba babedi ke le mong. Ho ne ho le thata ho hodisa bana ke le mong. Ka hodima dintho tsohle ke ile ka lahlehelwa ke mosebetsi mme ke ne ke sena tjhelete ya ho lokisa koloi. Ke ne ke sa tsebe hore na ke etseng. Ke ne ke imetswe haholo. Ke ne ke tseba hore ho fosahetse hore ke ipolaye, ka hoo ke ile ka kopa Modimo hore a ntlohele ke shwe.”

Na le wena jwalo ka Jill le Barry, o ke o ikutlwe o imetswe kelellong? Haeba ho jwalo e se eka dihlooho tse latelang di ka o thusa le ho o tshedisa. Di bua ka maemo a tlwaelehileng a ho imelwa kelellong, ka moo ho imelwa kelellong ho ka o amang ka teng, le hore na o ka sebetsana jwang le hona.

^ par. 3 Mabitso a fetotswe.